LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 66
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Dipesaleme

      • Mesebetsi ya Modimo e hlollang haholo

        • “Tloong le tlo bona mesebetsi ya Modimo” (5)

        • “Ke tla phetha dikano tsa ka tseo ke o etseditseng tsona” (13)

        • Modimo o utlwa thapelo (18-20)

Pesaleme 66:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 98:4

Pesaleme 66:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Letsetsang.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 72:19; Tshe 4:11

Pesaleme 66:3

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 15:16; Pes. 76:12; Esa 2:19; Jer 10:10
  • +Pes. 81:15

Pesaleme 66:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 22:27; Mal 1:11
  • +Esa 42:10; Tshe 15:4

Pesaleme 66:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 46:8; Sof 2:11

Pesaleme 66:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 14:21, 22
  • +Jos 3:15, 16
  • +Ex 15:1

Pesaleme 66:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Dan 4:34; 1Ti 1:17
  • +Pes. 11:4; Pr 15:3; Heb 4:13
  • +Esa 37:29

Pesaleme 66:8

Mangolo a Dithupiso

  • +De 32:43; Bar 15:10

Pesaleme 66:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “therekele.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 25:29
  • +1Sa 2:9; Pes. 121:3

Pesaleme 66:10

Mangolo a Dithupiso

  • +De 8:2

Pesaleme 66:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “hate dihlooho.”

Pesaleme 66:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 15:3
  • +Pes. 56:12; 116:14; Moe 5:4, 5

Pesaleme 66:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 30:2; Bhl 11:35

Pesaleme 66:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “dipodi tse tona.”

Pesaleme 66:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 22:24

Pesaleme 66:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Job 27:8, 9; Pr 15:29; 28:9; Esa 1:15; Joh 9:31

Pesaleme 66:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 34:6; 65:2; 116:1; 1Jo 3:22
  • +Heb 5:7

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Pes. 66:1Pes. 98:4
Pes. 66:2Pes. 72:19; Tshe 4:11
Pes. 66:3Ex 15:16; Pes. 76:12; Esa 2:19; Jer 10:10
Pes. 66:3Pes. 81:15
Pes. 66:4Pes. 22:27; Mal 1:11
Pes. 66:4Esa 42:10; Tshe 15:4
Pes. 66:5Pes. 46:8; Sof 2:11
Pes. 66:6Ex 14:21, 22
Pes. 66:6Jos 3:15, 16
Pes. 66:6Ex 15:1
Pes. 66:7Dan 4:34; 1Ti 1:17
Pes. 66:7Pes. 11:4; Pr 15:3; Heb 4:13
Pes. 66:7Esa 37:29
Pes. 66:8De 32:43; Bar 15:10
Pes. 66:91Sa 25:29
Pes. 66:91Sa 2:9; Pes. 121:3
Pes. 66:10De 8:2
Pes. 66:13Nu 15:3
Pes. 66:13Pes. 56:12; 116:14; Moe 5:4, 5
Pes. 66:14Nu 30:2; Bhl 11:35
Pes. 66:16Pes. 22:24
Pes. 66:18Job 27:8, 9; Pr 15:29; 28:9; Esa 1:15; Joh 9:31
Pes. 66:19Pes. 34:6; 65:2; 116:1; 1Jo 3:22
Pes. 66:19Heb 5:7
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Pesaleme 66:1-20

Dipesaleme

Ho motsamaisi. Pesaleme. Pina.

66 Hweletsang Modimo le thabile, lona bohle ba lefatsheng.+

 2 Binelang* lebitso la hae le kganyang dipina tsa thoriso.

Mo halaletseng mme le mo rorise.+

 3 E reng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao ke e hlollang haholo.+

Ka lebaka la matla a hao a maholo,

Dira tsa hao di tla ikokobetsa ka pela hao.+

 4 Batho bohle lefatsheng ba tla o kgumamela.+

Ba tla o binela dithoriso.

Ba tla binela lebitso la hao dithoriso.”+ (Selah)

 5 Tloong le tlo bona mesebetsi ya Modimo.

Dintho tseo a di etseditseng bara ba batho di a hlolla.+

 6 O ile a fetola lewatle hore e be naha e ommeng.+

Ba tshetse nokeng ka maoto.+

Re ne re thabile moo ka lebaka la seo a re etseditseng sona.+

 7 O busa ka matla a hae ka ho sa feleng.+

Mahlo a hae a dula a shebile ditjhaba.+

Ba manganga ba se ke ba iphahamisa.+ (Selah)

 8 Rorisang Modimo wa rona, lona ditjhaba,+

Le etse hore modumo wa ho mo rorisa o utlwahale.

 9 O re boloka re phela.+

Ha a tlohelle maoto a rona hore a kgoptjwe.*+

10 O re hlahlobile, Modimo.+

O re hlwekisitse feela jwalo ka ha silevera e hlwekiswa.

11 O re kentse letloweng la ho tsoma.

O behile morwalo o boima haholo hodima rona.

12 O dumeletse batho hore ba re hatakele.*

Re fetile mollong le metsing

Yaba o re tlisa sebakeng seo re ka phomolang ho sona.

13 Ke tla kena ka tlung ya hao ka dinyehelo tse feletseng tsa setjheso.+

Ke tla phetha dikano tsa ka tseo ke o etseditseng tsona+

14 Tseo ke o tshepisitseng tsona ka molomo wa ka+

Le tseo ke di buileng ha ke ne ke tshwenyehile.

15 Ke tla o etsetsa dinyehelo tsa setjheso ka diphoofolo tse nonneng

Ka mosi wa sehlabelo sa diramo.

Ke tla nyehela ka dipoho le ka diphooko.* (Selah)

16 Tloong le mamele, lona ba tshabang Modimo,

Ke tla le phetela dintho tseo a nketseditseng tsona.+

17 Ke ile ka mo bitsa ka molomo wa ka

Ka mo rorisa ka leleme la ka.

18 Haeba ke ne ke jere ntho le ha e le efe e kotsi ka pelong ya ka,

Jehova a ka be a sa nkutlwa.+

19 Empa Modimo o ile a nkutlwa,+

A mamela thapelo ya ka.+

20 Ho roriswe Modimo, ya sa kang a iphapanyetsa thapelo ya ka

Kapa a hana ho mpontsha lerato.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share