LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 20
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Levitike

      • Ho rapela Moloke; badimo (1-6)

      • Le halalele mme le hlomphe batswadi ba lona (7-9)

      • Batho ba etsang thobalano e seng molaong ba lokela ho bolawa (10-21)

      • Le halalele e le hore le se ke la lelekwa naheng (22-26)

      • Batho ba buisanang le badimo ba lokela ho bolawa (27)

Levitike 20:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:21; De 18:10

Levitike 20:3

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 5:11

Levitike 20:4

Mangolo a Dithupiso

  • +De 13:6-9

Levitike 20:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:5

Levitike 20:6

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “a etsa botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.

  • *

    Kapa: “mathuela.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 19:31; De 18:10-12; Gal 5:19, 20; Tshe 21:8
  • +Le 20:27; Dik 16:16
  • +1Kr 10:13

Levitike 20:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 11:44; 1Pe 1:15, 16

Levitike 20:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:4; Moe 12:13
  • +Ex 31:13; Le 21:8; 1Th 5:23; 2Th 2:13

Levitike 20:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ya bitsetsang bomadimabe.”

  • *

    Ka Seheberu: “madi a hae a hodima hae.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 21:17; De 27:16; Pr 20:20; Mat 15:4

Levitike 20:10

Mangolo a Dithupiso

  • +De 5:18; 22:22; Bar 7:3; 1Ko 6:9, 10

Levitike 20:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”

  • *

    Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:8; De 27:20

Levitike 20:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:15, 29

Levitike 20:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 19:5; Le 18:22; Bhl 19:22; Bar 1:26, 27; 1Ko 6:9, 10; Ju 7

Levitike 20:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “e hlabisang dihlong.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:17; De 27:23
  • +Le 21:9

Levitike 20:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 22:19; De 27:21

Levitike 20:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:23

Levitike 20:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba kgaitsedi ya hae.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:9; De 27:22

Levitike 20:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:19

Levitike 20:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:12, 13

Levitike 20:20

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:14

Levitike 20:21

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “O apotse bofeela ba.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:16; De 25:5

Levitike 20:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 21:1; De 5:1
  • +Moe 12:13
  • +Le 18:26, 28

Levitike 20:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:3, 24; De 12:30
  • +Le 18:27; De 9:5

Levitike 20:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 3:17; 6:8; De 8:7-9; Eze 20:6
  • +Ex 19:5; 33:16; 1Ma 8:53; 1Pe 2:9

Levitike 20:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 11:46, 47; De 14:4-20
  • +Le 11:43

Levitike 20:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 19:2; Pes. 99:5; 1Pe 1:15, 16; Tshe 4:8
  • +De 7:6

Levitike 20:27

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Madi a hae a hodima hae.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 22:18; Le 19:31; 20:6; De 18:10-12; Tshe 21:8

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Lev. 20:2Le 18:21; De 18:10
Lev. 20:3Eze 5:11
Lev. 20:4De 13:6-9
Lev. 20:5Ex 20:5
Lev. 20:6Le 19:31; De 18:10-12; Gal 5:19, 20; Tshe 21:8
Lev. 20:6Le 20:27; Dik 16:16
Lev. 20:61Kr 10:13
Lev. 20:7Le 11:44; 1Pe 1:15, 16
Lev. 20:8Le 18:4; Moe 12:13
Lev. 20:8Ex 31:13; Le 21:8; 1Th 5:23; 2Th 2:13
Lev. 20:9Ex 21:17; De 27:16; Pr 20:20; Mat 15:4
Lev. 20:10De 5:18; 22:22; Bar 7:3; 1Ko 6:9, 10
Lev. 20:11Le 18:8; De 27:20
Lev. 20:12Le 18:15, 29
Lev. 20:13Ge 19:5; Le 18:22; Bhl 19:22; Bar 1:26, 27; 1Ko 6:9, 10; Ju 7
Lev. 20:14Le 18:17; De 27:23
Lev. 20:14Le 21:9
Lev. 20:15Ex 22:19; De 27:21
Lev. 20:16Le 18:23
Lev. 20:17Le 18:9; De 27:22
Lev. 20:18Le 18:19
Lev. 20:19Le 18:12, 13
Lev. 20:20Le 18:14
Lev. 20:21Le 18:16; De 25:5
Lev. 20:22Ex 21:1; De 5:1
Lev. 20:22Moe 12:13
Lev. 20:22Le 18:26, 28
Lev. 20:23Le 18:3, 24; De 12:30
Lev. 20:23Le 18:27; De 9:5
Lev. 20:24Ex 3:17; 6:8; De 8:7-9; Eze 20:6
Lev. 20:24Ex 19:5; 33:16; 1Ma 8:53; 1Pe 2:9
Lev. 20:25Le 11:46, 47; De 14:4-20
Lev. 20:25Le 11:43
Lev. 20:26Le 19:2; Pes. 99:5; 1Pe 1:15, 16; Tshe 4:8
Lev. 20:26De 7:6
Lev. 20:27Ex 22:18; Le 19:31; 20:6; De 18:10-12; Tshe 21:8
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Levitike 20:1-27

Levitike

20 Jehova a re ho Moshe: 2 “O re ho Baiseraele, ‘Motho le ha e le ofe wa Iseraele le moditjhaba ya dulang Iseraele ya fanang ka ngwana wa hae ho Moloke, a bolawe.+ Batho ba naha ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa. 3 Ke tla halefela motho eo, ke mo bolaye hara setjhaba sa habo hobane o fane ka bana ba bang ba hae ho Moloke mme o silafaditse sebaka sa ka se halalelang+ ebile o hlomphollotse lebitso la ka le halalelang. 4 Haeba batho ba naha ba etsa eka ha ba bone ha motho eo a etsa sehlabelo ka bana ba hae ho Moloke mme ba sa mo bolaye,+ 5 ke tla halefela motho eo le lelapa la hae.+ Ke tla mo bolaya hara batho ba habo ha mmoho le bohle ba etsang botekatse* le Moloke.

6 Haeba motho a sa ntshepahalle* ka hore a ye ho batho ba reng ba buisana le badimo+ le ho batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo mme ke mo bolaye hara batho ba habo.+

7 Le hlweke mme le halalele+ hobane ke nna Jehova Modimo wa lona. 8 Le latele ditaelo tsa ka mme le di phethe.+ Ke nna Jehova ya le halaletsang.+

9 Haeba ho ena le motho ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae, a bolawe.+ Ka ha o rohakile ntate wa hae kapa mme wa hae, o tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.*

10 Ena ke kotlo e tla fuwa monna ya febang le mosadi wa monna e mong: Monna ya febang le mosadi wa motho e mong a bolawe ha mmoho le mosadi eo ya febang le yena.+ 11 Motho ya robalang le mosadi wa ntate wa hae o tlotlolotse* ntate wa hae.+ Ka bobedi ba bolawe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.* 12 Haeba monna a robala le ngwetsi ya hae, ka bobedi ba bolawe. Ba entse ntho eo eseng ya tlhaho. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*+

13 Ha monna a robala le monna jwalo ka ha a robala le mosadi, ka bobedi ba entse ntho e nyonyehang.+ Ba bolawe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*

14 Haeba monna a nka mosadi le mme wa hae, o etsa ntho e nyonyehang.*+ O lokela ho tjheswa le bona mollong+ e le hore boitshwaro bo bobe bo se ke ba tswela pele hara lona.

15 Haeba monna a etsa thobalano le phoofolo, a bolawe ha mmoho le phoofolo eo.+ 16 Haeba mosadi a itlisa ho phoofolo e le hore a etse thobalano le yona,+ a bolawe ha mmoho le phoofolo eo. Monna eo le mosadi eo ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*

17 Haeba monna a etsa thobalano le kgaitsedi ya hae e leng moradi wa ntate wa hae kapa wa mme wa hae, o etsa ntho e hlabisang dihlong.+ Ba bolawe moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tlotlolotse kgaitsedi ya hae* mme o lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ya hae.

18 Haeba monna a etsa thobalano le mosadi ya matsatsing, ka bobedi ba bontsha hore ha ba hlomphe madi a hae.+ Ba bolawe hara setjhaba sa habo bona.

19 O se ke wa etsa thobalano le mmangwane wa hao kapa rakgadi wa hao hobane ho etsa jwalo e tla be e le ho tlotlolla e mong wa batho bao o amanang le bona ka madi.+ Ba lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ya bona. 20 Monna ya etsang thobalano le mosadi wa rangwane wa hae, o tlotlolotse* rangwane wa hae.+ Ba tla ikarabella bakeng sa sebe sa bona mme ba shwe ba se na bana. 21 Haeba monna a nyala mosadi wa ngwanabo, ke ntho e nyonyehang.+ O tlotlolotse* ngwanabo. Ha ba a lokela ho ba le bana.

22 Le latele ditaelo tsohle tsa ka le melao yohle ya ka+ mme le e phethe+ e le hore le se ke la lelekwa naheng+ eo ke le isang ho yona. 23 Le se ke la latela mekgwa ya ditjhaba tseo ke di lelekang ka pela lona+ hobane di entse dintho tsena tsohle mme ke di hloile.+ 24 Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: “Le tla nka naha ya tsona mme ke tla le fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona ya le arotseng ho ditjhaba.”+ 25 Le kgetholle pakeng tsa phoofolo e hlwekileng le e sa hlwekang le pakeng tsa nonyana e hlwekileng le e sa hlwekang.+ Le se ke la itshilafatsa ka phoofolo kapa nonyana kapa ntho le ha e le efe e hahabang eo ke itseng ha e a hlweka+ bakeng sa lona. 26 Le halalele ka pela ka hobane nna Jehova ke a halalela+ mme ke le arola ho ditjhaba hore le be batho ba ka.+

27 Monna kapa mosadi le ha e le ofe ya reng o buisana le badimo kapa ya reng o bolela diketsahalo esale pele a bolawe.+ Setjhaba se mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa. O tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.’”*

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share