Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Diproverbia 8
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya Diproverbia

      • Bohlale bo a bua (1-36)

        • ‘Jehova o ile a mpopa ke le wa pele’ (22)

        • ‘Ke ne ke ena le Modimo ke le mosebetsi ya hlwahlwa’ (30)

        • “Ke ne ke rata batho” (31)

Diproverbia 8:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 1:20, 21

Diproverbia 8:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Mat 10:27

Diproverbia 8:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Dik 20:20

Diproverbia 8:4

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “bara ba batho.”

Diproverbia 8:5

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “pelo e utlwisisang.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 19:7

Diproverbia 8:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 19:9, 10; 119:72, 127; Diprov. 3:13-15

Diproverbia 8:11

Dinaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Phetolelo ya Lefatshe le Letjha, leq. 1945

Diproverbia 8:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 2:11; 5:1, 2

Diproverbia 8:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 97:10; 101:3; Diprov. 16:6; Bar 12:9
  • +Pes. 101:5; 1Pe 5:5
  • +Diprov. 4:24

Diproverbia 8:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 2:7
  • +Diprov. 4:7
  • +Diprov. 24:5

Diproverbia 8:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 72:1

Diproverbia 8:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 2:4, 5

Diproverbia 8:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 3:13, 14

Diproverbia 8:21

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “matlo a bona a polokelo.”

Diproverbia 8:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Joh 1:1-3, 14
  • +Bakol. 1:15-17

Diproverbia 8:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Mik 5:2
  • +Joh 8:58; 17:5

Diproverbia 8:24

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “hlaha jwalo ka ha eka ke ka bohloko ba pelehi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 1:2

Diproverbia 8:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 33:6; Jer 10:12
  • +Ge 1:6, 7; Job 26:10

Diproverbia 8:29

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “taelo ya hae.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Job 38:8-11; Pes. 33:7; 104:6-9; Jer 5:22

Diproverbia 8:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 1:26; Joh 1:1, 3; 17:5; Bakol. 1:15, 16
  • +Esa 42:1; Mat 3:17
  • +Job 38:7

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 15

Diproverbia 8:31

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 17

Diproverbia 8:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 3:11; 4:13; Heb 12:7, 9

Diproverbia 8:34

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “Ka ho dula a fadimehile.”

Diproverbia 8:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 13:14

Diproverbia 8:36

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 5:23

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

Diprov. 8:1Diprov. 1:20, 21
Diprov. 8:2Mat 10:27
Diprov. 8:3Dik 20:20
Diprov. 8:5Pes. 19:7
Diprov. 8:10Pes. 19:9, 10; 119:72, 127; Diprov. 3:13-15
Diprov. 8:12Diprov. 2:11; 5:1, 2
Diprov. 8:13Pes. 97:10; 101:3; Diprov. 16:6; Bar 12:9
Diprov. 8:13Pes. 101:5; 1Pe 5:5
Diprov. 8:13Diprov. 4:24
Diprov. 8:14Diprov. 2:7
Diprov. 8:14Diprov. 4:7
Diprov. 8:14Diprov. 24:5
Diprov. 8:15Pes. 72:1
Diprov. 8:17Diprov. 2:4, 5
Diprov. 8:19Diprov. 3:13, 14
Diprov. 8:22Joh 1:1-3, 14
Diprov. 8:22Bakol. 1:15-17
Diprov. 8:23Mik 5:2
Diprov. 8:23Joh 8:58; 17:5
Diprov. 8:24Ge 1:2
Diprov. 8:27Pes. 33:6; Jer 10:12
Diprov. 8:27Ge 1:6, 7; Job 26:10
Diprov. 8:29Job 38:8-11; Pes. 33:7; 104:6-9; Jer 5:22
Diprov. 8:30Ge 1:26; Joh 1:1, 3; 17:5; Bakol. 1:15, 16
Diprov. 8:30Esa 42:1; Mat 3:17
Diprov. 8:30Job 38:7
Diprov. 8:33Diprov. 3:11; 4:13; Heb 12:7, 9
Diprov. 8:35Diprov. 13:14
Diprov. 8:36Diprov. 5:23
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Diproverbia 8:1-36

Diproverbia

8 Bohlale bo ntse bo hweletsa.

Temoho e ntse e phahamisa lentswe.+

 2 Bo eme dibakeng tse phahameng+ haufi le tsela,

Bo eme mateanong a ditsela.

 3 Pela dikeiti tsa motse,

Menyakong eo ho kenwang ka yona,

Bo ntse bo hweletsa bo re:+

 4 “Ke a le bitsa, lona batho,

Ke hweletsa batho bohle.*

 5 Lona ba se nang tsebo, ithuteng bohlale,+

Lona ba se nang kelello, ebang le kutlwisiso.*

 6 Mamelang hobane ke bua ditaba tsa bohlokwa,

Ke bua dintho tse lokileng,

 7 Molomo wa ka o bua nnete,

Molomo wa ka o nyonya bokgopo.

 8 Dipolelo tsohle tsa molomo wa ka di lokile.

Ha ho le e nngwe ya tsona e sothehileng kapa eo e leng leshano.

 9 Kaofela ha tsona di hlakile ho ya nang le kelello

Hape di lokile ho ba fumaneng tsebo.

10 Kgethang thuto ya ka ho ena le silevera

Le tsebo ho ena le kgauta e ntle.+

11 Etswe bohlale bo molemo ho feta dikorale,*

Dintho tse ding tsohle tseo motho a ka di lakatsang ha se letho ha di bapiswa le bohlale.

12 Nna bohlale, ke dula le temoho,

Ke fumane tsebo le bokgoni ba ho nahana.+

13 Ho tshaba Jehova ho bolela ho hloya bobe.+

Ke hloile boikgohomoso, boikakaso,+ bokgopo le leshano.+

14 Ke na le keletso ya bohlokwa le bohlale.+

Ke na le kutlwisiso+ le matla.+

15 Marena a ntse a busa ka lebaka la ka

Le diofisiri tse kgolo di etsa melao e lokileng ka lebaka la ka.+

16 Ke ka nna dikgosana di ntseng di busa

Le bahlomphehi ba ahlolang ka toka.

17 Ke rata ba nthatang,

Ba mpatlang ba tla mphumana.+

18 Ke na le maruo le tlhompho,

Matlotlo a sa senyeheng le ho loka.

19 Ditholwana tsa ka di molemo ho feta kgauta, di molemo ho feta kgauta e hlwekisitsweng.

Dihlahiswa tsa ka di molemo ho feta silevera e ntle.+

20 Ke tsamaya tseleng ya ho loka,

Bohareng ba ditsela tsa toka.

21 Ke fana ka lefa le nonneng ho ba nthatang,

Ke tlatsa ditoro tsa bona.*

22 Jehova o ile a mpopa ke le qalo ya mosebetsi wa hae,+

Ke le wa pele dinthong tsa kgale tseo a di fihletseng.+

23 O ile a mpeha boemong bo phahameng ho tloha kgale,+

Ho tloha qalong, dinakong tsa pele lefatshe le eba teng.+

24 Ke ile ka hlaha* pele ho eba le mawatle,+

Pele ho eba le didiba tse tletseng metsi.

25 Pele dithaba di thehwa,

Pele ho eba le maralla, ke ile ka hlaha,

26 Pele a etsa lefatshe le naha

Le lekote la pele la mobu wa lefatshe.

27 Ke ne ke le teng ha a etsa mahodimo;+

Ha a beha moedi pakeng tsa lehodimo le lewatle,+

28 Ha a tsitsisa maru sepakapakeng,

Ha a etsa mehlodi ya lewatle,

29 Ha a sehela lewatle meedi

E le hore metsi a lona a se ke a tlola meedi+ eo a e behileng,*

Ha a rala metheo ya lefatshe,

30 Ke ne ke ena le yena ke le mosebetsi ya hlwahlwa.+

Letsatsi le letsatsi ke ne ke le eo a mo ratang haholo,+

Ka nako yohle ke ne ke thabile ka pela hae.+

31 Ke ne ke thabetse lefatshe la hae,

Ka ho kgetheha ke ne ke rata batho.

32 Jwale bara ba ka, mmameleng.

Ho thaba ba tsamayang ditseleng tsa ka.

33 Mamelang tayo+ mme le hlalefe,

Le se ke la e lahla.

34 Ho thaba motho ya mmamelang

Ka ho tla esale hoseng* menyako ya ntlo ya ka letsatsi le letsatsi,

Ka ho ema pela menyako ya ka.

35 Ya mphumanang o tla fumana bophelo+

Mme Jehova o tla mo amohela.

36 Empa ya iphapanyetsang nna o intsha kotsi,

Ba ntlhoileng ba rata lefu.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela