Habakuke
1 Nna moprofeta Habakuke* ke ile ka utlwa molaetsa ponong yaba ke re:
2 “Ao hle Jehova! Ke tla kopa thuso ho fihlela neng empa o sa nkutlwe?+
Ke o kope thuso ho fihlela neng hore o mpholose ho batho ba dikgoka?+
3 Ke hobaneng ha o etsa hore ke bone dintho tse fosahetseng?
Ke hobaneng ha o dumella batho ho hatella ba bang?
Ke hobaneng ha ke dula ke bona dintwa le batho ba tlatlapuwang?
Hape ke hobaneng ha ho ena le diqabang le dikgohlano?
4 Molao o feletswe ke matla,
Ha ho mohla toka e phethwang.
Ka ha batho ba kgopo ba hatella ba lokileng,
Toka ha e sa le yo.”+
5 “Shebang ditjhaba le bone hore na ho etsahalang,
Le di shebe mme le tla makala.
Mehleng ya lona ho tla etsahala ntho
Eo le ke keng la e kgolwa le ha le ka e bolellwa.+
Setjhaba sa batho ba sehloho le ba bohale.
Ba tsamaya hohle lefatsheng
E le hore ba hape dinaha tsa batho ba bang.+
8 Dipere tsa bona di lebelo ho feta mangau,
Di bohale ho feta diphiri bosiu.+
Dipere tsa bona tsa ntwa di a matha,
Dipere tsa bona di tswa hole haholo.
Ba fofa sa ntsu e potlaketseng ho ja.+
9 Kaofela ba tletse moya wa ntwa.+
Mabotho a bona a futuha jwalo ka moya wa botjhabela+
Le batshwaruwa ba bona ba bongata ba lehlabathe.
Ba halala metse e sireleditsweng ka thata,+
Ba etsa diqubu e le hore ba kene ebe ba hapa metse eo.
11 Ba futuha jwalo ka moya ebe ba a feta
Empa ba tla nkwa ba le molato+
Hobane ba nka hore matla a bona a tswa ho modimo wa bona.”*+
Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka, ha o shwe.*+
Jehova, o ba kgethile hore ba phethe dikahlolo tsa hao.
Wena Lefika la ka,+ o ba kgethile hore ba re kgalemele.+
Jwale ke hobaneng ha o mameletse balotsana?+
Ke hobaneng ha o sa re letho ha ya kgopo a hatella motho ya lokileng?+
14 Ke hobaneng ha o tlohela batho hore ba tshwarwe jwalo ka ditlhapi,
Jwalo ka dihahabi tse se nang morena?
15 Kaofela ha tsona ba di tshwasitse ka huku e tshwasang ditlhapi.*
Ba di tshwasa ka letlowa la bona
Ebe ba di bokella ka hara lona.
16 Jwale ba etsetsa letlowa la bona mahlabelo
Ba bile ba le etsetsa dinyehelo.
Dijo tsa bona di mafura ka lebaka la lona
Ebile di na le phepo.
17 Ke hobaneng ha o ba dumella hore ba dule ba ahlamisitse letlowa* la bona?*
Ke hobaneng ha o ba dumella hore ba nne ba fedise ditjhaba ba se na mohau?+