Esaia
26 Letsatsing leo, ho tla binwa pina+ ena naheng ya Juda:+
“Re na le motse o matla.+
Modimo o etsa hore mabota le marako a ona a tshireletso e be poloko.+
3 O tla sireletsa batho ba itshetlehang ka wena ka botlalo.*
5 O kokobeditse ba ahileng phahameng, motseng o phahameng.
O o theolela fatshe,
O o kokobeletsa fatshe.
O o lahlela fatshe leroleng.
6 O tla hatakelwa ke
Maoto a ya mahlomoleng, mehato ya bafutsana.”
7 Tsela ya motho ya lokileng e lokile.*
Ka ha o lokile,
O tla batalatsa tsela ya motho ya lokileng.
8 Jehova, ha re ntse re tsamaya tseleng ya hao ya ho loka,
Re tshepile wena.
Re labalabela lebitso la hao le sehopotso sa hao.*
Ke dula ke o batla ka tjheseho+
Hobane ha ho ena le dikahlolo tse tswang ho wena bakeng sa lefatshe,
Baahi ba lefatshe ba ithuta ho loka.+
11 Jehova, letsoho la hao le phahame empa ha ba le bone.+
Ba tla bona hore o tshabana ka batho ba hao mme ba tla swaba.
Ba tla tjheswa ke mollo o etseditsweng bahanyetsi ba hao.
12 Jehova, o tla re fa kgotso+
Hobane ntho e nngwe le e nngwe eo re e entseng,
Ke wena ya re thusitseng hore re e etse.
13 Jehova Modimo wa rona, re kile ra buswa ke benghadi ba bang ntle ho wena+
Empa re bua ka lebitso la hao feela.+
14 Ba shwele, ba ke ke ba phela.
Ha ba na matla, ba ke ke ba ema+
Hobane o ba ahlotse
Hore o ba timetse e le hore batho ba se ke ba hlola ba ba hopola.
15 O ekeditse setjhaba, Jehova,
O ekeditse setjhaba.
O itlotlisitse.+
O atolositse meedi yohle ya naha haholo.+
16 Jehova, ba tlile ho wena nakong ya mahlomola.
Ha o ba kgalemela, ba rapetse ka matla ka lentswe le tlase.+
17 Feela jwalo ka mosadi wa moimana ha a le haufi le ho beleha,
A eba le mahlaba a pelehi mme a bokolla,
Le rona re bile jwalo ka lebaka la hao, Jehova.
18 Re ile ra ima, ra ba le mahlaba a pelehi
Empa e ne eka re tswetse moya.
Ha re a pholosa naha
Mme ha ho motho ya tswaletsweng ho tla phela naheng.
19 Modimo o re: “Bafu ba hao ba tla phela.
Tsohang mme le hweletse le thabile,
Lona ba ahileng leroleng.+
21 Jehova o tloha sebakeng sa hae
Ho bitsa baahi ba naha hore ba ikarabelle bakeng sa phoso ya bona,
Naha e tla pepesa madi a tsholotsweng ho yona
Mme ha e sa tla hlola e kwahela batho ba yona ba bolailweng.”