13 Mora ya bohlale o mamela tayo ya ntate wa hae+
Empa moikgohomosi ha a mamele ha a kgalemelwa.+
2 Motho o tla fumana molemo ka lebaka la dipuo tsa hae tse ntle+
Empa ba bolotsana ba lakatsa ntwa.
3 Ya lebelang molomo wa hae o sireletsa bophelo ba hae+
Empa ya buang feela a sa nahane o tla timela.+
4 Motho ya botswa o lakatsa feela empa ha a na letho.+
Ha e le ya kgothetseng yena o tla kgora.+
5 Ya lokileng o hloile leshano+
Empa diketso tsa ba kgopo di baka mahlabisadihlong ebile di a swabisa.
6 Ho loka ho sireletsa motho ya se nang molato+
Empa bokgopo bo diha moetsadibe.
7 Ho na le ya etsang eka ke morui empa a se na letho.+
Ho na le e mong ya etsang eka ke mofutsana empa a ena le maruo a mangata.
8 Morui o patala ka maruo a hae hore a pholose bophelo ba hae+
Empa bafutsana ha ba tshoswe le ho tshoswa.+
9 Lesedi la ba lokileng le kganya haholo+
Empa lebone la ba kgopo le tla tingwa.+
10 Ho iketelletsa pele ho baka ntwa feela+
Empa ba bohlale ke ba batlang keletso.+
11 Maruo a fumanwang kapele a tla fela+
Empa maruo a bokellwang hanyane ka hanyane a tla eketseha.
12 Ha ntho eo motho a e lebeletseng e dieha ho phethahala, e kudisa pelo+
Empa ha seo a se lakatsang se phethahala, ke sefate sa bophelo.+
13 Mang kapa mang ya nyonyang molao o tla kgola ditholwana tse bosula+
Empa ya hlomphang taelo o tla putswa.+
14 Thuto e tswang ho motho ya bohlale ke mohlodi wa bophelo,+
E qobisa motho maraba a lefu.
15 Motho ya nang le temoho o ratwa ke batho
Empa ba bolotsana ba phela ka thata.
16 Motho ya bohlale o etsa dintho ka tsebo+
Empa sethoto se pepesa bothoto ba sona.+
17 Moromuwa ya kgopo o kena mathateng+
Empa moromuwa ya tshepahalang o tlisa pheko.+
18 Ya sa mameleng ha a kgalemelwa o tla futsaneha le ho tlotlolleha
Empa ya mamelang ha a kgalemelwa o tla fumana tlotla.+
19 Motho o a thaba ha ntho eo a e lakatsang e etsahala,+
Ba se nang kelello ha ba batle ho furalla bobe.+
20 Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa+
Empa ya sebedisanang le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.+
21 Tlokotsi e latella baetsadibe+
Empa ba lokileng ba putswa ke katleho.+
22 Motho ya lokileng o siela ditloholo tsa hae lefa
Empa leruo la moetsadibe le tla bolokelwa ya lokileng.+
23 Masimo a lenngweng a bafutsana a beha dijo tse ngata
Empa ba se nang toka ba ka nka masimo ao.
24 Ya sa sebediseng thupa o hloile ngwana wa hae+
Empa ya mo ratang o a mo kgalemela.+
25 Ya lokileng o a ja mme a kgore+
Empa ba kgopo ba tla lapa.+