Tshenolo e yang ho Johanne
12 Ka bona pontsho e kgolo lehodimong: Ho ne ho ena le mosadi+ ya apereng diaparo tse kganyang jwalo ka letsatsi, kgwedi e le ka tlasa maoto a hae. O ne a rwetse korone e entsweng ka dinaledi tse 12 2 ebile e ne e le moimana. Ka ha ngwana wa hae o ne a le haufi le ho hlaha, o ne a lla hobane a otlwa ke mahlaba a pelehi.
3 Ka bona pontsho e nngwe lehodimong: Ho ne ho ena le drakone e kgolo e bofubedu ba mollo,+ e ena le dihlooho tse supileng le manaka a leshome mme e rwetse dikorone tse supileng. 4 E ile ya hulanya dinaledi tse ngata*+ ka mohatla wa yona yaba e di lahlela lefatsheng.+ E ne e eme ka pela mosadi+ ya neng a le haufi le ho ba le ngwana e le hore e kwenye ngwana eo ha a hlaha.
5 A tswala mora+ ya tla busa ditjhaba kaofela ka lere la tshepe.+ Hanghang ngwana eo a iswa ho Modimo ya dutseng teroneng ya hae. 6 Mosadi eo a balehela naheng. O ne a ena le sebaka seo a se lokiseditsweng ke Modimo moo a neng a tla feptjwa teng ka matsatsi a 1 260.+
7 Ha qhoma ntwa lehodimong: Mikaele*+ le mangeloi a hae ba lwana le drakone le mangeloi a yona. 8 Drakone le mangeloi a yona ba ile ba hlolwa* ebile ha ba a ka ba hlola ba dumellwa ho dula lehodimong. 9 Ka hoo, drakone e kgolo,+ noha ya pele e bitswang+ Diabolose+ le Satane,+ e kgelosang lefatshe lohle,+ ya dihelwa tlase lefatsheng+ ha mmoho le mangeloi a yona. 10 Ka utlwa lentswe le phahameng le tswang lehodimong le re:
“Modimo o tlisitse poloko,+ matla a hae a bonahaditswe le Mmuso wa hae+ o se o hlonngwe. Kreste o se a busa hobane ya qosang bana ba bo rona bosiu le motshehare ka pela Modimo o se a dihetswe tlase.+ 11 Ba ile ba mo hlola+ ka lebaka la madi a Konyana+ le ka lebaka la molaetsa oo ba o bolelang+ mme ha ba a ka ba rata bophelo ba bona+ le ha ba ne ba tobane le lefu. 12 Ka lebaka lena, thabang lona mahodimo le lona ba dulang ho ona. Ho madimabe lefatshe le lewatle+ hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile haholo a tseba hore o na le nako e kgutshwanyane.”+
13 Ha drakone e hlokomela hore e dihetswe lefatsheng,+ ya hlorisa mosadi+ ya ileng a ba le ngwana wa moshanyana. 14 Yaba mosadi o fuwa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo+ e le hore a fofele naheng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse teng le moo a neng a tla feptjwa ka dinako tse tharo le halofo,*+ hole le noha.+
15 Noha ya tshwela metsi a kang noka ka mora mosadi e le hore a kgangwe ke ona. 16 Lefatshe la thusa mosadi. La ahlama mme la metsa noka eo drakone e e tshwetseng. 17 Drakone ya halefela mosadi, ya tloha ho ya lwantsha bana* ba setseng+ ba mosadi ba mamelang ditaelo tsa Modimo le ba filweng mosebetsi wa ho paka ka Jesu.+