Ho Baroma
6 Na jwale taba ee e bolela hore re tlameha ho tswela pele re etsa sebe e le hore Modimo a nne a be mosa* haholo ho rona? 2 Ho hang! Ka ha ha re sa laolwa ke sebe,*+ ke hobaneng ha re ka tswela pele ho se etsa?+ 3 Kapa na ha le tsebe hore kaofela ha rona ba ileng ba kolobeletswa ho Kreste Jesu,+ re ile ra kolobeletswa lefung la hae?+ 4 Ha re ne re kolobeletswa lefung la hae, re ile ra patwa le yena.+ Feela jwalo ka ha Kreste a ile a tsoswa bafung ka matla* a Ntate le rona re se re phela bophelo bo botjha.+ 5 Etswe haeba re kopantswe le yena ka hore re shwe jwalo ka yena,+ re tla boela re kopanngwe le yena ka hore re tsoswe jwalo ka yena.+ 6 Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo ile ba kgokgothellwa palong le yena+ e le hore mmele ya rona e se ke ya hlola e laolwa ke ditakatso tse fosahetseng+ le hore re se ke ra hlola re eba makgoba a sebe.+ 7 Etswe motho ya shweleng o tshwaretswe sebe* sa hae.
8 Ho feta moo, haeba re shwele le Kreste, re dumela hore re tla boela re phele le yena. 9 Re a tseba hore Kreste ha a sa tla hlola a shwa+ ka ha o tsositswe bafung,+ lefu ha le sa na matla ho yena. 10 O ile a shwa hanngwe ebile e le la ho qetela e le hore a fedise sebe.+ Hona jwale o phelela ho etsa thato ya Modimo. 11 Ka tsela e tshwanang, le lona le inke le shwele ha ho tluwa tabeng ya ho etsa sebe empa le inke le phelela ho etsa thato ya Modimo le le balatedi ba Kreste Jesu.+
12 Le se ke la dumella sebe hore se le buse. Le se ke la inehella ditakatso tsa mmele ya lona e shwang.+ 13 Le se ke la fana ka mmele ya lona sebeng e le hore le etse dintho tse mpe* ka yona empa le inehele ho Modimo le le batho ba tsohileng bafung. Hape le fe Modimo mmele ya lona e le hore le etse dintho tse lokileng* ka yona.+ 14 Le se ke la dumella sebe hore se le laole ka ha ha le tlasa molao+ empa Modimo o bile mosa haholo ho lona.+
15 Na taba ee e bolela hore re lokela ho etsa sebe hobane Modimo a bile mosa ho rona ebile re se re se tlasa molao?+ Ha ho jwalo. 16 Na ha le tsebe hore ha le mamela motho le iketsa makgoba a hae? Ka hoo, haeba le le makgoba a sebe+ le tla shwa.+ Empa haeba le le makgoba a Modimo mme le mo mamela,+ le tla ba batho ba lokileng. 17 Le hoja pele le ne le le makgoba a sebe, re leboha Modimo hore ebe hona jwale le mamela thuto eo le e fumaneng ka dipelo tsohle. 18 Ka ha le ile la lokollwa sebeng,+ le ile la ba makgoba a ho loka.+ 19 Ke bua mantswe ao batho ba ka a utlwisisang hobane ha le a phethahala. Le ne le tlwaetse ho dumella ditakatso tsa lona hore di le etse makgoba a dintho tse sa hlwekang le tse mpe. Hona jwale le faneng ka mmele ya lona hore e be makgoba a dintho tse lokileng le tse halalelang.+ 20 Etswe ha le ne le le makgoba a sebe, le ne le sa hloke ho etsa dintho tse nepahetseng.
21 Ka nako eo, ditholwana tsa mesebetsi ya lona e ne e le dife? E ne e le dintho tseo hona jwale le seng le di swabela. Qetello ya dintho tseo ke lefu.+ 22 Empa ka ha le ile la lokollwa sebeng mme la fetoha makgoba a Modimo, le etse dintho tse halalelang+ mme le tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 23 Etswe moputso oo sebe se o lefang ke lefu+ empa mpho eo Modimo a fanang ka yona ke bophelo bo sa feleng+ ka Kreste Jesu Morena wa rona.+