3 Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto ya ka,
O mamele ditaelo tsa ka ka pelo yohle
2 E le hore o phele nako e telele,
O be o phele ka kgotso.+
3 O se ke wa kgaotsa ho ba le lerato le botshepehi.+
Di tlame molaleng wa hao,
Di ngole pelong ya hao.+
4 Ha o etsa jwalo o tla ba le temoho,
O tla amohelwa ke Modimo le batho.+
5 Tshepa Jehova+ ka pelo yohle ya hao,
O se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.+
6 O mo kenye mererong yohle ya hao,+
O tla otlolla ditsela tsa hao.+
7 O se ke wa ipona o le bohlale.+
Mamela Jehova mme o balehe bobe
8 Ka ha ho etsa jwalo ho tla tshwana le moriana o fodisang mmele wa hao
Ebile ho tla o kgatholla.
9 Hlompha Jehova ka ho mo fa dintho tsa hao tsa bohlokwa,+
Ka ho mo fa tse ntlehadi hara tseo o di kotutseng.+
10 Jwale ditoro tsa hao di tla tlala tswete! ka dijo+
Le veine ya hao e monate e tlale hore e be e tsholohe.
11 Mora wa ka, o se ke wa hana tayo ya Jehova,+
O se ke wa nyonya kgalemelo ya hae+
12 Hobane Jehova o kgalemela bao a ba ratang+
Feela jwalo ka ha ntate a kgalemela mora eo a mo ratang.+
13 Ho thaba motho ya fumanang bohlale+
Le motho ya fumanang temoho
14 Hobane ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana silevera,
Ho ba le bona ho molemo ho feta ho ba le kgauta.+
15 Bo bohlokwa haholo ho feta dikorale
Mme ha ho letho leo o le lakatsang le ka bapiswang le bona.
16 Ka letsohong la bona le letona, bohlale bo tshwere bophelo bo bolelele.
Ka letsohong la bona le letshehadi, bo tshwere maruo le kganya.
17 Ditsela tsa bohlale di a thabisa
Ebile ditsela tsohle tsa bona di tlisa kgotso.+
18 Bohlale ke sefate sa bophelo,
Mang kapa mang ya bo tshwarang o tla phela, a fumane thabo.+
19 Jehova o ile a theha lefatshe ka bohlale.+
A tiisa mahodimo ka temoho.+
20 Ka tsebo ya hae madiba a ile a arolwa,
Maru a rotha phoka.+
21 Mora wa ka, o se ke wa lebala makgabane ana.
Sireletsa bohlale le kelello ya hao,
22 Di tla o fa bophelo
Di be di kgabise molala wa hao.
23 O tla tsamaya tseleng ya hao o sireletsehile
Le leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.+
24 O ke ke wa tshaba letho ha o robetse.+
O tla robala mme boroko ba hao bo tla ba monate.+
25 O ke ke wa tshoha tlokotsi e ka hlahang ka tshohanyetso+
Kapa sefefo se tlelang ba kgopo.+
26 Etswe o tla be o tshepile Jehova,+
O tla thiba leoto la hao hore le se ke la tshwaswa ke leraba.+
27 Fana ka se molemo ho ba hlokang,+
Ha ho le matleng a hao ho ba thusa.+
28 O se ke wa re ho moahisani: “Tsamaya, o kgutle hosane mme ke tla o neha”
Empa o ena le hoo o ka fanang ka hona.
29 O se ke wa rerela moahisani wa hao letho le lebe+
Empa yena a o tshepa.
30 O se ke wa qabana le motho ntle ho lebaka+
Haeba a sa o fosetsa.+
31 O se ke wa honohela motho ya ratang ntwa+
Kapa wa latela le e nngwe ya ditsela tsa hae.
32 Jehova o nyonya motho ya bolotsana+
Empa ke motswalle wa ba lokileng.+
33 Jehova o tlisetsa lelapa la ya kgopo bomadimabe+
Empa o hlohonolofatsa lehae la ba lokileng.+
34 O soma basomi+
Empa o hauhela ba ikokobeditseng.+
35 Ho tla buuwa hantle ka ba bohlale
Empa ba se nang kelello ho tla buuwa hampe ka bona.+