Kosepele ya Luka
7 Ha a qeta ho bolella batho dintho tsena a kena Kapernauma. 2 Lekgoba la molaodi wa sesole le ne le kula, le le makgatheng a lefu.+ Molaodi eo o ne a rata lekgoba lena haholo. 3 Ha a utlwela ka Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena ho mo kopa ho tla fodisa lekgoba la hae. 4 Ba ya ho Jesu yaba ba re: “Re kopa o mo thuse* 5 hobane o rata setjhaba sa rona ebile o re hahetse ntlo ya thapelo.”* 6 Ka hoo, Jesu a tsamaya le bona. Empa ha a le haufi le ntlo, molaodi wa sesole o ne a se a rometse metswalle ya hae hore e re ho yena: “Mohlomphehi, o se ke wa ituba ka ho tla ka ha ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka.+ 7 Ke ka lebaka leo ke sa kang ka itlisa le ho itlisa ho wena. Bua feela e le hore mohlanka wa ka a fole. 8 Etswe le nna ke a laolwa empa ke na le masole ao ke a laolang. Ha ke re ho lesole lena: ‘Tsamaya,’ le a tsamaya. Ha ke re ho le leng: ‘Tloo,’ le a tla. Le ha ke re ho lekgoba la ka: ‘Etsa tjena,’ le etsa jwalo.” 9 Ha Jesu a utlwa dintho tsena a makala yaba o sheba batho ba bangata ba mo setseng morao o re: “Ke a le bolella, esita le Iseraele ha ho na motho eo ke fumaneng a ena le tumelo e matla hakana.”+ 10 Ha ba ronngweng ba kgutlela ka tlung, ba fumana lekgoba leo le fodile.+
11 Hanghang ka mora moo, a ya motseng o bitswang Naine a tsamaya le barutuwa ba hae le batho ba bang ba bangata. 12 Ha a atamela keiti ya motse, a bona motho ya shweleng a jerwe a ntshetswa ka ntle. E ne e le mora ya mong feela+ wa mme e mong wa mohlolohadi. Mohlolohadi eo o ne a tsamaya le batho ba bangata ba tswang motseng. 13 Ha Morena a mo bona a mo hauhela+ yaba o re ho yena: “O se ke wa lla.”+ 14 A atamela a tshwara lempara leo ba neng ba jere mofu ka lona mme batho ba le nkileng ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke o laela hore o tsohe.”+ 15 Mohlankana eo a tsoha, a dula mme a qala ho bua yaba Jesu o mo isa ho mme wa hae.+ 16 Kaofela ba tshoha mme ba qala ho rorisa Modimo ba re: “Modimo o re hlahiseditse moprofeta e moholo,”+ hape ba re: “Modimo o hopotse batho ba hae.”+ 17 Ditaba tsena tsa hae tsa fihla hohle Judea le dibakeng tsohle tse haufi le yona.
18 Barutuwa ba Johanne ba mo tlalehela dintho tsena kaofela.+ 19 Ka hoo, Johanne a bitsa barutuwa ba hae ba babedi mme a ba roma ho Morena hore ba re: “Na ke wena ya tlang+ kapa re lebelle e mong?” 20 Ha banna bao ba fihla ho yena ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romme ho wena hore re o botse hore na ke wena ya tlang kapa re lebelle e mong.” 21 Ka yona nako eo, a phekola ba bangata ba neng ba ena le malwetse,+ mafu a bohloko le ba kenweng ke bademona. A ba a etsa hore ba sa boneng ba boele ba bone. 22 Jesu a re ho barutuwa ba Johanne: “Tsamayang le bolelle Johanne hore na le utlwileng le hore na le boneng: Hona jwale ba foufetseng ba a bona,+ ba holofetseng ba a tsamaya, balepera ba ntse ba fodiswa, ba sa utlweng ditsebeng ba a utlwa+ le bafu ba ntse ba tsoswa, bafutsana bona ba bolellwa ditaba tse monate.+ 23 Ho thaba motho ya ntshepang a sa belaele.”*+
24 Ha barutuwa ba Johanne ba se ba ile, Jesu a re ho matshwele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang? Na ke motho ya kang lehlaka le ntseng le tsukutlwa ke moya?+ 25 Le bone mang? Na le bone monna ya apereng diaparo tse turu?+ Batho ba apereng diaparo tse turu le ba ruileng ba matlong a marena. 26 Jwale, ha e le hantle e ne e le mang? Na e ne e le moprofeta? E, e ne e le moprofeta a bile a le bohlokwa haholo ho feta baprofeta.+ 27 Enwa ke eo ho ngotsweng tjena ka yena: ‘Ke romela moromuwa wa ka pele ho wena* ya tla lokisa tsela ya hao ka pela hao.’+ 28 Ke a le bolella, hara bohle ba kileng ba phela, ha ho e moholo ho Johanne empa motho e monyenyane Mmusong wa Modimo o moholo ho yena.”+ 29 (Ha babokelli ba lekgetho le batho ba bang ba neng ba kolobeditswe ka kolobetso ya Johanne+ ba utlwa taba ena, ba phatlalatsa hore Modimo o lokile. 30 Empa ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ile ba iphapanyetsa keletso* eo Modimo a ba fang yona+ ka ha ba ne ba sa kolobetswa ke Johanne.)
31 Jesu a boela a re: “Ebe batho ba moloko oo nka ba bapisa le mang? Ba tshwana le mang?+ 32 Ba tshwana le bana ba banyenyane ba dutseng mmarakeng ba ntseng ba hweletsana ba re: ‘Re ile ra le letsetsa lekodilo yaba ha le tantshe, ra lla yaba ha le utlwe bohloko.’ 33 Ka tsela e tshwanang, Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je, a sa nwe+ empa la re: ‘O na le modemona.’ 34 Mora motho yena o tlile a ja, a nwa empa le re: ‘Bonang motho enwa ya jang ho feta tekano le ya ipolaisang veine. Ke motswalle wa babokelli ba lekgetho le baetsadibe.’+ 35 Le ha ho le jwalo, dintho tse lokileng tseo motho a di etsang di bontsha hore o bohlale.”+
36 Mofarisi e mong a phehella Jesu hore a tle dijong ha hae. Yaba Jesu o ya ha Mofarisi eo mme o dula tafoleng le yena. 37 Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a utlwa hore Jesu o dijong ha Mofarisi eo, a ya a nkile botlolo ya alabastera e tshetseng oli e nkgang ha monate.+ 38 A kgumama maotong a Jesu, a lla, a mo kolobisa maoto ka meokgo yaba o a hlakola ka moriri wa hae. A suna maoto a hae yaba o a tlotsa ka oli e nkgang ha monate. 39 Ha Mofarisi eo a bona tsena tsohle a re ka pelong: “Hoja monna enwa e ne e hlile e le moprofeta, o ne a ka tseba hore na mosadi enwa ke mang le hore na ke motho wa mofuta ofe. O ne a ka tseba hore ke moetsadibe.”+ 40 Empa ka ha Jesu o ne a tseba hore na o ntse a nahanang a re ho yena: “Simone,* ho na le ntho eo ke batlang ho o bolella yona.” A re: “Mosuwe, ke mametse.”
41 Jesu a re ho yena: “Banna ba babedi ba ne ba kolota motho e mong. Wa pele o ne a mo kolota didenari* tse 500, wa bobedi a mo kolota tse 50. 42 Banna bao ka bobedi ba ne ba se na mokgwa wa ho mo patala yaba o a ba tshwarela. Ha ba le babedi jwalo ke mang ya tla rata monna eo haholo?” 43 Simone a re: “Ke nahana hore ke ya neng a mo kolota tjhelete e ngata haholo.” A re: “O arabile hantle.” 44 A sheba ka ho mosadi eo yaba o re ho Simone: “O a mo bona mosadi enwa? O tshetse maoto a ka ka meokgo ya hae, a a hlakola ka moriri wa hae. Empa wena ke kene ka tlung ya hao yaba ha o mphe metsi bakeng sa maoto a ka. 45 Ha o a ntshuna empa mosadi enwa yena esale a suna maoto a ka ho tloha ke kene mona. 46 Ha o a tlotsa hlooho ya ka ka oli empa mosadi enwa o tlotsitse maoto a ka ka oli e nkgang ha monate. 47 Ka hoo ke a o jwetsa, le hoja mosadi enwa a entse dibe tse ngata,* dibe tseo di tshwaretswe+ hobane o nthatile haholo. Empa ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.” 48 Jwale a re ho mosadi eo: “O tshwaretswe dibe.”+ 49 Ba neng ba dutse le yena tafoleng ba buisana ba re: “Monna enwa ya bileng a tshwarelang dibe ke mang?”+ 50 Yaba o re ho mosadi eo: “Tumelo ya hao e o pholositse,+ itsamaele ka kgotso.”