Moeklesia
6 Ho na le tlokotsi e nngwe eo ke e boneng lefatsheng* mme e tlwaelehile hara batho: 2 Modimo wa nnete o fa motho maruo, matlotlo le tlhompho e le hore a se ke a hloka letho la dintho tseo a di batlang.* Le ha ho le jwalo, Modimo wa nnete ha a mo dumelle hore a di thabele empa o dumella motho osele feela hore a di thabele. Hona ke lefeela mme ke bomadimabe bo boholo. 3 Haeba monna a ka ba le bana ba lekgolo, a phela dilemo tse ngata ho fihlela a tsofala empa a sa thabele dintho tsa hae tse molemo pele a shwa, ngwana ya hlahileng a kgathetse* o molemo ho mo feta.+ 4 Etswe ha ho na thuso ya hore ebe ngwana eo o hlahile. O shweletse lefifing mme lebitso la hae le kwahetswe ke lefifi. 5 Le hoja ho se mohla a kileng a bona letsatsi kapa a tseba ntho le ha e le efe, o ntse a le molemo* ho feta monna eo.+ 6 Thuso ya hore motho a phele dilemo tse dikete tse pedi empa a sa thaba ke efe? Etswe bohle ba ya sebakeng se le seng.+
7 Motho o etsa mosebetsi o boima e le hore a tlatse mpa ya hae+ empa ha ho mohla a kgotsofalang. 8 Etswe ke jwang motho ya bohlale a leng molemo ho feta motho ya se nang kelello?+ Kapa ho thusang hore ebe mofutsana o tseba mokgwa wa ho phela?* 9 Ho molemo hore motho a thabele seo mahlo a hae a se bonang ho feta hore a lakatse dintho tseo a ke keng a di fumana. Hoo le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moya.
10 Eng kapa eng e teng e se e fuwe lebitso. Hape ho tsebahala hantle hore na motho keng. Motho ha a kgone ho pheha kgang le* motho ya matla ho mo feta. 11 Ha mantswe a le mangata, ha a na thuso.* A tlisetsa motho molemo ofe? 12 Ke mang ya tsebang hore na keng e molemo eo motho a ka e etsang bophelong ba hae? Bophelo ba hae bo se nang thuso bo tshwana le moriti mme bo tla fela.+ Etswe ke mang ya ka bolellang motho hore na ho tla etsahalang lefatsheng* ha a se a shwele?