15 Karabo e bonolo e leleka kgalefo+
Empa lentswe le hlabang le fehla bohale.+
2 Maleme a ba bohlale a sebedisa tsebo hantle+
Empa melomo ya dithoto e phasoloha dintho tse se nang kelello.
3 Mahlo a Jehova a bona hohle,
A shebile ba kgopo le ba lokileng.+
4 Mantswe a bonolo ke sefate sa bophelo+
Empa dipuo tse bolotsana di a sithabetsa.
5 Ya se nang kelello ha a mamele kgalemelo ya ntate wa hae+
Empa motho ya mamelang kgalemelo o bohlale.+
6 Ho na le maruo a mangata ka tlung ya motho ya lokileng
Empa moputso wa ya kgopo o mo bakela mathata.+
7 Melomo ya ba bohlale e ntse e jala tsebo+
Empa dipelo tsa ba hlokang kelello ha di etse jwalo.+
8 Sehlabelo sa ba kgopo se a nyonyeha ho Jehova+
Empa thapelo ya ba lokileng e a mo kgahlisa.+
9 Jehova o nyonya tsela ya motho ya kgopo+
Empa o rata ya phehellang ho etsa se nepahetseng.+
10 Tayo e mpe ho ya kgelohang tsela+
Empa mang kapa mang ya hloileng kgalemelo o tla shwa.+
11 Jehova o bona ba ka Lebitleng le sekoting sa timetso,+
Jwale a ka sitwa keng ho bona se ka dipelong tsa batho?+
12 Moikgohomosi ha a rate motho ya mo kgalemelang.+
A ke ke a kopa keletso ho ba bohlale.+
13 Pelo e thabileng e etsa hore sefahleho se kganye kgotso
Empa pelo e utlwileng bohloko e diha moya.+
14 Motho ya bohlale o batla tsebo+
Empa melomo ya batho ba se nang kelello e ja bowatla.+
15 Bophelo ba motho ya hlorileng bo bosula+
Empa motho ya pelo e thabileng o dula a ena le kgotso.+
16 Ho molemo ho ba le ho honyenyane empa o tshaba Jehova+
Ho feta ho ba le maruo a mangata a tsamayang le matshwenyeho.+
17 Ho molemo ho ja meroho moo ho nang le lerato+
Ho feta ho ja poho e nonneng moo ho nang le lehloyo.+
18 Motho ya bohale o baka diqabang+
Empa ya diehang ho halefa o fedisa kgang.+
19 Tsela ya motho ya botswa e tletse meutlwa+
Empa tsela ya ba lokileng e bataletse.+
20 Mora ya bohlale o thabisa ntate wa hae+
Empa motho ya hlokang kelello o tella mme wa hae.+
21 Ya se nang kelello o thabela bowatla+
Empa motho ya nang le temoho o tsamaya tseleng e nepahetseng.+
22 Merero e a senyeha moo ho sa buisanweng
Empa ha baeletsi ba le bangata ho ba le katleho.+
23 Motho o a thaba ha a fana ka karabo e ntle+
Mme lentswe le buuwang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.+
24 Ya nang le temoho o tsamaya tseleng e lebisang bophelong+
E le hore e mo qobise tsela e theohelang Lebitleng.+
25 Jehova o tla diha ntlo ya ba ikgohomosang+
Empa o tla sireletsa moedi wa masimo a mohlolohadi.+
26 Jehova o nyonya merero ya motho ya kgopo+
Empa o rata dipolelo tse thabisang.+
27 Ya etsang phaello ka bolotsana o tlisetsa ba ntlo ya hae mathata+
Empa ya hloileng tjotjo o tla nne a phele.+
28 Motho ya lokileng o a nahana pele a bua+
Empa melomo ya ba kgopo e phasoloha dintho tse fosahetseng.
29 Jehova o hole haholo le ba kgopo
Empa o utlwa thapelo ya ba lokileng.+
30 Sefahleho se edileng se thabisa pelo,
Tlaleho e monate e a matlafatsa.+
31 Motho ya mamelang kgalemelo e fanang ka bophelo
O dula hara batho ba bohlale.+
32 Mang kapa mang ya hanang kgalemelo o hloile bophelo ba hae+
Empa mang kapa mang ya mamelang kgalemelo o fumana kutlwisiso.+
33 Ho tshaba Jehova ho ruta motho ho ba bohlale+
Mme boikokobetso bo etsa hore motho a hlomphuwe.+