Baahlodi
6 Baiseraele ba ile ba boela ba sitelwa Jehova.+ Ka hoo, Jehova a nehelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.+ 2 Bamidiane ba ile ba hatella Baiseraele.+ Ka lebaka la Bamidiane, Baiseraele ba ile ba iketsetsa dibaka tseo ba ka ipatang* ho tsona dithabeng, mahaheng le dibakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.+ 3 Ha Baiseraele ba jetse peo, Bamidiane, Baamaleke+ le batho ba Botjhabela+ ba ne ba ba hlasela. 4 Ba ne ba hloma ditente e le hore ba ba hlasele mme ba senye dihlahiswa tsa naha ho ya fihla Gaza. Ba ne ba sa siele Baiseraele letho le jewang le ha e le nku kapa poho kapa tonki.+ 5 Ba ne ba tla le mehlape le ditente tsa bona ba le bangata jwalo ka ditsie+ mme bona le dikamele tsa bona ba ne ba se na palo,+ ba ne ba tla naheng ho tla e fedisa. 6 Jwale Baiseraele ba futsaneha haholo ka lebaka la Bamidiane mme ba kopa thuso ho Jehova.+
7 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova ka lebaka la Bamidiane,+ 8 Jehova a romela moprofeta ho Baiseraele, ya ileng a re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o re, ‘Ke le ntshitse Egepeta ntlong ya bokgoba.+ 9 Ka le pholosa ho Baegepeta le ho dira tsohle tse le hatellang yaba ke di leleka ka pela lona mme ke le fa naha ya tsona.+ 10 Ke ile ka re ho lona: “Ke nna Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le dulang naheng ya bona.”+ Empa ha le a ka la mmamela.’”*+
11 Ha morao lengeloi la Jehova la tla+ mme la dula tlasa sefate se seholo se neng se le Ofra, seo e neng e le sa Joashe Moabi-ezere.+ Mora wa hae Gideone+ o ne a ntse a pola koro sehatelong sa veine e le hore a e patele Bamidiane. 12 Lengeloi la Jehova la hlaha ho yena mme la re: “Jehova o na le wena,+ wena mohlabani ya matla.” 13 Yaba Gideone o re ho lengeloi leo: “Ntshwarele morenaka empa haeba Jehova o na le rona, ke hobaneng ha re hlahetswe ke dintho tsee tsohle?+ Di hokae diketso tsohle tsa hae tse hlollang tseo baholoholo ba rona ba re phetetseng tsona+ ba re, ‘Na ha se Jehova ya re ntshitseng Egepeta?’+ Jwale Jehova o re tlohetse+ mme o nehelane ka rona ho Bamidiane.” 14 Yaba Jehova o a mo sheba mme o re: “Eya ka matla ao o nang le ona mme o tla pholosa Baiseraele ho Bamidiane.+ Na ha se nna ya o romang?” 15 Gideone a mo araba a re: “Ntshwarele Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele jwang? Lelapa leso* ke lona leo e seng la bohlokwa lelokong la Manase ebile nna ke e monyenyane ntlong ya ntate.” 16 Empa Jehova a re ho yena: “O tla fedisa Bamidiane jwalo ka ha eka ke motho a le mong hobane ke tla ba le wena.”+
17 Gideone a re ho yena: “Jwale haeba o nkamohela, mpontshe letshwao la hore ke wena ya buang le nna. 18 Ke kopa o se ke wa tloha mona ho fihlela ke kgutla le mpho ya ka mme ke e beha ka pela hao.”+ Yaba o re: “Ke tla dula mona ho fihlela o kgutla.” 19 Gideone a tsamaya mme a hlaba potsanyane yaba o etsa bohobe bo se nang tomoso ka dilithara tse ka bang 22* tsa phofo.+ A tshela nama ka basketeng mme a tshela le moro ka pitseng. Ka mora moo, a mo tlisetsa tsona ka ntle tlasa sefate se seholo.
20 Jwale lengeloi la Modimo wa nnete la re ho yena: “Nka nama le bohobe bo se nang tomoso, o di behe hodima lefika le leholo moo mme o qhale moro.” Yaba o etsa jwalo. 21 Lengeloi la Jehova la otlolla letsoho, la thetsa nama le bohobe bo se nang tomoso ka ntlha ya lere yaba ho hlaha mollo lefikeng mme o tjhesa nama le bohobe bo se nang tomoso.+ Yaba lengeloi la Jehova le a nyamela. 22 Jwale Gideone a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+
Hanghang Gideone a re: “Oho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke bone lengeloi la Jehova.”*+ 23 Empa Jehova a re ho yena: “Eba le kgotso. O se ke wa tshoha,+ o ke ke wa shwa.” 24 Ka hoo, Gideone a hahela Jehova aletare moo mme e bitswa Jehova-shalome*+ ho fihlela letsatsing lena. E ntse e le Ofra motseng wa Baabi-ezere.
25 Bosiung boo Jehova a re ho yena: “Nka pohwana ya ntate wa hao e leng pohwana ya bobedi e dilemo di supileng, o dihe aletare eo ntate wa hao a e etseditseng Baale mme o kgaole palo e halalelang* e pela yona.+ 26 Ka mora ho hahela Jehova Modimo wa hao aletare ka hodima thaba* ena ka majwe a palamaneng, o nke pohwana eo o fane ka yona e le nyehelo ya setjheso hodima patsi e tswang palong e halalelang* eo o e kgaotseng.” 27 Yaba Gideone o nka banna ba leshome ho bahlanka ba hae, a etsa feela jwalo ka ha Jehova a mo boleletse. Empa ka ha o ne a tshaba ba lelapa la ntate wa hae le banna ba motse haholo, ha a ka a etsa dintho tsena motshehare empa o ile a di etsa bosiu.
28 Ha banna ba motse ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba ile ba hlokomela hore aletare ya Baale e dihilwe mme palo e halalelang* e pela yona e kgaotswe le hore ho entswe nyehelo ka pohwana ya bobedi aletareng e qetang ho hahwa. 29 Ba botsana ba re: “Ke mang ya entseng tjee?” Ka mora hore ba batlisise ba re: “Gideone mora wa Joashe ke yena ya entseng tjena.” 30 Ka hoo, banna ba motse ba re ho Joashe: “Ntsha mora wa hao e le hore re mo bolaye hobane o dihile aletare ya Baale ebile o kgaotse palo e halalelang* e neng e le pela yona.” 31 Yaba Joashe+ o re ho bohle ba neng ba tlile ho yena: “Ke hobaneng ha le sireletsa Baale? Na le lokela ho mo pholosa? Mang kapa mang ya mo sireletsang o lokela ho bolawa hoseng hona.+ Haeba Baale ke modimo, a ke a itshireletse+ hobane ho na le motho ya dihileng aletare ya hae.” 32 Letsatsing leo, a reha Gideone Jerubaale* mme a qala ho mo bitsa ka lebitso leo a re: “Baale a ke a itshireletse hobane ho na le motho ya dihileng aletare ya hae.”
33 Bohle bao e leng Bamidiane+ le Baamaleke+ le ba Botjhabela ba kopanya masole a bona+ mme ba tshela noka ba ya Kgohlong* ya Jezriele yaba ba hloma ditente moo. 34 Jehova a fa* Gideone moya o halalelang+ yaba Gideone o letsa lenaka+ mme Baabi-ezere+ ba mo sala morao. 35 A romela baromuwa ho Bamanase bohle yaba le bona ba mo sala morao. A boela a romela baromuwa ho Baashere, Bazabulone le Banefthali mme ba nyoloha ho ya kopana le yena.
36 Jwale Gideone a re ho Modimo wa nnete: “Haeba o tla pholosa Baiseraele ka nna feela jwalo ka ha o tshepisitse,+ 37 ke beha boya ba nku* seotlong. Haeba phoka e eba hodima boya feela empa hohle ka thoko ho bona ho omme, jwale ke tla tseba hore o tla pholosa Baiseraele ka nna feela jwalo ka ha o tshepisitse.” 38 Ho ile ha etsahala feela jwalo. Ha a tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang mme a tlhotla boya boo ba nku, phoka eo a e tlhotlileng ya etsa metsi a ka tlalang sekotlolo se seholo. 39 Le ha ho le jwalo, Gideone a re ho Modimo wa nnete: “O se ke wa nkgalefela empa ke na le kopo ya ho qetela. Ke kopa ho etsa teko e nngwe hape ka boya ba nku. Ke kopa o etse hore boya ba nku e be bona feela bo ommeng mme ho be le phoka hohle.” 40 Jwale Modimo a etsa hore ho be jwalo bosiung boo, boya ba nku ke bona feela bo neng bo omme mme ho ne ho ena le phoka hohle.