Esaia
Hang ha o qeta ho senya, o tla senngwa.+
Hang ha o qeta ho etsa bolotsana, o tla etsetswa bolotsana.
Re o tshepile.
3 Batho ba a baleha ha ba utlwa modumo o lerata.
Ditjhaba di a qhalakana ha o phahama.+
4 Thepa ya lona e hapuweng e tla bokellwa jwalo ka ha ditsie tse senyang di bokana,
Batho ba tla e senya jwalo ka dihlopha tsa ditsie.
5 Jehova o tla phahamiswa
Hobane o dula hodimo moo ho phahameng.
O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.
6 O etsa hore bophelo* ba lona bo tsitse.
8 Ditsela tse kgolo di tlohetswe feela,
Ha ho na motho ya tsamayang ditseleng.
9 Naha e utlwile bohloko mme e omeletse.
Lebanone e swabile,+ e bodile.
Sharone e jwalo ka lehwatata,
Bashane le Karmele di hlohlora makgasi a tsona.+
11 Lona batho ba kgopo, merero le mesebetsi ya lona ha e na thuso, e jwalo ka jwang bo ommeng le ditlhaka.
Menahano ya lona e mebe e tla le qeta jwalo ka mollo.+
12 Ditjhaba di tla tshwana le molora wa kalaka e tjhesitsweng.
Di tla tjheswa ka mollo jwalo ka meutlwa e fothotsweng.+
13 Lona batho ba hole haholo, utlwang hore na ke tla etsang.
Le lona ba haufi, lemohang matla a ka.
‘Ke mang ho rona ya ka dulang mollong o timetsang?+
Ke mang ho rona ya ka dulang malakabeng a sa timeng?’
15 Ke ya tswelang pele ho etsa dintho tse nepahetseng,*+
Ya buang dintho tse lokileng,+
Ya hanang ho rua ka bolotsana le ka ho qhekella,
Eo matsoho a hae a hanang tjotjo ho ena le ho e nka,+
Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa tsa tshollo ya madi
Le ya ikwalang mahlo hore a se ke a bona dintho tse mpe.
O tla fuwa bohobe,
Metsi a hae a ke ke a fela.”+
17 Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae,
A tla bona naha e hole.
18 Ka pelong o tla hopola* ntho e tshosang:
“Mongodi o kae?
O kae ya neng a bekga lekgetho?+
O kae ya badileng ditora?”
19 O ke ke wa hlola o bona batho ba tellang,
Batho ba buang puo e sa hlakang,* eo o sa e utlwisiseng,
Ba lehwelea, bao o sa kgoneng ho utlwisisa puo ya bona.+
20 Bonang Sione, motse oo re ketekelang ho wona.+
Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka se nang le kgutso,
E le tente e ke keng ya tloswa.+
Ha ho mohla ditshepe tsa tente di tla ntshwa,
Ha ho thapo le ha e le nngwe ya yona e tla kgaolwa dikoto.
21 Empa sebakeng seo Ya Hlomphehang, Jehova
O tla re sireletsa jwalo ka ha dinoka le dinokana di sireletsa motse.
Ha ho dikepe tse tla feta moo
Ebile ha ho dikepe tse kgolo tse tla feta teng.
Ke yena ya tla re pholosa.+
23 Diropo di tla leketla,
Di ke ke tsa tshehetsa dipalo tsa sekepe kapa tsa hula seile.
Ka nako eo, thepa e ngata e hapuweng e tla arolwa
Le ba holofetseng ba tla inkela thepa e ngata.+
24 Ha ho moahi ya tla re: “Ke a kula.”+
Batho ba dulang naheng eo ba tla tshwarelwa diphoso tsa bona.+