Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
26 Nkahlole hle Jehova hobane ke a tshepahala.+
Ke tshepile Jehova ke sa thekesele.+
2 Ntlhahlobe hle Jehova mme o nteke.
Hlwekisa menahano ya ka e ka harehare* le pelo ya ka.+
4 Ha ke motswalle* wa batho ba leshano.+
Ha ke tlwaelane le batho ba patang seo ba leng sona.*
6 Ke tla hlapa matsoho a ka ho bontsha hore ha ke na molato.
Ke tla potoloha aletare ya hao Jehova
10 Bao matsoho a bona a etsang dintho tse swabisang
Le bao letsoho la bona le letona le ratang ho nka tjotjo.
11 Ha e le nna, ke tla dula ke tshepahala.
Mpholose* mme o nkgauhele.
12 Leoto la ka le eme sebakeng se sireletsehileng.+
Ke tla rorisa Jehova hara phutheho e kgolo.+