Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Dikronike 13
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya 2 Dikronike

      • Abija, morena wa Juda (1-22)

        • Abija o hlola Jeroboame (3-20)

2 Dikronike 13:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:1, 2

2 Dikronike 13:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 11:20, 21
  • +Jos 18:28; 1 Sam. 10:26
  • +1Ma 15:6

2 Dikronike 13:3

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “kgethilweng.”

  • *

    Ka Seheberu: “kgethilweng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 11:1

2 Dikronike 13:5

Dinaletsana

  • *

    E leng selekane se sa feleng le se sa fetoheng.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 7:12, 13; 1Kr 17:11, 14; LUKA 1:32
  • +Ge 49:10; 2Sa 7:8; Pes. 78:70, 71
  • +Pes. 89:28, 29

2 Dikronike 13:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 10:2
  • +1Ma 11:26, 27; 12:20

2 Dikronike 13:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:26, 28; 2Kr 11:15

2 Dikronike 13:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 11:14
  • +1Ma 12:31, 33; 13:33

2 Dikronike 13:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 11:16

2 Dikronike 13:11

Dinaletsana

  • *

    E leng bohobe ba pontsho.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 29:39
  • +Ex 30:1
  • +Ex 25:30
  • +Ex 25:31
  • +Ex 27:20

2 Dikronike 13:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 10:9

2 Dikronike 13:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 14:11; 18:31

2 Dikronike 13:17

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “kgethilweng.”

2 Dikronike 13:18

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “itshetlehile ka.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 18:1, 5; 1Kr 5:20; 2Kr 16:8; Pes. 22:5; 37:5; Nah 1:7

2 Dikronike 13:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:28, 29
  • +Joh 11:54

2 Dikronike 13:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 25:38; 1Ma 14:20; Dik 12:21-23

2 Dikronike 13:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 17:17

2 Dikronike 13:22

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “tlhalosong.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 9:29; 12:15

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

2 Dikron. 13:11Ma 15:1, 2
2 Dikron. 13:22Kr 11:20, 21
2 Dikron. 13:2Jos 18:28; 1 Sam. 10:26
2 Dikron. 13:21Ma 15:6
2 Dikron. 13:32Kr 11:1
2 Dikron. 13:52Sa 7:12, 13; 1Kr 17:11, 14; LUKA 1:32
2 Dikron. 13:5Ge 49:10; 2Sa 7:8; Pes. 78:70, 71
2 Dikron. 13:5Pes. 89:28, 29
2 Dikron. 13:62Kr 10:2
2 Dikron. 13:61Ma 11:26, 27; 12:20
2 Dikron. 13:81Ma 12:26, 28; 2Kr 11:15
2 Dikron. 13:92Kr 11:14
2 Dikron. 13:91Ma 12:31, 33; 13:33
2 Dikron. 13:102Kr 11:16
2 Dikron. 13:11Ex 29:39
2 Dikron. 13:11Ex 30:1
2 Dikron. 13:11Ex 25:30
2 Dikron. 13:11Ex 25:31
2 Dikron. 13:11Ex 27:20
2 Dikron. 13:12Nu 10:9
2 Dikron. 13:142Kr 14:11; 18:31
2 Dikron. 13:182Ma 18:1, 5; 1Kr 5:20; 2Kr 16:8; Pes. 22:5; 37:5; Nah 1:7
2 Dikron. 13:191Ma 12:28, 29
2 Dikron. 13:19Joh 11:54
2 Dikron. 13:201 Sam. 25:38; 1Ma 14:20; Dik 12:21-23
2 Dikron. 13:21De 17:17
2 Dikron. 13:222Kr 9:29; 12:15
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
2 Dikronike 13:1-22

Buka ya Bobedi ya Dikronike

13 Ha Morena Jeroboame a ena le dilemo tse 18 a busa, Abija ya eba morena wa Juda.+ 2 A busa Jerusalema ka dilemo tse tharo. Mme wa hae e ne e le Mikea+ moradi wa Uriele wa Gibea.+ Abija le Jeroboame ba ne ba lwantshana.+

3 Abija a ya ntweng le masole a matla a kwetlisitsweng*+ a 400 000. Jeroboame a itokisetsa ho ya mo lwantsha ka banna ba matla ba kwetlisitsweng* ba 800 000. 4 Abija a ema hodima Thaba ya Zemaraime e dithabeng tsa Efraime mme a re: “Mmamele Jeroboame, wena le Baiseraele bohle. 5 Na ha le tsebe hore Jehova Modimo wa Iseraele o file Davida le bara ba hae+ mmuso wa Iseraele ka ho sa feleng+ ka selekane sa letswai?*+ 6 Empa Jeroboame+ mora wa Nebate, mohlanka wa Solomone mora wa Davida, a fetohela morena wa hae.+ 7 Banna ba sa sebetseng, ba se nang thuso ba tla ho yena. Ba ile ba kgona ho fetohela Roboame mora wa Solomone ha a sa le motjha ebile a le boi mme a sa kgone ho lwana le bona.

8 Jwale lona le nahana hore le ka lwantsha mmuso wa Jehova o matsohong a bara ba Davida hobane feela le le bangata le bile le ena le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng ona hore e be medimo ya lona?+ 9 Le lelekile baprista ba Jehova,+ ditloholo tsa Arone le Balevi, la ba la ikgethela baprista jwalo ka ditjhaba tsa dinaha tse ding.+ Ha motho a tla ka pohwana le diramo tse supileng, le ne le mo etsa moprista wa ditshwantsho tseo e seng medimo. 10 Ha e le rona, Jehova ke Modimo wa rona+ mme ha re a mo lahla. Baprista ba rona e leng ditloholo tsa Arone, ba sebeletsa Jehova mme Balevi ba a ba thusa. 11 Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboya a mang le a mang ba etsetsa Jehova mosi wa dinyehelo tsa setjheso+ le dibano tse nkgang ha monate+ mme ba lokisa bohobe*+ bo hodima tafole ya kgauta e hlwekileng. Mantsiboya a mang le a mang ba kgantsha mabone+ a sedulwana sa kgauta+ hobane re phetha boikarabelo boo Jehova Modimo wa rona a re fileng bona empa lona le mo lahlile. 12 Modimo wa nnete o na le rona mme o re etella pele ka baprista ba hae le ka diterompeta tse letsang modumo wa ntwa hore re le lwantshe. Banna ba Iseraele, le se ke la lwantsha Jehova Modimo wa baholoholo ba lona hobane le ke ke la hlola.”+

13 Jeroboame a beha masole a tla ipata ka mora bona hore a ba hlasele. Ka hoo, masole a mang a hae, a ne a le ka pela Bajuda mme a mang a ipatile ka mora bona. 14 Ha banna ba Juda ba hetla, ba hlokomela hore ba hlaselwa ka pele le ka morao. Ba llela ho Jehova+ ha baprista ba ntse ba letsetsa diterompeta hodimo. 15 Banna ba Juda ba hweletsa mme ha ba hweletsa jwalo, Modimo wa nnete a hlola Jeroboame le Baiseraele bohle ka pela Abija le Juda. 16 Baiseraele ba baleha Juda mme Modimo a etsa hore ba ba hlole. 17 Abija le batho ba hae ba ba bolaya ka bongata, ba bolaya banna ba kwetlisitsweng* ba Iseraele ba 500 000. 18 Letsatsing leo banna ba Iseraele ba tlotlolleha. Banna ba Juda ba ba hlola hobane ba ne ba tshepile* Jehova Modimo wa baholoholo ba bona.+ 19 Abija a lelekisa Jeroboame mme a hapa metse ho yena e leng Bethele+ le metse e haufi le yona, Jeshana le metse e haufi le yona le Efraine+ le metse e haufi le yona. 20 Jeroboame ha a ka a hlola a eba le matla mehleng ya Abija. Jehova o ile a mo otla mme a shwa.+

21 Abija a nna a ba matla. Ha nako e ntse e ya, a nyala basadi ba 14,+ a ba le bara ba 22 le baradi ba 16. 22 Histori yohle ya Abija, dintho tseo a di entseng le mantswe a hae, di tlalehilwe mangolong* a moprofeta Ido.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela