Deuteronoma
31 Jwale Moshe a tswa mme a bolella Baiseraele bohle mantswe ana, 2 a re ho bona: “Kajeno ke dilemo di 120.+ Ha ke sa tla hlola ke le etella pele* hobane Jehova o itse ho nna, ‘O ke ke wa tshela Jordane ena.’+ 3 Jehova Modimo wa lona ke yena ya tshelang pele ho lona, o tla fedisa ditjhaba tsena ka pela lona mme le tla di leleka.+ Joshua ke yena ya tla le etella pele hore le tshele+ feela jwalo ka ha Jehova a buile. 4 Jehova o tla di fedisa feela jwalo ka ha a fedisitse Sihone+ le Oge+ e leng marena a Baamore le naha ya bona.+ 5 Jehova o tla etsa hore le di hlole mme le di etse ho ya ka ditaelo tsohle tseo ke le fileng tsona.+ 6 Le be sebete mme le be matla.+ Le se ke la tshoha kapa la haroha matswalo ka pela tsona+ hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela.”+
7 Jwale Moshe a bitsa Joshua mme a re ho yena ka pela Baiseraele bohle: “O be sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya setjhaba sena naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba sona hore o tla se fa yona mme wena o tla se fa yona e le lefa.+ 8 Jehova ke yena ya tsamayang ka pela lona mme o tla dula a ena le lona.+ A ke ke a le lahla kapa a le tlohela. Le se ke la tshoha kapa la thothomela.”+
9 Moshe a ngola Molao ona+ mme a o fa baprista ba Balevi ba jarang areka ya selekane sa Jehova le banna bohle ba baholo ba Iseraele. 10 Moshe a ba laela a re: “Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, ka nako e behilweng ya selemo sa tokollo,+ nakong ya Mokete wa Maphephe,*+ 11 ha Baiseraele bohle ba tla ka pela Jehova+ Modimo wa lona sebakeng seo a se kgethang, le ba balle Molao ona e le hore ba o utlwe.+ 12 Bokellang setjhaba,+ banna, basadi, bana* le baditjhaba ba dulang metseng* ya lona e le hore ba mamele mme ba ithute ka Jehova Modimo wa lona le ho mo tshaba le hore ba phethe mantswe ohle a Molao ona. 13 Jwale bara ba bona ba sa kang ba tseba Molao ona, ba tla mamela+ mme ba ithute ho tshaba Jehova Modimo wa lona ka matsatsi ohle ao ka ona le tla dula naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka.”+
14 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Nako ya hore o shwe e atametse.+ Bitsa Joshua mme le ye tenteng ya pokano e le hore ke mo kgethe hore e be moetapele.”+ Ka hoo, Moshe le Joshua ba tsamaya mme ba ya tenteng ya pokano. 15 Jehova a hlaha tenteng ka leru* mme leru la ema pela monyako wa tente.+
16 Jehova a re ho Moshe: “O haufi le ho shwa.* Setjhaba sena se ke ke sa ntshepahalla ebile se tla rapela medimo ya naha eo se yang ho yona.+ Se tla mphuralla+ mme se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+ 17 Ka nako eo, ke tla se halefela haholo+ mme ke se lahle,+ ke se patele sefahleho sa ka+ ho fihlela se fedisitswe. Ka mora hore se hlahelwe ke ditlokotsi tse ngata le mathata,+ se tla re, ‘Na ha re hlahelwe ke mathata aa hobane Modimo wa rona a se hara rona?’+ 18 Empa letsatsing leo, ke tla pata sefahleho sa ka ka lebaka la bobe bohle boo se bo entseng ka hore se rapele medimo e meng.+
19 Ingolleng pina ena+ mme le e rute Baiseraele.+ Ba ithute yona* e le hore e ka ba bopaki ba ka kgahlanong le setjhaba sa Iseraele.+ 20 Ha ke ba tlisa naheng eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba bona hore ke tla ba fa yona,+ e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ ba jele ba kgotsofetse mme ba atlehile,*+ ba tla sebeletsa medimo e meng mme ba ke ke ba ntlhompha ebile ba tla tlola selekane sa ka.+ 21 Ha ba hlahelwa ke ditlokotsi tse ngata le mathata,+ pina ena e tla ba bopaki ho bona (ka ha bana ba bona ha ba a lokela ho e lebala) hobane ke se ke ntse ke tseba hore na ba batla ho etsang+ le pele ke ba tlisa naheng eo ke hlapantseng hore ke tla ba fa yona.”
22 Jwale Moshe a ngola pina ena letsatsing leo yaba o e ruta Baiseraele.
23 Modimo a laela Joshua+ mora wa Nune a re: “O be sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya Baiseraele naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba fa yona+ mme ke tla dula ke ena le wena.”
24 Hang ha Moshe a qetile ho ngola mantswe ohle a Molao ona bukeng,+ 25 Moshe a laela Balevi ba jarang areka ya selekane ya Jehova a re: 26 “Nkang buka ena ya Molao+ le e behe lehlakoreng la areka+ ya selekane sa Jehova Modimo wa lona mme e tla ba bopaki kgahlanong le lona. 27 Ke tseba hantle borabele ba lona+ le ka moo le leng manganga* ka teng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mora lefu la ka. 28 Mpitsetseng banna bohle ba baholo ba maloko a lona le balaodi ba lona, ke bue mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa mme mahodimo le lefatshe e tla ba dipaki.+ 29 Ke tseba hantle hore ka mora lefu la ka le tla etsa bobe+ mme le ke ke la mamela ditaelo tseo ke le fileng tsona. Le tla tlelwa ke tlokotsi+ nakong e tlang hobane le tla etsa dintho tse sa thabiseng Jehova mme le tla mo sitelwa ka diketso tsa lona.”
30 Yaba Moshe o bua mantswe a pina ena ho tloha qalong ho fihlela qetellong moo Baiseraele bohle ba ntseng ba utlwa:+