Dipesaleme
Lefatshe le ke le thabe.+
Dihlekehleke tse ngata di ke di nyakalle.+
2 O potapotilwe ke maru le lefifi le letsholetsho.+
Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hae.+
4 Lehadima la hae le kgantsha naha.
Lefatshe le a thothomela ha le le bona.+
5 Dithaba di qhibidiha jwalo ka mafura ka pela Jehova,+
Di qhibidiha ka pela Morena wa lefatshe lohle.
7 Bohle ba rapelang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong+
Le ba ithorisang ka medimo ya bona e se nang thuso.+
Medimo yohle e ke e mo kgumamele.*+
8 Sione e utlwile hore Jehova o hlotse yaba e a thaba.+
9 Jehova, ke wena Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.
O phahame ho feta medimo e meng yohle.+
10 Lona ba ratang Jehova, hloyang dintho tse mpe.+
O sireletsa batho ba hae ba mo tshepahallang.+
O ba pholosa ho ba kgopo.+