Tshenolo e yang ho Johanne
16 Ka utlwa lentswe le phahameng le hlahang sehalalelong+ le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le qhalle bohale ba Modimo bo ka dikotlolong tse supileng lefatsheng.”+
2 La pele la ya yaba le qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona lefatsheng.+ Batho ba neng ba ena le letshwao la sebata+ le ba neng ba rapela setshwantsho sa sona,+ ba tswa diso tse bohloko le tse bolayang.+
3 La bobedi la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona lewatleng.+ Lewatle la fetoha madi+ a jwalo ka a motho ya shweleng yaba dintho tsohle tse phelang ka lewatleng di a shwa.+
4 La boraro la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona dinokeng le didibeng+ yaba di fetoha madi.+ 5 Ka utlwa lengeloi le nang le matla a ho laola metsi le re: “Wena ya tshepahalang, ya teng le ya neng a le teng,+ o lokile+ hobane o fane ka dikahlolo tsena.+ 6 Ka ha ba ile ba tsholla madi a bahalaledi le a baprofeta,+ o entse hore ba nwe madi.+ Kahlolo eo e a ba tshwanela.”+ 7 Ka utlwa lentswe le hlahang aletareng le re: “Jehova* Modimo ya Matla Ohle,+ dikahlolo tsa hao ke tsa nnete mme di lokile.”+
8 Lengeloi la bone la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona letsatsing+ yaba letsatsi le dumellwa hore le tlabole batho jwalo ka mollo. 9 Batho ba tlabolwa ke motjheso empa ba rohaka lebitso la Modimo ya nang le matla a ho tlisa dikotlo tsena. Ha ba a ka ba baka le ho mo tlotlisa.
10 Lengeloi la bohlano la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona hodima terone ya sebata. Mmuso wa sona wa fifala+ yaba batho ba itoma maleme hobane ba utlwile bohloko. 11 Ba ile ba nyefola Modimo wa lehodimo ka lebaka la bohloko boo ba bo utlwang le ka lebaka la diso tsa bona mme ha ba a ka ba baka.
12 Lengeloi la botshelela la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona nokeng e kgolo ya Eufrate.+ Metsi a yona a psha+ e le hore tsela e ka lokiswa bakeng sa marena+ a tswang ka botjhabela.
13 Ka bona dipolelo tse tharo tse sa hlwekang* tse shebahalang jwalo ka dinqanqane. Polelo e nngwe e ne e tswa molomong wa drakone,+ e nngwe e tswa molomong wa sebata ha e nngwe yona e tswa molomong wa moprofeta wa bohata. 14 Dipolelo tseo di susumetswa ke bademona mme di etsa dipontsho.+ Di ya ho marena a lefatshe lohle mme di a bokella bakeng sa ntwa+ ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.+
15 “Ke tla jwalo ka leshodu.+ Ho thaba motho ya dulang a fadimehile+ mme a dula a apere diaparo tsa hae e le hore a se ke a tswela ka ntle a sa apara ebe batho ba a mo bonela.”+
16 Dipolelo tse sa hlwekang tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Armagedone.*+
17 Lengeloi la bosupa la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona moyeng. Ka utlwa lentswe le hlahang teroneng e ka sehalalelong+ le re: “Ho etsahetse!” 18 Ha eba le mahadima le diaduma hape ka utlwa mantswe. Ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Ha ho eso ka ho eba le e tshwanang le yona lefatsheng+ haesale batho ba eba teng. E ne e le kgolo haholo ebile e le matla. 19 Motse o moholo+ wa aroha dikarolo tse tharo mme metse ya dinaha ya wa. Modimo o ile a hopola Babilona e Moholo+ mme a mo fa senwelo sa veine ya bohale ba hae.+ 20 Dihlekehleke le dithaba tsa nyamela.+ 21 Sefako se setenya se ka etsang dikhilokramo tse 20* sa wela hodima batho+ se tswa lehodimong. Batho ba nyefola Modimo ka lebaka la kotlo eo ya sefako+ hobane se ne se baka tshenyo e kgolo.