Levitike
18 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Ke nna Jehova Modimo wa lona.+ 3 Le se ke la itshwara ka mokgwa oo batho ba itshwarang ka wona naheng ya Egepeta moo le neng le dula teng mme le se ke la etsa dintho tseo ba di etsang naheng ya Kanana, moo ke le isang teng.+ Le se ke la etsa dintho tseo ba di etsang. 4 Le latele melao ya ka mme le phethe ditaelo tsa ka.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona. 5 Le latele ditaelo tsa ka le melao ya ka mme motho ya di latelang o tla phela.+ Ke nna Jehova.
6 Ha ho motho le ha e le ofe hara lona ya lokelang ho etsa thobalano* le mang kapa mang wa leloko la hae.+ Ke nna Jehova. 7 O se ke wa etsa thobalano le ntate wa hao hape o se ke wa etsa thobalano le mme wa hao. Ke mme wa hao ka hoo, o se ke wa etsa thobalano le yena.
8 O se ke wa etsa thobalano le mosadi wa ntate wa hao+ hobane hoo ke ho tlotlolla ntate wa hao.*
9 O se ke wa etsa thobalano le kgaitsedi ya hao ebang ke moradi wa ntate wa hao kapa wa mme wa hao ebang o hlahetse lapeng leno kapa ka ntle ho lona.+
10 O se ke wa etsa thobalano le moradi wa mora wa hao kapa moradi wa moradi wa hao hobane ba amana le wena ka madi.
11 O se ke wa etsa thobalano le moradi wa mosadi wa ntate wa hao, ngwana wa ntate wa hao hobane ke kgaitsedi ya hao.
12 O se ke wa etsa thobalano le rakgadi wa hao. O amana le ntate wa hao ka madi.+
13 O se ke wa etsa thobalano le mmangwane wa hao kapa nkgono e leng ausi wa mme wa hao hobane o amana le mme wa hao ka madi.
14 O se ke wa tlotlolla* ngwanabo ntate wa hao ka ho etsa thobalano le mosadi wa hae. Ke mosadi wa ngwanabo ntate wa hao.+
15 O se ke wa etsa thobalano le ngwetsi ya hao.+ Ke mosadi wa mora wa hao ka hoo, o se ke wa etsa thobalano le yena.
16 O se ke wa etsa thobalano le mosadi wa ngwaneno+ hobane o tla be o tlotlolla ngwaneno.*
17 O se ke wa etsa thobalano le mosadi le moradi wa hae+ hape o se ke wa etsa thobalano le moradi wa mora wa hae kapa le moradi wa moradi wa hae. Ke boitshwaro bo bobe* ka ha ba amana le yena ka madi.
18 O se ke wa nka ngwanabo mosadi wa hao hore e be mosadi wa hao wa bobedi+ ha mosadi wa hao a ntse a phela ka ha ba tla lwantshana.
19 O se ke wa etsa thobalano le mosadi ha a le matsatsing.+
20 O se ke wa etsa thobalano le mosadi wa monna e mong* ka ha hoo ke ho itshilafatsa.+
21 O se ke wa fana* ka ngwana wa hao ho Moloke.+ O se ke wa hlompholla lebitso la Modimo wa hao ka tsela eo.+ Ke nna Jehova.
22 O se ke wa robala le monna e mong jwalo ka ha o robala le mosadi.+ Ke ketso e nyonyehang.
23 Monna a se ke a etsa thobalano le phoofolo hobane e tla mo silafatsa, le mosadi a se ke a leka ho etsa thobalano le phoofolo.+ Ha se ntho ya tlhaho.
24 Le se ke la itshilafatsa ka ntho le ha e le efe ya tsena hobane ditjhaba tseo ke di lelekang ka pela lona di itshilafaditse ka tsona.+ 25 Ka hoo, naha ha e a hlweka mme ke tla tlisetsa baahi ba naha kotlo ka lebaka la phoso ya bona mme ba tla lelekwa naheng ya bona.+ 26 Empa lona le latele ditaelo tsa ka le melao ya ka+ mme le se ke la etsa le ha e le efe ya dintho tsena tse nyonyehang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa moditjhaba ya dulang le lona.+ 27 Ka ha dintho tsena tsohle tse nyonyehang di ile tsa etswa ke batho ba neng ba dula naheng eo pele ho lona,+ naha eo ha e a hlweka. 28 Jwale le ke ke la tlameha ho lelekwa naheng ka lebaka la ho e silafatsa, ka mokgwa o tshwanang le oo ditjhaba tse bileng teng pele ho lona di tla lelekwa ka wona. 29 Haeba mang kapa mang a etsa le ha e le efe ya dintho tsena tse nyonyehang, a bolawe hara setjhaba sa habo. 30 Le mamele ditaelo tsena ka hore le se ke la etsa le ha e le efe ya ditlwaelo tse nyonyehang tse neng di etswa pele ho lona+ e le hore le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Jehova Modimo wa lona.’”