Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe
11 Le nketsise feela jwalo ka ha le nna ke etsisa Kreste.+
2 Ke a le babatsa hobane dinthong tsohle le a nkgopola mme le etsa dintho tsohle ka moo ke le laetseng ka teng. 3 Empa ke batla hore le tsebe hore hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste,+ hlooho ya mosadi ke monna+ hape hlooho ya Kreste ke Modimo.+ 4 Monna e mong le e mong ya rapelang kapa ya profetang a rwetse o tlotlolla hlooho ya hae. 5 Mosadi e mong le e mong ya rapelang kapa ya profetang+ a sa rwala, o tlotlolla hlooho ya hae ka ha ho tshwana le ha eka o kutile moriri wa hae kaofela. 6 Haeba mosadi a sa rwale, ke hore a kute empa haeba ke ntho e swabisang hore mosadi a kute, o lokela ho rwala.
7 Monna ha a tshwanela ho rwala ka ha ke setshwantsho le kganya ya Modimo+ empa mosadi ke kganya ya monna. 8 Monna ha a tswe ho mosadi empa mosadi o tswa ho monna.+ 9 Ho feta moo, monna ha a ka a boptjwa ka lebaka la mosadi empa mosadi o ile a boptjwa ka lebaka la monna.+ 10 Ka lebaka leo le ka lebaka la mangeloi,+ mosadi o lokela ho rwala ho bontsha hore o tlasa taolo ya monna wa hae.
11 Ka phuthehong ya Morena, monna o hloka mosadi le mosadi o hloka monna. 12 Etswe feela jwalo ka ha mosadi a tswa ho monna+ le monna o tswetswe ke mosadi empa dintho tsohle di tswa ho Modimo.+ 13 Ikahloleleng: Na ho loketse hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala? 14 Na tsela eo batho ba bopilweng ka yona ha e le rute hore ke ntho e swabisang ha monna a ena le moriri o molelele 15 empa ke ntho e ntle ha mosadi a ena le moriri o molelele? O filwe moriri oo e le hore o kwahele hlooho ya hae. 16 Le ha ho le jwalo, haeba ho na le motho ya batlang ho etsa kgang ka taba ena, re tla araba ka ho re ha re na tlwaelo e nngwe le diphutheho tsa Modimo ha di na yona.
17 Ha ke ntse ke fana ka ditaelo tsena, ha ke le babatse hobane ha le bokane mmoho ha le thusane empa le utlwisana bohloko. 18 Taba ya pele, ke utlwile hore ho na le dikarohano ha le le phuthehong mme ke kgolwa taba eo. 19 Dikarohano tsona di tla ba teng hara lona+ empa ho tla hlaka hore na ke bomang bao Modimo a ba amohelang.
20 Ha le bokane ha mmoho, ha se ka morero wa ho ja Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena.+ 21 Ha nako ya ho ja e fihla, e mong le e mong o itlela le dijo tsa hae ebe ho qetella ho ena le ba lapileng le ba tahilweng. 22 Na ha le na mahae moo le ka jellang le ho nwella teng? Na le kgella phutheho ya Modimo fatshe le ho hlabisa ba futsanehileng dihlong? Ke reng ho lona? Ke le babatse? Lekgetlong lena teng lekgale!
23 Dintho tseo ke le rutileng tsona ke tseo ke ithutileng tsona ho Morena. Bosiung+ boo a neng a tlo tshwarwa ka bona, o ile a nka bohobe, 24 ka mora ho leboha Modimo, a bo qhetsola yaba o re: “Bohobe bona bo emela mmele wa ka+ o tla fanwa molemong wa lona. Le nne le etse tjena ho nkgopola.”+ 25 O ile a etsa se tshwanang ka senwelo+ sa veine ka mora hore ba je dijo tsa shwalane yaba o re: “Veine ena e emela selekane se setjha+ se tla tiiswa ka madi+ a ka a tla tshollwa molemong wa lona. Nako le nako ha le e nwa, le nne le etse tjena ho nkgopola.”+ 26 Nako yohle ha le ja bohobe bona le ho nwa veine ena, le tswela pele ho bolella ba bang ka lefu la Morena ho fihlela a tla.
27 Ka hoo, mang kapa mang ya jang bohobe le ho nwa veine ya Morena a sa tshwanelehe, o tla fumanwa a le molato wa ho hlompholla mmele le madi a Morena. 28 Motho e mong le e mong a ke a itlhahlobe ka hloko e le ho netefatsa hore ntho eo a e etsang e nepahetse.+ Ka mora moo, a ka ja bohobe le ho nwa veine. 29 Haeba motho ya jang le ho nwa a sa utlwisise hore ntho eo a e jang le ho e nwa e emela mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo. 30 Ke ka lebaka leo boholo ba lona le fokolang, le kulang ebile ba bang ba shwele.*+ 31 Empa haeba re ka itlhahloba ka hloko, re ke ke ra ahlolwa. 32 Le ha ho le jwalo, ha re ahlolwa seo se bolela hore Jehova*+ o a re kgalemela e le hore re se ke ra ahlolwa ke lefatshe.+ 33 Ka lebaka leo bana beso, ha le bokane ha mmoho bakeng sa ho ja Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, le emele hore bohle ba be teng. 34 Haeba ho na le ya lapileng, a jelle hae e le hore ha le bokane ha mmoho le se ke la ahlolwa ke Modimo.+ Ditaba tse ding tse setseng ke tla di lokisa ha ke fihla.