Dipesaleme
Pesaleme ya Davida, ha a ne a ikentse eka o a hlanya+ ka pela Abimeleke, ya ileng a mo leleka yaba o a tsamaya.
א [Aleph]
34 Ke tla rorisa Jehova ka dinako tsohle.
Nke ke ka kgaotsa ho mo rorisa.
ב [Beth]
Ba bonolo ba tla utlwa mme ba thabe.
ג [Gimel]
3 Tlotlisang Jehova mmoho le nna.+
A re phahamiseng lebitso la hae ha mmoho.
ד [Daleth]
4 Ke ile ka botsa Jehova yaba o a nkaraba.+
O ile a mpholosa dinthong tsohle tseo ke di tshabang.+
ה [He]
5 Ba mo tshepileng ba a thaba.
Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.
ז [Zayin]
6 Motho enwa ya maemong a tlase a bitsa Jehova mme a mo utlwa.
A mo pholosa mahlomoleng ohle a hae.+
ח [Heth]
ט [Teth]
8 Latswang mme le bone hore Jehova o molemo.+
Ho thaba motho ya balehelang ho yena.
י [Yod]
כ [Kaph]
10 Esita le ditawana tse matla di bolawa ke tlala
Empa ba batlang Jehova ba ke ke ba hloka letho le molemo.+
ל [Lamed]
11 Tloong bara ba ka, le mmamele.
Ke tla le ruta ho tshaba Jehova.+
מ [Mem]
נ [Nun]
13 O thibe leleme la hao hore le se ke la bua se sebe+
Le molomo wa hao hore o se ke wa bua leshano.+
ס [Samekh]
14 Tlohela dintho tse mpe, o etse tse ntle.+
Batla kgotso mme o lwanele hore e dule e le teng.+
ע [Ayin]
15 Mahlo a Jehova a shebile batho ba lokileng,+
Ditsebe tsa hae di mamela sello sa bona ha ba kopa thuso.+
פ [Pe]
16 Jehova o hloile ba etsang dintho tse mpe,
O tla ba fedisa mme ha ho na motho ya tla ba hopola lefatsheng.+
צ [Tsade]
17 Ba ile ba lla mme Jehova a ba utlwa.+
A ba pholosa matshwenyehong ohle a bona.+
ק [Qoph]
18 Jehova o haufi le bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko.+
O pholosa ba kgathetseng matla.*+
ר [Resh]
ש [Shin]
20 O lebela masapo ohle a hae.
Ha ho na le le leng la ona le robehileng.+
ת [Taw]
21 Tlokotsi e tla bolaya ya kgopo.
Ba hloileng ya lokileng ba tla fumanwa ba le molato.
22 Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae.
Ha ho na motho ya balehelang ho yena ya tla fumanwa a le molato.+