Sofonia
1 Sofonia* e ne e le mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedalia, Gedalia ya tswalwang ke Amaria, Amaria ya tswalwang ke Ezekiase. Mehleng ya ha Josiase+ mora wa Amone+ a ne a busa Juda, Jehova o ile a bua le Sofonia a re:
2 “Ke tla fedisa ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng,” ke Jehova ya tjhong.+
3 Hape Jehova o re: “Ke tla fedisa motho le phoofolo.
Ke fedise dinonyana le ditlhapi,+
Ke tla fedisa ntho e nngwe le e nngwe e kgelosang*+
Ha mmoho le batho ba kgopo, ke fedise batho bohle hodima lefatshe.
4 Ke tla otla Juda
Ke be ke otle baahi ba Jerusalema,
Ke fiele mesaletsa ya Baale sebakeng sena,+
Ha mmoho le baprista ba medimo esele le baprista ba bohata,+
5 Ke fedise bohle ba kgumamelang dintho tsohle tse mahodimong* ba le ka hodima matlo a bona+
Le ba kgumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tshepahalla+
Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tshepahalla Malkame+
7 Dulang le kgutsitse ka pela Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle hobane letsatsi la Jehova le haufi,+
Ho na le sehlabelo seo Jehova a tla se etsa ho halaletsa batho bao a ba memmeng.
8 “Nna Jehova, ke tla otla dikgosana
Le bara ba morena+ le bohle ba aparang jwalo ka baditjhaba letsatsing leo ke etsang sehlabelo sa ka ka lona.
9 Ke tla otla bohle ba atamelang terone* letsatsing leo,
Ba tletseng dikgoka ba bile ba le bolotsana.”
10 Jehova o re: “Letsatsing leo,
Batho ba tla bokolla ba le Keiting ya Ditlhapi,+
Ba bokolle ba le Seterekeng se Setjha,+
Ho be le lerata maralleng.
11 Bokollang lona baahi ba Makteshe*
Hobane borakgwebo* bohle ba timeditswe,*
Bohle ba bekgang silevera ba fedisitswe.
12 Nakong eo, ke tla hlahloba Jerusalema ke e kgantshitse ka mabone,
Ke otle bohle ba kgotsofaletseng tsela eo ba phelang* ka yona ba ntse ba re ka dipelong tsa bona:
‘Jehova a ke ke a etsa letho, a ke ke a etsa ntho e mpe kapa e molemo.’+
13 Ba tla nkelwa maruo, matlo a bona a senngwe.+
Ba tla haha matlo empa ba ke ke ba dula ho ona,
Ba tla lema masimo a morara empa ba ke ke ba nwa veine ya ona.+
14 Letsatsi le leholo la Jehova le haufi,+
Le haufi mme le potlakile haholo.+
Letsatsi la Jehova ke letsatsi le tshosang haholo+
Esita le bahlabani ba tla bokolla.+
15 Letsatsi leo e tla ba la kgalefo,+
Letsatsi la mahlomola le tlokotsi,+
Letsatsi la sefefo le tshenyeho,
Letsatsi la lefifi le leholo,+
Letsatsi la maru le lefifi le letsholetsho,+
16 E tla ba letsatsi la ho letsa lenaka le la mohoo wa ntwa,+
E tla ba letsatsi la ho hlasela metse e sireleditsweng ha mmoho le ditora tse phahameng.+
17 Ke tla bakela batho mahlomola,
Ba tla tsamaya jwalo ka batho ba foufetseng+
Hobane ba sitetswe Jehova.+
Madi a bona a tla tshollwa jwalo ka lehlabathe
Le mala a bona a tswe jwalo ka bolokwe.+
18 Letsatsing la kgalefo ya Jehova, silevera kapa kgauta ya bona e ke ke ya kgona ho ba lopolla.+