Ho Baroma
14 Amohelang motho ya nang le tumelo e fokolang+ mme le se ke la mo ahlola hobane a ena le maikutlo a fapaneng le a lona. 2 Motho ya nang le tumelo e matla a ka ja dijo tsa mefuta yohle empa motho ya fokolang tumelong o ja meroho feela. 3 Ya jang dijo tsa mefuta yohle a se ke a kgella fatshe ya sa di jeng. Ya sa jeng dijo tsa mefuta yohle a se ke a ahlola ya di jang+ ka ha Modimo o a mo amohela. 4 O mang hore o ahlole mohlanka wa motho e mong?+ Motho ya tla etsa qeto ya hore na o nepile kapa o fositse ke monga hae e leng Modimo.+ Ka ha Jehova* o a mo thusa, a ka atleha.
5 Motho e mong o nka hore letsatsi le leng le bohlokwa ho feta a mang,+ e mong yena o nka hore matsatsi ohle a a tshwana.+ Taba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka botlalo hore o nepile. 6 Ya nkang letsatsi le leng le le bohlokwa ho feta a mang, o etsa jwalo ho hlompha Jehova.* Ya jang dijo tsa mefuta yohle o etsa jwalo ho hlompha Jehova*+ ka ha o leboha Modimo ka dijo tseo. Le ya sa jeng dijo tsa mefuta yohle o hlompha Jehova* mme o a mo leboha.+ 7 Ha e le hantle, ha ho le ya mong wa rona ya iphelelang+ mme ha ho le ya mong wa rona ya itjhwellang. 8 Haeba re phela, re phelela Jehova.*+ Haeba re shwa, re shwela Jehova.* Ka hoo, ebang re a phela kapa re a shwa, re ba Jehova.*+ 9 Kreste o ile a shwa a ba a tsoha bafung e le hore e tle e be Morena wa ba shweleng le ba phelang.+
10 Ke hobaneng ha o ahlola ngwaneno?+ Kapa ke hobaneng ha o mo kgella fatshe? Kaofela re tla ahlolwa ke Modimo.*+ 11 Mangolo a re: “Jehova* o re, ‘Ha feela ke ntse ke phela,+ motho e mong le e mong o tla nkgumamela mme motho e mong le e mong o tla dumela hore ke nna Modimo.’”+ 12 Ka hoo, e mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.+
13 Le se ke la hlola le ahlolana.+ Empa le itjwetse hore le ke ke la etsa eng kapa eng e tla fokodisa tumelo ya ngwanabo lona kapa e tla mo dihela.+ 14 Ka ha ke molatedi wa Morena Jesu, ke a tseba ebile ke kgodisehile hore ha se hore dintho tseo re di jang ha di a hlweka+ empa haeba motho a nahana hore ntho e itseng ha e a hlweka, ho fosahetse ho yena hore a e je. 15 Haeba ngwaneno a kgopiswa ke dijo tseo o di jang, ha o sa na lerato.+ Kreste o shwetse ngwaneno. Ka hoo, o se ke wa senya tumelo ya hae ka dijo tseo o di jang.+ 16 Le se ke la dumella hore dintho tse ntle tseo le di etsang di buuwe hampe. 17 O ke ke wa kena Mmusong wa Modimo ka lebaka la dintho tseo o di jang le tseo o di nwang+ empa ntho ya bohlokwa ke hore o be motho ya lokileng, ya nang le kgotso le thabo e tliswang ke moya o halalelang. 18 Haeba motho a ena le makgabane ana ebile e le mohlanka wa Kreste, o kgahlisa Modimo mme le batho ba tla mo hlompha.
19 Ka hoo, a re etseng sohle seo re ka se kgonang e le hore re hahane+ le ho ba le kgotso.+ 20 Kgaotsang ho senya mosebetsi wa Modimo ka lebaka la dijo feela.+ Ke nnete hore dijo tsa mefuta yohle di hlwekile empa ho kotsi* ho ja ntho e itseng haeba e ka fokodisa tumelo ya motho e mong.*+ 21 Ho molemo hore o se ke wa ja nama, wa nwa veine kapa wa etsa eng kapa eng e tla etsa hore ngwaneno a fokollwe ke tumelo.+ 22 Ntho eo o e dumelang ka ditaba tsena e pakeng tsa hao le Modimo. O tla thaba haeba o sa ikutlwe o le molato ka lebaka la ho etsa ntho eo o dumelang hore e nepahetse. 23 Empa haeba o ja o ntse o ena le dipelaelo, o se o ntse o le molato hobane o etsa jwalo o sa dumele hore ntho eo o e etsang e nepahetse. Ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang re se na tumelo ke sebe.