Jeremia
9 Hoja hlooho ya ka e ne e le sediba sa metsi
Ebe mahlo a ka ke mohlodi wa meokgo,+
Ke ne ke tla lla bosiu le motshehare,
Ke llele batho ba heso ba bolailweng.
2 Hoja ke ne ke ena le sebaka sa ho phomola lefeelleng,
Ke ne ke tla siya batho ba heso mme ke tlohe ho bona.
Etswe kaofela ha bona ke bafebi,+
Ke lequlwana la balotsana.
3 Ba itokiseditse ho bua leshano jwalo ka seqha se kobehileng hore se betse tsenene.
Leshano le atile naheng ho ena le botshepehi.+
Jehova o re: “Bokgopo ba bona bo ntse bo ehlwa mekwalaba
Ebile ha ba mmamele.+
4 E mong le e mong a itebele ho moahisani wa hae.
Le se ke la tshepa esita le bana ba bo lona.
5 E mong le e mong o qhekella moahisani wa hae,
Ha ho ya buang nnete.
Ba rutile maleme a bona ho bua leshano.+
Ba ipakela mokgathala ka ho etsa dintho tse fosahetseng.
6 O phela hara batho ba leshano.
Ba bua leshano mme ha ba batle ho ntseba,” ke Jehova ya tjhong.
7 Ka hona Jehova wa mabotho o re:
8 Maleme a bona ke tsenene e bolayang, a bua leshano.
Ka molomo, motho o bua ka kgotso le moahisani wa hae
Empa ka pelong o mo tjhehela leraba.”*
9 Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee?
Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee?+
10 Ke tla lla mme ke bokollele dithaba,
Ke bine kodiyamalla* bakeng sa makgulo a naha
Ka ha a tjhesitswe e le hore ho se ke ha eba le motho ya fetang.
Batho ba ke ke ba utlwa modumo wa diphoofolo tse ruilweng.
Dinonyana tsa mahodimo le dibata di balehile, di tsamaile.+
11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be diqubu tsa majwe,+ selao sa diphokojwe,+
Ke etse hore metse ya Juda e be dithako, e hloke baahi.+
12 Ke mang ya bohlale hore a ka utlwisisa hore na ke hobaneng ha dintho tsee di etsahala?
Ke mang eo Jehova a mo boleletseng taba ee e le hore a ka e bolella batho ba bang?
Ke hobaneng ha naha e timetse?
Ke hobaneng ha e tjhesitswe jwalo ka lefeella
Hoo ho seng motho ya fetang ho yona?”
13 Jehova a re: “Ke hobane ba furaletse molao* wa ka oo ke ba behetseng wona le hore ha ba a ka ba o latela mme ha ba a ka ba mamela lentswe la ka. 14 Ka manganga ba latetse dipelo tsa bona+ mme ba latetse ditshwantsho tsa Baale jwalo ka ha bontate ba bona ba ba rutile.+ 15 Ka hoo, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke jesa batho bana lengana mme ke tla ba nwesa metsi a tjhefo.+ 16 Ke tla ba hasanya hara ditjhaba tseo bona le bontate ba bona ba sa kang ba di tseba+ mme ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba timeditse.’+
17 Jehova wa mabotho o re:
‘Nahanisisang ka dintho tse etsahalang.
Bitsang basadi ba binang kodiyamalla,+
Le bitse le basadi ba nang le tsebo
18 E le hore ba potlake mme ba re llele
E le hore mahlo a rona a ka tswa meokgo
Le dikeledi di keleketle marameng a rona.+
19 Etswe ho utlwahetse sello Sione:+
“Naha ya rona e sentswe hakaakang!
Re tlotlolohile haholo
Hobane re tlositswe naheng ya rona mme ba dihile mahae a rona.”+
20 Lona basadi, utlwang lentswe la Jehova.
E se eka ditsebe tsa lona di ka mamela lentswe la molomo wa hae.
Le rutane pina ena ya kodiyamalla+
Le be le e rute baradi ba lona
21 Etswe lefu le kene ka difensetere tsa rona.
Le kene ditoreng tsa rona tse tiisitsweng ka thata,
La lata bana diterateng
Le bahlankana dimmarakeng.’+
22 Ere: ‘Jehova o re:
“Ditopo tsa batho di tla wa jwalo ka moitedi tshimong
Jwalo ka koro* e sa tswa helwa ke mokotudi
Ho se ya e bokellang.”’”+
23 Jehova o re:
“Monna ya bohlale a se ke a ithorisa ka bohlale ba hae,+
Monna ya matla a se ke a ithorisa ka matla a hae
Le morui a se ke a ithorisa ka maruo a hae.+
A ithorise ka hore ke nna Jehova ya nang le lerato,* toka le ya lokileng lefatsheng+
Hobane ke kgahliswa ke dintho tsena,”+ ke Jehova ya tjhong.
25 Jehova o boetse o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla ahlola e mong le e mong ya bolotseng empa a sa bolla.+ 26 Ke tla ahlola Egepeta,+ Juda,+ Edomo,+ Baamone,+ Moabe+ le bohle ba dulang lefeelleng ba kutileng ditedu tse ka hodima mehlahare.*+ Etswe ditjhaba tsohle ha di a bolla mme bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a hlweka* pelong.”+