Genese
28 Isaka a bitsa Jakobo mme a mo hlohonolofatsa yaba o mo fa taelo ena: “O se ke wa nyala mosadi ya tswang hara baradi ba Bakanana.+ 2 Eya Padane-arame lelapeng la Bethuele ntatemoholo wa hao mme o nyale e mong wa baradi ba Labane+ malome wa hao. 3 Modimo ya Matla Ohle o tla o hlohonolofatsa a etse hore o be le bana ba bangata mme o tla ba setjhaba se seholo.+ 4 O tla o fa tlhohonolofatso ya Abrahama,+ wena ha mmoho le bana* ba hao e le hore naha eo Modimo a e fileng Abrahama,+ eo o dutseng ho yona o le moditjhaba e be ya hao.”
5 Isaka a romela Jakobo Padane-arame ho Labane mora wa Bethuele wa Moarame,+ e leng abuti wa Rebeka+ mme wa Jakobo le Esau.
6 Esau a bona hore Isaka o hlohonolofaditse Jakobo mme o mo rometse Padane-arame ho ya batla mosadi teng le hore ha a ne a mo hlohonolofatsa o mo file taelo e reng: “O se ke wa nyala baradi ba Bakanana”+ 7 le hore Jakobo o mametse batswadi ba hae mme a ya Padane-arame.+ 8 Esau a hlokomela hore ntate wa hae Isaka ha a kgahlwe ke baradi ba Bakanana+ 9 yaba Esau o ya ho Ishmaele mme o nyala Mahalathe moradi wa Ishmaele mora wa Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, ho ekelletsa ho basadi ba bang bao a neng a ena le bona.+
10 Jakobo a tloha Beersheba a ya Harane.+ 11 A fihla sebakeng se seng mme a itokisetsa ho robala moo hobane letsatsi le ne le diketse. A nka le leng la majwe a sebaka seo mme a le sama yaba o a robala.+ 12 A lora mme a bona ho ena le ditepisi* tse tlohang lefatsheng tse fihlang mahodimong mme ho ne ho ena le mangeloi a Modimo a ntseng a nyoloha a bile a theoha ka tsona.+ 13 Jehova o ne a le hodima tsona yaba o re:
“Ke nna Jehova Modimo wa ntate wa hao Abrahama le Modimo wa Isaka.+ Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e fa wena le bana* ba hao.+ 14 Bana* ba hao ba tla ba jwalo ka lerole la lefatshe,+ ba be bangata ho ya fihla ka bophirimela, ka botjhabela, ka leboya le ka borwa mme malapa ohle a lefatshe a tla hlohonolofatswa* ka lebaka la hao le bana* ba hao.+ 15 Ke na le wena mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena.+ Nke ke ka o tlohela ho fihlela ke phethile seo ke o tshepisitseng sona.”+
16 Jakobo a tsoha borokong mme a re: “Jehova o sebakeng sena empa ke ne ke sa tsebe.” 17 O ile a makala yaba o re: “Sebaka sena ha se sebaka feela tjee, se a halalela! Ena ke ntlo ya Modimo+ mme ena ke keiti ya mahodimo.”+ 18 Jakobo a tsoha hoseng a nka lejwe leo a neng a le samme yaba o le hloma e le lejwe la sehopotso mme o tshela oli hodima lona.+ 19 A reha sebaka seo Bethele* empa pele lebitso la motse oo e ne e le Luze.+
20 Jakobo a etsa kano a re: “Haeba Modimo o tla ba le nna le ho ntshireletsa leetong la ka mme a mphe bohobe hore ke je le diaparo hore ke apare 21 e le hore ke kgutlele ntlong ya Ntate ka kgotso, Jehova o tla be a bontshitse hore ke Modimo wa ka. 22 Lejwe lena leo ke le hlommeng e le sehopotso le tla fetoha ntlo ya hao Modimo+ wa ka mme ke tla o fa karolo ya leshome ya ntho e nngwe le e nngwe eo o tla mpha yona.”