Habakuke
3 Ena ke thapelo ya moprofeta Habakuke, ke kodiyamalla:*
2 Jehova, ke utlwile ka diketso tsa hao.
Ke tsota mesebetsi ya hao Jehova.
E se eka o ka e phetha mehleng ena ya rona,*
Wa e tsebahatsa mehleng ya rona.
E se eka o ka re hopola yaba o a re hauhela nakong ya pherekano.+
3 Modimo o tlile a tswa Temane,
Ya Halalelang o tlile a tswa Thabeng ya Parane.+ (Selah)*
Kganya ya hae e ile ya kwahela mahodimo,+
Lefatshe la tlala batho ba mo rorisang.
4 Kganya ya hae e ne eka ya letsatsi.+
Ho ne ho ena le mahlasedi a tswang letsohong la hae
Moo matla a hae a neng a le hona teng.
6 A ema tlekelele! yaba o sisinya lefatshe.+
O ile a sheba ditjhaba yaba di a thothomela.+
Dithaba tseo esale di le teng tsa heleha,
Maralla ona a wa.+
O tsamaya ditseleng tsa hae tsa kgale.
7 Ke ile ka bona mathata ka ditenteng tsa Kushane.
Ditente tsa naha ya Midiane di ile tsa tsukutleha.+
8 Jehova, na o halefetse dinoka?
Na o tuka ke bohale ka lebaka la tsona?
Kapa na o halefetse lewatle?+
9 O ntshitse seqha sa hao mme o se tjhehile.
10 Dithaba tsa o bona yaba di a reketla ke bohloko.+
Metsi a pula ya ditlwebelele a phorosela.
Bodiba ba rora,+
Ba akgoletsa maqhubu a bona hodimo.
11 Letsatsi le kgwedi tsa ema tsi! hodimo mahodimong.+
Metsu ya hao ya tswa e le jwalo ka kganya,+
Lerumo la hao le ne le benya jwalo ka lehadima.
13 Wa tsamaya hore o yo pholosa batho ba hao le motlotsuwa wa hao.
Wa thuhakanya moetapele* wa ntlo ya ba kgopo.
E ile ya timetswa ho tloha motheong ho ya tswa marulelong.* (Selah.)
14 O ile wa hlaba dihlooho tsa masole a hae ka dihlomo tsa hae*
Ha a ne a mphutuhela hore a nqhalakanye.
A ne a thabetse ho bolaya motho ya mathateng ka lekunutu.
15 O ile wa feta hara lewatle ka dipere tsa hao,
Wa phunyeletsa hara maqhubu a lona.
16 Eitse ha ke utlwa dintho tsena, ka tlala tshabo.
Molomo wa ka wa thothomela ha ke utlwa molaetsa.
Empa ke tla emela letsatsi la mahlomola ke kgobile matshwafo,+
Etswe le tla tlela batho ba re hlaselang.
17 Le ha sefate sa feie* se ke ke sa thunya
Le difate tsa morara tsa se ke tsa beha ditholwana,
Le ha sefate sa mohlwaare se ke ke sa beha
Le masimo a ke ke a hlahisa dijo,
Le ha mehlape e ka ba siyo sakeng
Le dikgomo tsa ba siyo masakeng,
18 Ha e le nna, ke tla thaba ha ke nahana ka Jehova,
Ke nyakalle ha ke nahana ka Modimo ya mpholosang.+
19 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o mpha matla.+
O tla etsa hore ke be lebelo jwalo ka kgama,
A ntsamaise dibakeng tse phahameng.+
Ho motsamaisi: E bapalwe ka diletsa tsa ka tse dikgwele.