Tshenolo e yang ho Johanne
7 Ka mora moo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong* tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e hlahang dikgutlong tseo tse nne e le hore ho se ke ha eba le moya o fokang lefatsheng, lewatleng kapa sefateng sefe kapa sefe. 2 Ka bona lengeloi le leng le hlaha ka botjhabela le ena le setempe* se tswang ho Modimo ya phelang. La hweletsa mangeloi a mane a neng a fuwe mosebetsi wa ho senya lefatshe le lewatle 3 la re: “Le se ke la senya lefatshe, lewatle kapa difate pele re tshwaya+ bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng.”+
4 Ka utlwa hore ho ne ho tshwauwe ba 144 000+ ba tswang malokong ohle a bara ba Iseraele:+
5 Lelokong la Juda ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Rubene ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Gade ho ne ho tshwauwe ba 12 000.
6 Lelokong la Ashere ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Nefthali ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Manase+ ho ne ho tshwauwe ba 12 000.
7 Lelokong la Simeone ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Levi ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Isakare ho ne ho tshwauwe ba 12 000.
8 Lelokong la Zabulone ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Josefa ho ne ho tshwauwe ba 12 000,
lelokong la Benjamine ho ne ho tshwauwe ba 12 000.
9 Ka mora moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ya ka bo balang. E ne e le batho ba ditjhaba tsohle, maloko ohle, merabe yohle le dipuo tsohle.+ Ba ne ba eme ka pela terone le Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu+ mme ba tshwere makala a palema.+ 10 Ba ne ba hweletsa ba re: “Re pholositswe ke Modimo wa rona ya dutseng teroneng,+ le Konyana.”+
11 Mangeloi ohle, dikerubime tse nne le baholo ba ne ba potapotile terone.+ Bohle ba kgumama ka pela terone mme ba rapela Modimo 12 ba re: “Amen! Modimo wa rona ya bohlale, ya nang le matla le bolaodi a ke a hlomphuwe, a roriswe le ho lebohuwa ka ho sa feleng.+ Amen.”
13 E mong wa baholo a re ho nna: “Batho baa ba apereng diaparo tse telele tse tshweu+ ke bomang hona ba tswa hokae?” 14 Ka re ho yena: “Morenaka, ke wena ya tsebang.” A re ho nna: “Bana ke ba pholohileng mahlomola a maholo,+ ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele mme ba di sweufaditse mading a Konyana.+ 15 Ke ka lebaka leo ba leng ka pela terone ya Modimo, ba mo sebeletsa bosiu le motshehare ka tempeleng ya hae. Ya dutseng teroneng+ o tla ba sireletsa.*+ 16 Ba ke ke ba hlola ba lapa, ba nyorwa kapa ba tjheswa ke letsatsi+ 17 hobane Konyana+ e pela terone e tla ba disa,+ e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo.+ Modimo o tla ba hlakola meokgo.”+