Kosepele ya Mareka
4 A boela a ruta batho a le pela lewatle yaba letshwele le leholo le bokana haufi le yena. Ka hoo, a palama sekepe a dula ka hara sona a le hole le lebopo empa batho kaofela ba ne ba le pela lewatle.+ 2 A ba ruta dintho tse ngata ka ho ba etsetsa dipapiso,+ ha a ntse a ba ruta a re:+ 3 “Mamelang, mojadi o ile a tswa ho ya jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela haufi le tsela yaba dinonyana di a e ja. 5 E nngwe ya wela dipakeng tsa majwe moo ho se nang mobu o mongata. Ya mela hanghang hobane mobu o ne o sa teba.+ 6 Ha letsatsi le tjhaba ya tjha yaba e a omella hobane e ne e se na metso. 7 E nngwe ya wela hara meutlwa yaba meutlwa e a hola e a e bipetsa, ya se ke ya beha ditholwana.+ 8 E nngwe yona ya wela mobung o motle, ya hola ya eba kgolo mme ya qala ho beha ditholwana. Peo e nngwe ya beha ditholwana tse imenneng ka makgetlo a 30, e nngwe ya beha tse imenneng ka makgetlo a 60, e nngwe yona ya beha tse imenneng ka makgetlo a 100.”+ 9 A boela a re: “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+
10 Ka mora hore letshwele le tsamaye, baapostola ba 12 ha mmoho le batho ba neng ba ena le yena ba mo botsa ka dipapiso tseo.+ 11 Yaba o re ho bona: “Le dumeletswe ho utlwisisa sephiri se halalelang+ sa Mmuso wa Modimo empa ba bang bona ba bolellwa dintho tsohle ka ho etsetswa dipapiso+ 12 hobane le hoja ba shebile, ha ba bone mme le hoja ba utlwa, ha ba utlwisise ebile ha ba kgutlele ho Modimo e le hore ba tshwarelwe.”+ 13 A boela a re ho bona: “Ha le sa utlwisise papiso ee, le tla utlwisisa tse ding kaofela jwang?
14 Mojadi o jala lentswe.+ 15 Peo e jetsweng haufi le tsela ke batho ba utlwang lentswe empa hang ka mora ho le utlwa, Satane o a tla+ mme o tlosa lentswe le jetsweng dipelong tsa bona.+ 16 Peo e jetsweng dipakeng tsa majwe ke batho ba amohelang lentswe ka thabo hang ha ba le utlwa.+ 17 Empa ka ha molaetsa ha o a mela ka metso ka dipelong tsa bona, ba o dumela ka nakwana ebe hang ha ho hlaha matshwenyeho kapa mahloriso ka lebaka la molaetsa wa Mmuso, ba kgaotsa ho dumela molaetsa oo. 18 Peo e jetsweng hara meutlwa ke batho ba utlwileng lentswe+ 19 empa mathata+ a lefatshe lena,* tabatabelo ya ho rua*+ le ditakatso+ tsa dintho tse ding kaofela, di a hlasela di bipetsa lentswe ebe ha le behe ditholwana. 20 Peo e jetsweng mobung o motle ke batho ba mamelang lentswe, ba a le amohela mme ba beha ditholwana, ba bang ba beha tse imenneng ka makgetlo a 30, ba bang a 60, ba bang a 100.”+
21 A boela a re ho bona: “Lebone ha le dule tlasa baskete kapa tlasa bethe empa le dula hodima tafole.+ 22 Etswe dintho tsohle tse patilweng di tla pepeswa, le dintho tsohle tse patilweng ka thata di tla hlahella.+ 23 Mang kapa mang ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+
24 A boela a re ho bona: “Mamelang ka hloko seo le se utlwang.+ Le tla lekanyetswa ka ntho eo le lekanyetsang ba bang ka yona le be le ekeletswe. 25 Etswe ya nang le letho o tla ekeletswa+ empa ya se nang letho o tla amohuwa le hoo a nang le hona.”+
26 Yaba o re: “Mmuso wa Modimo o ka tshwantshwa le motho ya ileng a lahlela peo mobung. 27 O a robala bosiu, a tsohe hoseng ebe peo e a hlaha le dimela di a hola di ba kgolo, hore na jwang ha a tsebe. 28 Ditholwana di hlaha butlebutle, ho hlaha lehlaka pele, ho latele hloohwana ebe e eba dithollo tse tletseng hloohwaneng. 29 Empa hang ha dimela di butswitse, o di hela ka sekele hobane ke nako ya ho kotula.”
30 A tswela pele ho re: “Re ka tshwantsha Mmuso wa Modimo le eng kapa re ka o hlalosa ka papiso efe? 31 O tshwana le peo ya mosetareta. E jalwa e le nyenyane ho feta dipeo tsohle tse lefatsheng.+ 32 Empa ha e jetswe, e a hola e ba kgolo ho feta meroho e meng kaofela ebe e hlahisa makala a maholo, le dinonyana di kgona ho fumana bodulo tlasa moriti wa yona.”
33 Jesu o ne a ba bolella lentswe ka ho ba etsetsa dipapiso tse ngata+ tsa mofuta oo, ho ya ka hore na ba ne ba kgona ho utlwisisa eng. 34 O ne a sa bue le bona a sa etse papiso empa o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae dintho tsohle moo ba leng bang.+
35 Letsatsing leo, ha shwalane e tshwere, a re ho bona: “A re tsheleleng lebopong le leng.”+ 36 Ka hoo, ka mora hore ba bolelle letshwele hore le tsamaye, ba isa Jesu ka sekepeng.* Ho ne ho ena le dikepe tse ding pela sekepe seo.+ 37 Ho ile ha tsoha sefefo se matla mme metsi a nna a otla sekepe hampe le ho kena ka hara sona hoo se neng se le haufi le ho tlala.+ 38 Empa o ne a le karolong e ka morao ya sekepe a robetse mosamong. Ka hoo, ba mo tsosa ba re ho yena: “Mosuwe, na ha o bone hore re a shwa?” 39 Yaba o a tsoha o kgalemela sefefo ka matla mme o re ho lewatle: “Thola! Kgutsa!”+ Yaba moya o a kokobela mme ha thola tu! 40 Ka hoo, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tshohile* hakaale? Na ha le na tumelo?” 41 Empa ba ikutlwa ba tshohile ka tsela e sa tlwaelehang mme ba buisana ba re: “Hantlentle motho eo ke mang? Esita le sefefo le lewatle di a mo mamela.”+