10 Maele a Solomone.+
Mora ya bohlale o thabisa ntate wa hae+
Empa mora ya se nang kelello ke mesarelo ya mme wa hae.
2 Matlotlo a fumanweng ka bokgopo e tla ba a se nang thuso
Empa ho loka ke hona ho lopollang motho lefung.+
3 Jehova a ke ke a bolaisa ya lokileng tlala+
Empa o tla hanela ba kgopo ka ntho eo ba e batlang.
4 Ya botswa o tla futsaneha+
Empa ya kgothetseng o tla rua.+
5 Mora ya bohlale o bokella dijo nakong ya lehlabula
Empa mora ya robalang ha ho kotulwa o a itlotlolla.+
6 Motho ya lokileng o tla hlohonolofatswa+
Empa mantswe a ba kgopo a pata ntwa eo ba e kwetlileng.
7 Ya lokileng o tla hopolwa le ho hlohonolofatswa+
Empa lebitso la ba kgopo le tla bola.+
8 Ya bohlale o tla mamela keletso+
Empa ya buang ka ho hloka kelello o tla timela.+
9 Ya tshepahalang o tla tsamaya a sireletsehile+
Empa ya sa tshepahaleng o tla senoleha.+
10 Motho ya kobang leihlo ka bolotsana o baka masisapelo+
Mme ya buang ka ho hloka kelello o tla timela.+
11 Molomo wa ya lokileng ke mohlodi wa bophelo+
Empa mantswe a ba kgopo a pata ntwa eo ba e kwetlileng.+
12 Lehloyo ke lona le tsosang diqabang
Empa lerato le kwahela diphoso tsohle.+
13 Bohlale bo fumanwa mantsweng a motho ya nang le kutlwisiso+
Empa thupa e shapa ya se nang kelello.+
14 Ba bohlale ba baballa tsebo+
Empa dipuo tsa lewatla di baka dikgathatso.+
15 Maruo a morui a a mo sireletsa.
Empa bafutsana ba bolawa ke bofutsana ba bona.+
16 Mesebetsi ya motho ya lokileng e lebisa bophelong
Empa mesebetsi ya motho ya kgopo e lebisa sebeng.+
17 Ya mamelang ha a kgalemelwa ke tsela e lebisang bophelong
Empa ya sa mameleng ha a kgalemelwa o kgelosa ba bang.
18 Ya patang lehloyo la hae o bua leshano+
Mme ya senyang ba bang lebitso ha a na kelello.
19 Ha motho a bua haholo a ke ke a qoba ho etsa phoso+
Empa ya laolang dipuo tsa hae o etsa dintho ka bohlale.+
20 Leleme la ya lokileng le tshwana le silevera e ntle+
Empa pelo ya ya kgopo ha e na thuso.
21 Mantswe a ya lokileng a tataisa ba bangata+
Empa mawatla a shwa ka lebaka la ho hloka kelello.+
22 Tlhohonolofatso e tswang ho Jehova e ruisa motho+
Ebile ha e tlise bohloko.
23 Ho ya se nang kelello, ho etsa boitshwaro bo hlabisang dihlong ho jwalo ka papadi
Empa bohlale ke ba motho ya nang le kutlwisiso.+
24 Ntho eo ya kgopo a e tshohileng ke yona e tla mo hlahela
Empa dintho tseo ba lokileng ba di labalabelang di tla phethahatswa.+
25 Ha setsokotsane se feta, ya kgopo o tla ba siyo+
Empa ya lokileng ke motheo ka ho sa feleng.+
26 Jwalo ka vinika menong le jwalo ka mosi mahlong,
Motho ya botswa o jwalo ho ya mo hirileng.
27 Ho hlompha Jehova ho lelefatsa dilemo tsa bophelo+
Empa ba kgopo ba tla di fokoletswa.+
28 Tshepo ya ba lokileng e tlisa thabo+
Empa tshepo ya ya kgopo e tla fela.+
29 Tsela ya Jehova ke tshireletso bakeng sa ya lokileng+
Empa ke tlokotsi ho ba kgopo.+
30 Ha ho mohla motho ya lokileng a tla wa+
Empa ba kgopo ba ke ke ba hlola ba dula lefatsheng.+
31 Molomo wa ya lokileng o hlahisa bohlale
Empa leleme la ya leshano le tla kgaolwa.
32 Molomo wa ya lokileng o bua dintho tse thabisang
Empa molomo wa ya kgopo o bua leshano.