Jobo
14 Motho ya tswetsweng ke mosadi
O phela nako e kgutshwanyane+ mme bophelo ba hae bo tletse mathata.*+
3 O dula o mo shebile
5 Haeba matsatsi a hae a etseditswe qeto,
Palo ya dikgwedi tsa hae e ho wena,
O mo lekanyeditse nako mme a ke ke a e feta.+
6 Kgaotsa ho mo sheba e le hore a ka phomola,
Ho fihlela a qeta mosebetsi wa hae jwalo ka motho ya hirilweng.+
8 Haeba methapo ya sona e tsofalla ka tlasa mobu
Le kutu ya sona e shwella mobung,
9 Ha se utlwa monko wa metsi se tla hlomela,
Se hlahise makala jwalo ka semela se setjha.
11 Metsi a nyamela lewatleng
Mme noka e a psha e be e omelle.
12 Hape motho o a robala ebe ha a tsohe.+
A ke ke a tsoha ho fihlela mahodimo a le siyo
Ebile a ke ke a tsoswa borokong.+
13 Ekare o ka mpata Lebitleng,*+
Wa mpata ho fihlela bohale ba hao bo feta,
Wa mpehela nako ebe o a nkgopola.+
14 Ha motho a shwa, na a ka phela hape?+
Ke tla leta ho fihlela matsatsi a bokgoba ba ka a fela,
Ho fihlela ke lokoloha.+
15 O tla mpitsa mme ke tla o araba.+
O tla hopola* mosebetsi wa matsoho a hao.
16 Empa hona jwale o ntse o bala mehato ya ka,
O shebile dibe tsa ka feela.
17 Phoso ya ka e kwalletswe ka mokotleng,
O kwetse sebe sa ka ka sekgomaretsi.
18 Feela jwalo ka ha thaba e wa mme e nyamela
Le lefika le tloswa sebakeng sa lona.
19 Feela jwalo ka ha metsi a fata majwe
Le dinokana tsa ona di hohola mobu,
O fedisitse tshepo ya motho ka tsela e tshwanang.
20 O mo hlola ka matla ho fihlela a shwa,+
O fetola tsela eo a shebahalang ka yona ebe o mo isa lebitleng.
22 O utlwa bohloko ha feela a ntse a phela
Ebile o lla ha feela a ntse a phela.”