Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 8
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya Deuteronoma

      • Ditlhohonolofatso tse tswang ho Jehova di a phetwa (1-9)

        • “Motho ha a phele ka bohobe feela” (3)

      • Le se ke la lebala Jehova (10-20)

Deuteronoma 8:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 3:1, 2
  • +Ge 15:18

Deuteronoma 8:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 2:7
  • +Ex 16:4; 20:20
  • +De 13:3; Diprov. 17:3

Deuteronoma 8:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 16:3
  • +Ex 16:31; Pes. 78:24
  • +Mat 4:4

Deuteronoma 8:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 29:5; Ne 9:21

Deuteronoma 8:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 3:12; 1Ko 11:32; Heb 12:5-7; Tshe 3:19

Deuteronoma 8:7

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “diphula tsa metsi.”

  • *

    Kapa: “mehlodi e tebileng ya metsi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 3:8; Le 26:4; De 11:11, 12

Deuteronoma 8:8

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “feiga.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 13:23
  • +Eze 20:6

Deuteronoma 8:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 6:10-12

Deuteronoma 8:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hos 13:6

Deuteronoma 8:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 9:4; 32:15
  • +Pes. 106:21

Deuteronoma 8:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 1:19; Jer 2:6
  • +Nu 20:11

Deuteronoma 8:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 16:35
  • +De 8:2
  • +Heb 12:11

Deuteronoma 8:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hos 12:8

Deuteronoma 8:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 127:1; Hos 2:8
  • +De 7:12

Deuteronoma 8:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 4:25, 26; 30:17, 18; Jos 23:12, 13

Deuteronoma 8:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Dan 9:11, 12

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

Deut. 8:1Diprov. 3:1, 2
Deut. 8:1Ge 15:18
Deut. 8:2De 2:7
Deut. 8:2Ex 16:4; 20:20
Deut. 8:2De 13:3; Diprov. 17:3
Deut. 8:3Ex 16:3
Deut. 8:3Ex 16:31; Pes. 78:24
Deut. 8:3Mat 4:4
Deut. 8:4De 29:5; Ne 9:21
Deut. 8:5Diprov. 3:12; 1Ko 11:32; Heb 12:5-7; Tshe 3:19
Deut. 8:7Ex 3:8; Le 26:4; De 11:11, 12
Deut. 8:8Nu 13:23
Deut. 8:8Eze 20:6
Deut. 8:10De 6:10-12
Deut. 8:12Hos 13:6
Deut. 8:14De 9:4; 32:15
Deut. 8:14Pes. 106:21
Deut. 8:15De 1:19; Jer 2:6
Deut. 8:15Nu 20:11
Deut. 8:16Ex 16:35
Deut. 8:16De 8:2
Deut. 8:16Heb 12:11
Deut. 8:17Hos 12:8
Deut. 8:18Pes. 127:1; Hos 2:8
Deut. 8:18De 7:12
Deut. 8:19De 4:25, 26; 30:17, 18; Jos 23:12, 13
Deut. 8:20Dan 9:11, 12
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Deuteronoma 8:1-20

Deuteronoma

8 Le etse bonnete ba hore le latela taelo e nngwe le e nngwe eo ke le fang yona kajeno e le hore le ka tswela pele le phela+ mme la ata la nka naha eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla ba fa yona.+ 2 Le hopole tsela e telele eo Jehova Modimo wa lona a le tsamaisitseng ka yona ka dilemo tsena tse 40 lefeelleng+ hore a le kokobetse le hore a le leke+ e le hore a ka tseba se ka dipelong tsa lona+ hore na le tla mamela ditaelo tsa hae kapa tjhe. 3 Ka hoo, o entse hore le be le boikokobetso mme a le tlohela hore le lape+ yaba o le fepa manna,+ ao lona le bontate ba lona le neng le sa a tsebe e le hore le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Jehova.+ 4 Diaparo tseo le neng le di apere ha di a ka tsa taboha le ha e le hore maoto a lona a ile a ruruha ka dilemo tsena tse 40.+ 5 Le tseba hantle ka dipelong tsa lona hore Jehova Modimo wa lona o ne a le kgalemela feela jwalo ka ha ntate a kgalemela mora wa hae.+

6 Jwale le mamele ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona ka ho tsamaya ditseleng tsa hae le ka ho mo tshaba. 7 Jehova Modimo wa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ya melapo ya metsi* le didiba* tse phallang thoteng le dithabeng, 8 naha ya koro le harese, ya dirapa tsa morara, difate tsa feie* le dikgarenate,+ naha ya oli ya mohlwaare le mahe a dinotshi,+ 9 naha eo dijo di ke keng tsa haella le moo le ke keng la haellwa ke letho, naha eo majwe a yona e leng a tshepe le eo dithabeng tsa yona le tla rafa koporo.

10 Ha le se le jele mme le kgotsofetse, le rorise Jehova Modimo wa lona ka ho le fa naha e ntle.+ 11 Le hlokomele hore le se ke la lebala Jehova Modimo wa lona ka ho hloleha ho mamela melao le ditaelo tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 12 Ha le ja, le kgotsofala mme le haha matlo a matle ebile le dula ho ona,+ 13 mohlape wa lona wa dikgomo le wa dinku le dipodi o eketseha, le silevera le kgauta tsa lona di eketseha mme dintho tsohle tseo le nang le tsona di eba ngata, 14 le se ke la dumella dipelo tsa lona ho ikgohomosa+ yaba le lebala Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ka tlung ya bokgoba,+ 15 ya le tsamaisitseng lefeelleng+ le leholo le le tshabehang le nang le dinoha tse tjhefo, diphepheng le mobu o omelletseng o se nang metsi. O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng le thata.+ 16 A le fepa manna+ lefeelleng, ao bontate ba lona ba neng ba sa a tsebe, a etsa hore le be le boikokobetso+ mme a le leka e le hore a le etsetse se molemo nakong e tlang.+ 17 Haeba le ka re ka dipelong tsa lona, ‘Re fumane maruo ana ka matla a rona le ka bokgoni ba rona,’+ 18 le hopole hore ke Jehova Modimo wa lona ya le fang matla a hore le rue+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a se hlapanyeditseng baholoholo ba lona jwalo ka ha a etsa kajeno.+

19 Haeba le ka mohla le ka lebala Jehova Modimo wa lona mme la latela medimo e meng, la e sebeletsa la ba la e inamela, ke a le lemosa kajeno hore le tla fediswa.+ 20 Le tla fediswa jwalo ka ditjhaba tseo Jehova a di fedisang ka pela lona hobane le tla be le sa mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela