Daniele
12 Ka nako eo, Mikaele*+ o tla ema,* kgosana e kgolo+ e emelang batho ba heno.* Ho tla ba le nako ya mahlomola e eso ka e eba teng ho tloha ha ho ne ho eba le setjhaba ho fihlela ka nako eo. Ka nako eo, batho bohle ba heno ba fumanwang ba ngotswe bukeng+ ba tla phonyoha.+ 2 Bafu ba bangata* ba tla tsoha. Ba bang ba tla tsoha hore ba phele ka ho sa feleng mme ba bang ba tla tsohela hore ba hlajwe ke dihlong ka ho sa feleng.
3 Batho ba bohlale ba tla kganya jwalo ka sepakapaka mme ba thusang ba bangata hore ba etse dintho tse lokileng, ba tla kganya jwalo ka dinaledi ka ho sa feleng.
4 Daniele, o boloke mantswe ana e le sephiri mme o kwale buka ena ho fihlela nakong ya bofelo.+ Ba bangata ba tla hlahlobisisa* buka eo mme tsebo ya nnete e tla ba ngata.”+
5 Ke ile ka bona ba bang ba babedi ba eme haufi le noka, e mong a eme ka lehlakoreng lena la noka mme e mong a eme ka lehlakoreng lane.+ 6 E mong wa bona a bua le monna ya apereng diaparo tsa line+ ya neng a le hodima metsi a noka, a re: “Dintho tsee tse hlollang di tla nka nako e kae?” 7 Monna ya neng a apere diaparo tsa line a le hodima metsi a noka, o ile a phahamisetsa letsoho la hae le letona le le letshehadi lehodimong yaba ke utlwa a ikana ka Modimo ya phelang ka ho sa feleng+ a re: “Di tla nka dinako tse tharo le halofo.* Dintho tsena tsohle di tla fela hang ha a qetile ho robakanya matla a batho ba halalelang.”+
8 Ke ile ka utlwa empa ke ne ke sa utlwisise+ yaba ke re: “Morenaka, dintho tsee di tla fella jwang?”
9 A re ho nna: “Tsamaya Daniele, o kwale buka ena mme o boloke mantswe a yona e le sephiri ho fihlela nakong ya bofelo.+ 10 Batho ba bangata ba tla itlhwekisa, ba etse dintho tse lokileng mme ba phele bophelo bo hlwekileng.+ Ba kgopo ba tla etsa dintho tse kgopo ebile ha ho na le ya mong wa bona ya tla utlwisisa dintho tsena. Ba bohlale ke bona ba tla di utlwisisa.+
11 Ho tla feta matsatsi a 1 290 ho tloha ha ho kgaotswa ho etswa sehlabelo se nyehelwang ka mehla+ mme ho hlonngwa ntho e nyonyehang le e senyang.+
12 Ho thaba ya tla mamella* ho fihlela matsatsi a 1 335 a fela.
13 Daniele, o mamelle ho fihlela qetellong. O tla shwa* empa o tla tsoha qetellong ya matsatsi hore o fuwe lefa la hao.”+