Esaia
41 “Mmameleng le kgutsitse,* lona dihlekehleke.
Ditjhaba di ke di boele di fumane matla.
Di ke di atamele, di bue.+
A re tleng ha mmoho bakeng sa kahlolo.
2 Ke mang ya phahamisitseng motho ya tswang botjhabela?*+
Ke mang ya mo bitsetsang maotong a Hae* ka ho loka
Hore a mo fe ditjhaba
Le ho etsa hore a kokobetse marena?+
Ke mang ya a hasanyang jwalo ka lerole ka sabole ya hae
Le ya a hasanyang jwalo ka ditlhaka tse fefolwang ke moya ka seqha sa hae?
3 O a di lelekisa, o feta a sa thijwe
Ditseleng tseo a eso ka a di tsamaya.
4 Ke mang ya entseng hore dintho tsee di etsahale?
Ke mang ya bitsang meloko ho tloha qalong?
5 Baahi ba dihlekehleke ba bone mme ba tshohile.
Ba dulang dipheletsong tsa lefatshe ba ile ba qala ho thothomela.
Ba a ikopanya mme ba a atamela.
6 E mong le e mong o thusa motswalle wa hae
Mme o re ho ngwanabo: “Eba matla.”
7 Ka hoo, setsebi sa mosebetsi wa matsoho se matlafatsa ya sebetsang ka tshepe.+
Ya batalatsang tshepe ka hamore
O matlafatsa ya otlelang tshepe tshetlong.*
Ya batalatsang tshepe o re: “Tshepe e lokile.”
Ka mora moo, setshwantsho se kokotelwa ka dipekere hore se se ke sa ketoha.
9 Wena, eo ke mo nkileng dipheletsong tsa lefatshe+
Le wena eo ke mo bitsitseng o le dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lona.
Ke itse ho wena, ‘O mohlanka wa ka.+
Ke o kgethile, ha ke a o lahla.+
10 O se ke wa tshoha ka ha ke na le wena.+
O se ke wa tshwenyeha hobane ke nna Modimo wa hao.+
Ke tla o matlafatsa, ke tla o thusa.+
Ke tla o tshwara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’
11 Bona! Bohle ba o halefelang ba tla swaba mme ba tlotlolohe.+
Batho ba o lwantshang ba tla timela ba fetolwe lefeela.+
12 O tla batla batho ba o lwantshang empa o ke ke wa ba fumana.
Batho ba o futuhelang ba tla ba jwalo ka ntho e siyo, ba tla fetoha lefeela.+
13 Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona,
Ke nna ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’+
14 “O se ke wa tshoha, wena seboko* Jakobo,+
Lona banna ba Iseraele, ke tla le thusa,” ke Jehova, Molopolli wa lona,+ Mohalaledi wa Iseraele ya tjhong.
O tla hatakela dithaba o di silakanye
Mme o etse hore maralla a be jwalo ka mmoko.
16 O tla di olosa
Ebe di fefolwa ke moya.
Sefefo se tla di hasanya.
17 “Bafutsana le ba sotlehileng ba batla metsi empa ha a yo.
Maleme a bona a omeletse ke lenyora.+
Nna, Jehova, ke tla ba araba.+
Nna, Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba lahla.+
Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka
Le naha e se nang metsi ke e etse didiba tsa metsi.+
Ke tla lema sefate sa junipere lehwatateng
Ha mmoho le sefate sa molora* le sefate sa kiprese+
20 E le hore batho bohle ba ka bona le ho tseba,
Ba mamela ka hloko le ho utlwisisa
Hore letsoho la Jehova le entse dintho tsena
Mme Mohalaledi wa Iseraele ke yena moetsi wa tsona.”+
21 Jehova o re: “Tekang nyewe ya lona.”
Morena wa Jakobo o re: “Tekang bopaki ba lona.
22 Fanang ka bopaki mme le re bolelle dintho tse tla etsahala.
Re bolelleng dintho tsa kgale*
E le hore re ka nahanisisa ka tsona* mme ra tseba hore na di tla fella ka eng.
Kapa re bolelleng dintho tse tlang.+
Etsang ho hong ebang ho hotle kapa ho hobe
E le hore re ka hlollwa ha re ho bona.+
Mang kapa mang ya le kgethang o a nyonyeha.+
26 Ke mang ya buileng ka ntho ee ho tloha qalong e le hore re ka tseba?
Kapa ya e boletseng ho tloha kgale e le hore re ka re, ‘O nepile’?+
Ha ho na motho ya e buileng.
Ha ho na motho ya e phatlaladitseng.
Ha ho na motho ya utlwileng eng kapa eng ho lona.”+
27 Ke ne ke le wa pele wa ho re ho Sione: “Ke bana!”+
Jerusalema ke tla e romella ya tlisang ditaba tse monate.+
28 Empa ka nna ka sheba mme ho ne ho se na motho.
Ho ne ho se le ya mong hara bona ya ka fanang ka keletso.
Ka nna ka ba kopa hore ba arabe.
29 Kaofela ha bona ha ba na thuso.*
Mesebetsi ya bona ha se letho.
Ditshwantsho* tsa bona tsa tshepe ke lefeela. Di jwalo ka moya ebile ha di na thuso.+