Lengolo la Bobedi le Yang ho Timothea
2 Ngwanaka,+ o dule o kopa Modimo hore a o fe matla a sebedisa mosa* o moholo oo Kreste Jesu a o bontshitseng. 2 Dintho tseo ke o boleletseng tsona tse tiisitsweng ke dipaki tse ngata,+ o di fetisetse ho banna ba tshepahalang bao le bona ba tla tshwaneleha ho di ruta ba bang. 3 Ka ha o lesole la nnete+ la Kreste Jesu, ikemisetse ho mamella dintho tse bohloko tse tla o hlahela.+ 4 Lesole le ke ke la iphathahanya ka dikgwebo* e le hore le kgahlise motho ya le ngodisitseng hore e be lesole. 5 Le dipapading motho o fuwa kgau* haeba feela a bapetse ho ya ka melao ya papadi.+ 6 Sehwai se sebetsang ka thata ke sona se tla ja ditholwana pele. 7 O dule o nahana ka dintho tseo ke o bolellang tsona. Morena o tla o thusa ho utlwisisa dintho tsena tsohle.
8 O hopole hore Jesu Kreste o ile a tsoswa bafung+ le hore e ne e le setloholo* sa Davida+ ho ya ka ditaba tse monate tseo ke di bolelang.+ 9 Ke mameletse mathata ebile ke kentswe teronkong jwalo ka ha eka ke senokwane+ ka lebaka la ditaba tsena empa lentswe la Modimo lona ha le a kwallwa teronkong.+ 10 Ka lebaka leo, ke tswela pele ho mamella dintho tsohle molemong wa ba kgethilweng ke Modimo+ e le hore le bona ba ka pholoswa ka Kreste Jesu le hore ba fumane tlotla e sa feleng. 11 Mantswe ana ao ke tlo a bua ke nnete: Haeba re ile ra shwa ha mmoho, re tla boela re phele ha mmoho.+ 12 Haeba re tswela pele ho mamella, re tla boela re buse ha mmoho re le marena.+ Haeba re mo latola le yena o tla re latola.+ 13 Haeba re sa tshepahale, yena o dula a tshepahala ka ha a ke ke a itatola.
14 Dula o ba hopotsa dintho tsena, o ba laele ka pela Modimo hore ba se ke ba tseka mantswe. Ho etsa jwalo ha ho thuse ka letho empa ho lematsa* ba mametseng. 15 Etsa sohle seo o ka se kgonang hore Modimo a o amohele, o be motho ya sebetsang ka thata eo ho seng letho leo a ka le swabelang. Hape o rute le ho hlalosa lentswe la nnete hantle.+ 16 O hane ho mamela dipuo tse se nang thuso tse hanyetsang Modimo+ hobane dipuo tse jwalo di etsa hore boitshwaro bo sa kgahliseng Modimo bo eketsehe le ho feta. 17 Dipuo tsa bona di tla ata jwalo ka seso se kotsi. Himenea le Filetase ke ba bang ba batho ba buang dipuo tse jwalo.+ 18 Banna bana ba lahlile dithuto tsa nnete hobane ba re tsoho ya bafu e se e etsahetse+ mme ka ho tjho jwalo, ba etsa hore batho ba bang ba fellwe ke tumelo. 19 Le ha ho le jwalo, motheo o tiileng oo Modimo a o entseng o ntse o tsitsitse mme o ngotswe mantswe ana a reng: “Jehova* o tseba batho ba hae”+ le a reng, “E mong le e mong ya bitswang ka lebitso la Jehova*+ o lokela ho tlohela dintho tse mpe.”
20 Ka tlung e kgolo ho na le dijana tsa kgauta le tsa silevera empa hape ho na le tse entsweng ka lehong* le tsa letsopa. Tse ding di sebedisetswa mabaka a bohlokwa empa tse ding di sebedisetswa mabaka ao e seng a bohlokwa. 21 Haeba mang kapa mang a suthela hole le dijana tse sebedisetswang mabaka ao e seng a bohlokwa, e tla ba sejana se sebedisetswang mabaka a bohlokwa, se halaleditsweng, se nang le thuso ho monga sona le se lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo. 22 Ka hoo, o balehe ditakatso tsa botjha empa o lwanele ho etsa dintho tse lokileng le ho ba le tumelo, lerato le kgotso. O etse jwalo o ena le batho ba ipiletsang ho Morena ka dipelo tse hlwekileng.
23 O se ke wa kenella ditsekisanong tse se nang kelello le tse se nang thuso+ hobane o a tseba hore di baka dintwa. 24 Mohlanka wa Morena ha a lokela ho lwana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle,*+ a be le bokgoni ba ho ruta, a ithibe ha a entswe hampe,+ 25 a rute bahanyetsi ka bonolo.+ Mohlomong Modimo o tla ba fa monyetla wa hore ba bake* e le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ya nnete,+ 26 ba hlaphohelwe ebe ba baleha leraba la Diabolose hobane ba tla be ba bona hore Diabolose o ba tshwasitse ba phela e le hore ba etse thato ya hae.+