Diketso Tsa Baapostola
8 Saule o ne a dumellana le hore Setefane a bolawe.+
Ho tloha mohlang oo, phutheho e Jerusalema ya hloriswa haholo. Barutuwa bohle ba hasana Judea le Samaria, ha sala baapostola feela.+ 2 Empa banna ba bang ba hlomphang Modimo ba nka setopo sa Setefane, ba se pata mme ba mo llela haholo. 3 Saule yena a hlasela phutheho. O ne a kena ka ntlo le ntlo, a nka banna le basadi ka dikgoka ebe o ba isa teronkong.+
4 Barutuwa ba neng ba hasane ba tsamaya le metse ba ntse ba bolela ditaba tse monate tsa lentswe la Modimo.+ 5 Filipi a ya motseng wa Samaria+ yaba o bolella batho ka Kreste. 6 Batho bohle ba ne ba mo mamela ha a ruta ba bile ba bona ha a etsa mehlolo. 7 Batho ba bangata ba ne ba ena le bademona. Bademona bao ba ne ba hweletsa ebe ba a tswa.+ Le batho ba bang ba bangata ba shweleng ditho le ba holofetseng ba ne ba phekolwa. 8 Batho ba motse oo ba thaba haholo.
9 Ho ne ho ena le monna ya bitswang Simone motseng oo ya neng a re yena ke motho wa bohlokwa. O ne a makatsa batho ba Samaria ka boselamose. 10 Batho bohle ho tloha ho e monyenyane ho ya ho e moholo, ba ne ba mo nkela hloohong mme ba re: “Monna enwa o na le matla a maholo a Modimo.” 11 Ba ne ba mo nkela hodimo hobane o ne a ba makaditse ka nako e telele ka boselamose. 12 Ha Filipi a ba bolella ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo le ka Jesu Kreste,+ banna le basadi ba dumela ditaba tsa hae yaba ba a kolobetswa.+ 13 Simone le yena ya eba morutuwa. Ka mora ho kolobetswa o ne a dula a ena le Filipi.+ O ne a tsota mehlolo le mesebetsi e meholo eo a bonang Filipi a e etsa.
14 Ha baapostola ba Jerusalema ba utlwa hore Basamaria ba amohetse lentswe la Modimo,+ ba romela Petrose le Johanne ho bona. 15 Petrose le Johanne ba ya yaba ba a ba rapella hore ba fumane moya o halalelang.+ 16 Hara bona, ho ne ho se na motho ya kileng a fuwa moya o halalelang. Ba ne ba kolobeditswe ka lebitso la Morena Jesu feela.+ 17 Petrose le Johanne ba ba beha matsoho+ yaba ke hona ba fumanang moya o halalelang.
18 Simone a bona hore ha baapostola ba beha batho matsoho ba fumana moya o halalelang. Jwale a ba tshepisa tjhelete 19 a re: “Le nna mpheng matla ana e le hore motho e mong le e mong eo ke mo behang matsoho a ka fumana moya o halalelang.” 20 Petrose a re: “E se eka o ka timetswa mmoho le silevera ya hao hobane o ne o nahana hore o ka reka mpho ya Modimo ya mahala.+ 21 Ha ho na moo o kenang tabeng ena hobane Modimo o a bona hore ha o tshepahale. 22 Bakela bolotsana bona ba hao, o rapele ka matla e le hore mohlomong Jehova* a ka o tshwarela. 23 Ke a bona hore o tjhefo* ebile o lekgoba la dintho tse fosahetseng.” 24 Simone a re ho Petrose le Johanne: “Ke kopa lona le nthapelle ho Jehova* e le hore dintho tseo le di buileng di se ke tsa nketsahalla.”
25 Ka mora hore ba pake le ho bolela ka lentswe la Jehova* hohle sebakeng seo, ba kgutlela Jerusalema. Ha ba le tseleng, ba phatlalatsa ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo metseng e mengata ya Basamaria.+
26 Lengeloi la Jehova*+ la re ho Filipi: “Tsamaya o ye ka borwa tseleng e tlohang Jerusalema e theohelang Gaza.” Tsela ena e lehwatateng. 27 Ka hoo a ya teng yaba o bona letona la Ethiopia. Monna eo o ne a le pusong ya mofumahadi* wa Ethiopia, a hlokomela matlotlo ohle a mofumahadi. O ne a tswa Jerusalema a tswa rapela.+ 28 O ne a se a le tseleng e kgutlang a dutse ka kariking ya hae a bala buka ya moprofeta Esaia ka lentswe le phahameng. 29 Modimo a bua le Filipi a sebedisa moya o halalelang a re: “Eya kariking eo.” 30 Filipi a mathela kariking mme a utlwa letona le ntse le bala buka ya moprofeta Esaia ka lentswe le phahameng yaba o re: “Na o utlwisisa ntho eo o e balang?” 31 A re: “Nka utlwisisa jwang ho se na motho ya ntlhalosetsang?” Yaba o kopa Filipi hore a hlwelle mme a dule fatshe le yena. 32 O ne a ntse a bala Lengolo le reng: “O ile a tliswa jwalo ka nku e yo hlajwa, jwalo ka konyana e kgutsitseng ka pela mokuti. Ha ho letho leo a le buang.+ 33 O ile a amohuwa toka ha a ntse a tlotlollwa.+ Ke mang ya tla qaqisa ditaba tsa moloko wa hae hobane bophelo ba hae bo ile ba tloswa lefatsheng?”+
34 Letona la re ho Filipi: “Ke kopa o ntjwetse, moprofeta eo o bua ka mang? Na o bua ka yena kapa ka motho e mong?” 35 Filipi a qala pele ka ho hlalosa Lengolo lena yaba o mo bolella ditaba tse monate tse buang ka Jesu. 36 Ha ba le tseleng, ba fihla moo ho nang le metsi. Letona la re: “Metsi ke ana. Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?” 37 *—— 38 Letona la laela hore kariki e eme, Filipi a theohela ka metsing le letona mme a le kolobetsa. 39 Ha ba qeta ho tswa ka metsing, moya wa Jehova* wa tlosa Filipi moo hanghang. Letona leo ha le a ka la hlola le mo bona empa la itsamaela le thabile. 40 Filipi a ya Ashdode, a tsamaya metse kaofela a ntse a bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo ho fihlela a fihla Sesarea.+