Kosepele ya Luka
5 Ka lekgetlo le leng, letshwele le ne le petetsane le mo mametse ha a ntse a ruta lentswe la Modimo a eme ka thoko ho letsha la Genesarete.*+ 2 A bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa.+ 3 Yaba o kena ka sekepeng sa Simone o mo kopa hore a se hulele hojana le lebopo. Ka mora moo, a dula fatshe yaba o ruta letshwele a le ka sekepeng. 4 Ha a qetile ho bua le letshwele a re ho Simone: “Se hulele moo ho tebileng ebe le theolela matlowa tlase hore le tshwase ditlhapi.” 5 Empa Simone a re: “Mosuwe, re sehlile bosiu bohle empa ha re a tshwasa letho,+ feela ke tla theola matlowa jwalo ka ha o tjho.” 6 Eitse ha ba a theola, ba tshwasa ditlhapi tse ngata hoo matlowa a bona a ileng a taboha.+ 7 Ka hoo, ba hwehla metswalle ya bona e ka sekepeng se seng hore e tlo ba thusa mme ya tla. Ba tlatsa dikepe tseo ka bobedi hoo di ileng tsa batla di teba. 8 Ha Simone Petrose a bona dintho tsena, a itihela fatshe ka pela Jesu a re: “Morena, tloha ho nna hobane ke moetsadibe.” 9 O ne a tjho jwalo hobane yena le bohle ba neng ba ena le yena ba ne ba makaditswe haholo ke ditlhapi tse ngata tseo ba di tshwasitseng. 10 Jakobo le Johanne bara ba Zebedea+ bao e neng e le basebetsimmoho le Simone, le bona ba ne ba maketse haholo. Jesu a re ho Simone: “O se ke wa tshoha. Ho tloha hona jwale, o tla tshwasa batho.”+ 11 Ka hoo, ba kgutlisetsa dikepe lebopong, ba tlohela ntho e nngwe le e nngwe yaba ba a mo latela.+
12 Ka lekgetlo le leng ha a le motseng o mong, monna e mong ya tletseng lepera a mo bona yaba o a mo kgumamela o re: “Morena, haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa.”+ 13 Ka hoo, Jesu a otlolla letsoho a mo tshwara yaba o re: “Ke a batla, hlweka.” Lepera la nyamela hanghang.+ 14 Jesu a laela monna eo hore a se ke a bolella mang kapa mang. A re ho yena: “Tsamaya o ye ho moprista a o bone mme o etse dinyehelo tseo Moshe a itseng di etswe e le hore o hlweke,+ hore e be bopaki ho baprista.”+ 15 Empa dintho tseo Jesu a di entseng tsa tsebahala le ho feta. Ka hoo, batho ba bangata ba tla ho yena ho tla mo mamela le hore ba phekolwe mafu.+ 16 O ne a tlwaetse ho ya moo a leng mong hore a yo rapela.
17 Ka letsatsi le leng ha a ntse a ruta, mesuwe ya Molao le Bafarisi ba tswang Jerusalema le metseng yohle ya Galilea le Judea ba ne ba dutse moo. Jehova* o ne a mo file matla a hore a fodise batho.+ 18 Ho ne ho ena le monna e mong ya shweleng ditho ya neng a kakasitswe ke batho ka lempara. Ba ile ba leka ho mo kenya ka tlung le ho mo beha ka pela Jesu+ 19 empa ba ne ba sa kgone hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Ka hoo, ba hlwella ka hodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela tlase ka lempara ba mo beha ka pela Jesu. 20 Ha Jesu a bona ka moo ba nang le tumelo ka teng a re: “Monna heso, o tshwaretswe dibe.”+ 21 Bangodi le Bafarisi ba re: “Ke mang enwa ya nyefolang? Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”+ 22 Ka ha Jesu o ne a tseba hore na ba nahanang, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le nahana dintho tse jwalo? 23 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re: ‘O tshwaretswe dibe’ kapa ho re: ‘Ema o tsamaye’? 24 Empa e le hore le tsebe hore Mora motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng . . . ” a re ho motho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena, ema o nke lempara la hao o ye hae.”+ 25 A ema hanghang ba ntse ba mo shebile, a nka lempara la hae a ya hae a ntse a rorisa Modimo. 26 Batho bohle ba hlollwa haholo yaba ba qala ho tlotlisa Modimo ba re: “Re qala ho bona ntho e tjena!”
27 Ka mora moo, a tsamaya yaba o bona mmokelli wa lekgetho ya bitswang Levi a dutse ofising ya lekgetho. A re ho yena: “Eba molatedi wa ka.”+ 28 A siya ntho e nngwe le e nngwe a ema yaba o a mo latela. 29 Levi o ne a mo etseditse mokete o moholo ha hae. Ho ne ho ena le babokelli ba lekgetho ba bangata le batho ba bang ba dutseng ha mmoho tafoleng ba ja.+ 30 Yaba Bafarisi le bangodi ba bona ba qala ho korotlela barutuwa ba hae ba re: “Ke hobaneng ha le ja le bile le nwa le babokelli ba lekgetho le baetsadibe?”+ 31 Jesu a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.+ 32 Ha ke a tlela batho ba lokileng, ke tletse ho phehella baetsadibe hore ba bake.”+
33 Ba re ho yena: “Barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba atisa ho itima dijo ebile ba etsa dithapelo tse matla empa ba hao ba a ja ebile ba a nwa.”+ 34 Jesu a re ho bona: “Na metswalle ya monyadi e na le lebaka la ho itima dijo ha monyadi a ntse a ena le yona? 35 Ho na le nako eo monyadi+ a tla tloswa ho metswalle ya hae, jwale ke hona e tla itima dijo.”+
36 A boela a etsa papiso a re: “Ha ho motho ya sehang lesela seaparong se setjha ebe o le rokella ho sa kgale. Haeba a ka etsa jwalo, lesela le letjha le tla tabola seaparo sa kgale ebile ha le na ho tshwana le lesela la seaparo sa kgale.+ 37 Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha ka makukeng* a kgale a veine. Ha a ka etsa jwalo, veine e tla phatlola makuka ao e qhalane ebe a a senyeha. 38 Empa veine e ntjha e tshelwa ka makukeng a veine a matjha. 39 Ha ho motho ya ka batlang veine e ntjha ka mora ho nwa ya kgale hobane o re: ‘Ya kgale e monate.’”