Diproverbia
5 Ho molemo ho kgalemela motho o sa ipate ho feta ho mo rata empa o sa mmontshe.+
7 Motho ya kgotsheng ha a batle ho ja* mahe a dinotshi
Empa ho motho ya lapileng esita le ntho e babang e monate.
8 Motho ya balehang ha hae,
O tshwana le nonyana e balehang sehlaheng sa yona.
10 O se ke wa furalla motswalle wa hao kapa motswalle wa ntate wa hao.
Hape ha o hlahelwa ke koduwa, o se ke wa ya ha ngwaneno.
Moahisani ya haufi o molemo ho feta ngwaneno ya hole.+
12 Ya bohlale o bona kotsi ebe o a ipata+
Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana ditholwana tse bosula.*
13 Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.
Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosadi ya boitshwaro bo bobe,* o behe thepa ya hae paneng.+
14 Ha motho a hlohonolofatsa wa habo ka lentswe le phahameng hoseng haholo,
Wa habo o tla ho nka e le bomadimabe.
15 Mosadi ya ratang dikgang* o tshwana le marulelo a dulang a nela ha pula e na.+
16 Mang kapa mang ya ka kgonang ho laola mosadi ya jwalo a ka laola moya,
A ka ba a fupara oli ka letsoho la hae le letona.
17 Tshepe e leotswa ka tshepe.
Ka ho tshwanang motho o leotsa motswalle wa hae.*+
18 Ya hlokomelang sefate sa feie* o tla ja ditholwana tsa sona,+
Le ya hlokomelang monga hae o tla hlomphuwa.+
19 Jwalo ka ha motho a bona sefahleho sa hae ka metsing,
Ka ho tshwanang, pelo ya motho e mong ke seipone sa hae.
21 Jwalo ka ha silevera le kgauta di hlwekiswa ka ho qhibidihiswa mollong,+
Thoriso eo motho a e fuwang e a mo senola.
23 O tshwanela ho tseba hantle hore na mohlape wa hao o shebahala jwang.
Hlokomela mohlape wa hao.+
25 Jwang bo botala bo a nyamela mme ho hlaha bo botjha,
Dimela tsa dithaba di a bokellwa.
26 O tla iketsetsa diaparo ka boya ba diramo tse nyenyane
Mme o reke tshimo ka diphooko.
27 Ho tla ba le lebese la dipodi le lekaneng bakeng sa hao,
Bakeng sa ho fepa lelapa la hao le basebetsi ba hao.