Malakia
3 Jehova wa mabotho o re: “Ke romela moromuwa wa ka mme o tla ntokisetsa* tsela.+ Morena wa nnete eo le mo batlang, o tla tla tempeleng ya hae ka tshohanyetso.+ Moromuwa wa selekane eo le mo thabelang o tla tla. Ka nnete o tla tla.”
2 “Ke mang ya tla mamella letsatsi leo a tlang ka lona? Ke mang ya tla ema ha a hlaha? O tla ba jwalo ka mollo wa mohlwekisi le jwalo ka sesepa+ sa batho ba hlatswang. 3 O tla dula fatshe jwalo ka motho ya hlwekisang le ya hlatswang silevera+ mme a hlwekise bara ba Levi. O tla ba hlwekisa jwalo ka kgauta le silevera. Ho Jehova e tla ba batho ba nyehelang mpho ba se na molato. 4 Nyehelo ya mpho ya Juda le Jerusalema e tla kgahlisa* Jehova jwalo ka mehleng ya kgale le dilemong tsa kgalekgale.+
5 Jehova wa mabotho o re: “Ke tla tla ke tlo le ahlola mme ka potlako ke tla ahlola baloi,+ bafebi, ba etsang dikano tsa leshano,+ ba qhekellang motho ya hirilweng,+ mohlolohadi le kgutsana*+ le ba hanang ho thusa* moditjhaba.+ Batho bana ha ba a ka ba ntshaba.”
6 “Ke nna Jehova, ha ke fetohe.*+ Le bana ba Jakobo, ke ka lebaka leo le eso ka le fediswa. 7 Haesale le kgeloha melao ya ka ebile le sa e mamele ho tloha mehleng ya baholoholo ba lona.+ Kgutlelang ho nna mme ke tla kgutlela ho lona,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
Empa le re: “Re tla kgutla jwang?”
8 “Na motho a ka utswetsa Modimo? Empa lona le a nkutswetsa.”
Le re: “Re o utsweditse jwang?”
“Ka ho se tlise karolo ya leshome* le menehelo. 9 Le rohakilwe* hobane le a nkutswetsa. Setjhaba sohle se a nkutswetsa. 10 Tlisang karolo yohle ya leshome* ka tlung ya polokelo+ e le hore ho be le dijo ka tlung ya ka.+ Ke kopa le nteke, le bone hore na nke ke ka le bulela dikgoro tsa mahodimo+ ke be ke le tshollele ditlhohonolofatso ho fihlela le se le sa hloke letho,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
11 Jehova wa mabotho o re: “Ke tla thibela ditsie* hore di se ke tsa le senyetsa dijalo tsa naha ya lona+ ebile difate tsa lona tsa morara di tla dula di beha ditholwana.”
12 Jehova wa mabotho o re: “Ditjhaba tsohle di tla phatlalatsa hore le thabile+ hobane le tla ba naha ya thabo.”
13 Jehova o re: “Mantswe ao le a buileng ka nna a ntlhabile.”
Lona le re: “Re itseng ka wena e o hlabileng?”+
14 “Le re, ‘Ho sebeletsa Modimo ha ho na thuso.+ Re fumane melemo efe ka ho bontsha Jehova wa mabotho hore re swabetse dibe tsa rona le ka ho phetha seo re itlammeng hore re tla mo etsetsa sona? 15 Hona jwale re bona batho ba ikgohomosang ba thabile le ba etsang dintho tse mpe ba atleha.+ Ha ba tshabe ho leka Modimo ebile ha ho letho le ba etsahallang.’”
16 Ka nako eo, ba tshabang Jehova ba buisana, e mong le e mong a buisana le motswalle wa hae. Jehova a nna a ba mamela mme a utlwa seo ba se buang. Jehova a re ho ngolwe+ bukeng mabitso a batho bao a neng a tla ba hopola, batho ba mo hlomphang* le ba nahanisisang ka lebitso la hae.+
17 Jehova wa mabotho o re: “E tla ba batho ba ka+ mohla ke ba etsang setjhaba se kgethehileng.*+ Ke tla ba qenehela jwalo ka ha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.+ 18 Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ya lokileng le ya kgopo+ le pakeng tsa motho ya sebeletsang Modimo le ya sa mo sebeletseng.”