Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Diproverbia 3
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya Diproverbia

      • Eba bohlale mme o tshepe Jehova (1-12)

        • lompha Jehova ka ho mo fa dintho tsa bohlokwa (9)

      • Bohlale bo etsa hore motho a thabe (13-18)

      • Bohlale bo a sireletsa (19-26)

      • Tshwara batho ba bang hantle (27-35)

        • Etsetsa ba bang se molemo ha ho kgoneha (27)

Diproverbia 3:1

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “molao wa ka.”

Diproverbia 3:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 5:16

Diproverbia 3:3

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

  • *

    Kapa: “nnete.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hos 12:6
  • +De 6:6, 8

Diproverbia 3:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ko 8:21

Diproverbia 3:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 26:4; Jer 17:7
  • +Diprov. 28:26; Jer 10:23; 1Ko 3:18

Diproverbia 3:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 23:2, 4; Ne 1:11; Baf 4:6
  • +Jos 1:7; Pes. 25:9; Jak 1:5

Diproverbia 3:7

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Tshaba.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 26:12; Bar 12:16

Diproverbia 3:8

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Le ho kgatholla masapo a hao.”

Diproverbia 3:9

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “ditholwana tsa pele.”

  • *

    Kapa: “moputso wa hao.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 31:50; De 16:16; LUKA 16:9; 1Ti 6:18
  • +Ex 23:19

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 55

Diproverbia 3:10

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “matlo a polokelo.”

  • *

    Kapa: “e tlale dibate tsa hao; e tlale dihatelo tsa hao tsa veine.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 31:10; Mal 3:10

Diproverbia 3:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 15:32; Heb 12:5, 6
  • +Pes. 94:12

Diproverbia 3:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 3:19
  • +De 8:5; Heb 12:7, 9

Diproverbia 3:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Moek. 7:12

Diproverbia 3:14

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “Ho ba le bona e le phaello.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Job 28:15, 18

Diproverbia 3:15

Dinaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Diproverbia 3:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Baf 4:9

Diproverbia 3:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 1:1, 2

Diproverbia 3:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 104:24
  • +Diprov. 8:27; Jer 10:12

Diproverbia 3:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Job 36:27; 38:37; Jer 10:13

Diproverbia 3:21

Dinaletsana

  • *

    Ho bonahala makgabane ana e le a Jehova a hlahang ditemaneng tse ka hodimo ho ena.

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Fadimehang!,

    No. 1 2021 leq. 8

Diproverbia 3:23

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “kgoptjwa ke letho.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 26:7

Diproverbia 3:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 3:5; Diprov. 6:22
  • +Moek. 5:12

Diproverbia 3:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 27:1
  • +Pes. 73:12, 19

Diproverbia 3:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 10:29; 28:1
  • +Pes. 91:14

Diproverbia 3:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jak 2:15, 16
  • +De 15:7, 8; Diprov. 28:27

Diproverbia 3:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 6:16, 18

Diproverbia 3:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 18:6; 20:3
  • +Bar 12:18

Diproverbia 3:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 37:1; Diprov. 23:17

Diproverbia 3:32

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 6:16, 17
  • +Pes. 15:1, 2; 24:3, 4; 25:14

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 8

Diproverbia 3:33

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “Thohako ya Jehova e hodima ntlo ya ya kgopo.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 28:15; Jos 7:24, 25; Est 9:24, 25
  • +Job 42:12, 13; Pes. 37:25

Diproverbia 3:34

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 19:29
  • +Pes. 37:11; 138:6; Esa 57:15; Jak 4:6

Diproverbia 3:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Est 6:11, 12; Diprov. 12:8

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

Diprov. 3:2De 5:16
Diprov. 3:3Hos 12:6
Diprov. 3:3De 6:6, 8
Diprov. 3:42Ko 8:21
Diprov. 3:5Esa 26:4; Jer 17:7
Diprov. 3:5Diprov. 28:26; Jer 10:23; 1Ko 3:18
Diprov. 3:61 Sam. 23:2, 4; Ne 1:11; Baf 4:6
Diprov. 3:6Jos 1:7; Pes. 25:9; Jak 1:5
Diprov. 3:7Diprov. 26:12; Bar 12:16
Diprov. 3:9Nu 31:50; De 16:16; LUKA 16:9; 1Ti 6:18
Diprov. 3:9Ex 23:19
Diprov. 3:102Kr 31:10; Mal 3:10
Diprov. 3:11Diprov. 15:32; Heb 12:5, 6
Diprov. 3:11Pes. 94:12
Diprov. 3:12Tshe 3:19
Diprov. 3:12De 8:5; Heb 12:7, 9
Diprov. 3:13Moek. 7:12
Diprov. 3:14Job 28:15, 18
Diprov. 3:17Baf 4:9
Diprov. 3:18Pes. 1:1, 2
Diprov. 3:19Pes. 104:24
Diprov. 3:19Diprov. 8:27; Jer 10:12
Diprov. 3:20Job 36:27; 38:37; Jer 10:13
Diprov. 3:23Esa 26:7
Diprov. 3:24Pes. 3:5; Diprov. 6:22
Diprov. 3:24Moek. 5:12
Diprov. 3:25Pes. 27:1
Diprov. 3:25Pes. 73:12, 19
Diprov. 3:26Diprov. 10:29; 28:1
Diprov. 3:26Pes. 91:14
Diprov. 3:27Jak 2:15, 16
Diprov. 3:27De 15:7, 8; Diprov. 28:27
Diprov. 3:29Diprov. 6:16, 18
Diprov. 3:30Diprov. 18:6; 20:3
Diprov. 3:30Bar 12:18
Diprov. 3:31Pes. 37:1; Diprov. 23:17
Diprov. 3:32Pes. 15:1, 2; 24:3, 4; 25:14
Diprov. 3:32Diprov. 6:16, 17
Diprov. 3:33De 28:15; Jos 7:24, 25; Est 9:24, 25
Diprov. 3:33Job 42:12, 13; Pes. 37:25
Diprov. 3:34Diprov. 19:29
Diprov. 3:34Pes. 37:11; 138:6; Esa 57:15; Jak 4:6
Diprov. 3:35Est 6:11, 12; Diprov. 12:8
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Diproverbia 3:1-35

Diproverbia

3 Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto ya ka,*

O mamele ditaelo tsa ka ka pelo yohle

 2 E le hore o phele nako e telele,

O be o phele ka kgotso.+

 3 O se ke wa kgaotsa ho ba le lerato* le botshepehi.*+

Di tlame molaleng wa hao,

Di ngole pelong ya hao.+

 4 Ha o etsa jwalo o tla ba le temoho,

O tla amohelwa ke Modimo le batho.+

 5 Tshepa Jehova+ ka pelo yohle ya hao,

O se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.+

 6 O mo kenye mererong yohle ya hao,+

O tla otlolla ditsela tsa hao.+

 7 O se ke wa ipona o le bohlale.+

Mamela* Jehova mme o balehe bobe

 8 Ka ha ho etsa jwalo ho tla tshwana le moriana o fodisang mmele wa hao

Ebile ho tla o kgatholla.*

 9 Hlompha Jehova ka ho mo fa dintho tsa hao tsa bohlokwa,+

Ka ho mo fa tse ntlehadi* hara tseo o di kotutseng.*+

10 Jwale ditoro* tsa hao di tla tlala tswete! ka dijo+

Le veine ya hao e monate e tlale* hore e be e tsholohe.

11 Mora wa ka, o se ke wa hana tayo ya Jehova,+

O se ke wa nyonya kgalemelo ya hae+

12 Hobane Jehova o kgalemela bao a ba ratang+

Feela jwalo ka ha ntate a kgalemela mora eo a mo ratang.+

13 Ho thaba motho ya fumanang bohlale+

Le motho ya fumanang temoho

14 Hobane ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana silevera,

Ho ba le bona* ho molemo ho feta ho ba le kgauta.+

15 Bo bohlokwa haholo ho feta dikorale*

Mme ha ho letho leo o le lakatsang le ka bapiswang le bona.

16 Ka letsohong la bona le letona, bohlale bo tshwere bophelo bo bolelele.

Ka letsohong la bona le letshehadi, bo tshwere maruo le kganya.

17 Ditsela tsa bohlale di a thabisa

Ebile ditsela tsohle tsa bona di tlisa kgotso.+

18 Bohlale ke sefate sa bophelo,

Mang kapa mang ya bo tshwarang o tla phela, a fumane thabo.+

19 Jehova o ile a theha lefatshe ka bohlale.+

A tiisa mahodimo ka temoho.+

20 Ka tsebo ya hae madiba a ile a arolwa,

Maru a rotha phoka.+

21 Mora wa ka, o se ke wa lebala makgabane ana.*

Sireletsa bohlale le kelello ya hao,

22 Di tla o fa bophelo

Di be di kgabise molala wa hao.

23 O tla tsamaya tseleng ya hao o sireletsehile

Le leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.*+

24 O ke ke wa tshaba letho ha o robetse.+

O tla robala mme boroko ba hao bo tla ba monate.+

25 O ke ke wa tshoha tlokotsi e ka hlahang ka tshohanyetso+

Kapa sefefo se tlelang ba kgopo.+

26 Etswe o tla be o tshepile Jehova,+

O tla thiba leoto la hao hore le se ke la tshwaswa ke leraba.+

27 Fana ka se molemo ho ba hlokang,+

Ha ho le matleng a hao ho ba thusa.+

28 O se ke wa re ho moahisani: “Tsamaya, o kgutle hosane mme ke tla o neha”

Empa o ena le hoo o ka fanang ka hona.

29 O se ke wa rerela moahisani wa hao letho le lebe+

Empa yena a o tshepa.

30 O se ke wa qabana le motho ntle ho lebaka+

Haeba a sa o fosetsa.+

31 O se ke wa honohela motho ya ratang ntwa+

Kapa wa latela le e nngwe ya ditsela tsa hae.

32 Jehova o nyonya motho ya bolotsana+

Empa ke motswalle wa ba lokileng.+

33 Jehova o tlisetsa lelapa la ya kgopo bomadimabe*+

Empa o hlohonolofatsa lehae la ba lokileng.+

34 O soma basomi+

Empa o hauhela ba ikokobeditseng.+

35 Ho tla buuwa hantle ka ba bohlale

Empa ba se nang kelello ho tla buuwa hampe ka bona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela