LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Baahlodi 16
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Baahlodi

      • Samsone o Gaza (1-3)

      • Samsone le Delila (4-22)

      • Samsone o a iphetetsa mme o a shwa (23-31)

Baahlodi 16:4

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 16:18

Baahlodi 16:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “latelle.”

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 14:15

Baahlodi 16:8

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “mesifa ya phoofolo.”

Baahlodi 16:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 15:14

Baahlodi 16:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 16:9

Baahlodi 16:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 16:7, 11

Baahlodi 16:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “empa pelo ya hao e se ho nna?”

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 14:16
  • +Bhl 16:7, 11, 13

Baahlodi 16:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 14:17

Baahlodi 16:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Lehare ha le eso fete hloohong ya ka.”

  • *

    Ka Seheberu: “ke tswa popelong ya mme wa ka.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 6:5; Bhl 13:5, 7

Baahlodi 16:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 16:5

Baahlodi 16:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 16:9, 12, 14

Baahlodi 16:21

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Baahlodi 16:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 13:5

Baahlodi 16:23

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 5:4

Baahlodi 16:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 15:4, 5
  • +Bhl 15:7, 8, 15, 16

Baahlodi 16:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Heb 11:32
  • +Bhl 14:5, 6, 19; 15:14
  • +Bhl 16:21

Baahlodi 16:30

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 16:27
  • +Bhl 14:19; 15:7, 8, 15, 16

Baahlodi 16:31

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 13:2
  • +Bhl 13:8
  • +Bhl 2:16; 15:20

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Baahl. 16:4Bhl 16:18
Baahl. 16:5Bhl 14:15
Baahl. 16:9Bhl 15:14
Baahl. 16:12Bhl 16:9
Baahl. 16:13Bhl 16:7, 11
Baahl. 16:15Bhl 14:16
Baahl. 16:15Bhl 16:7, 11, 13
Baahl. 16:16Bhl 14:17
Baahl. 16:17Nu 6:5; Bhl 13:5, 7
Baahl. 16:18Bhl 16:5
Baahl. 16:20Bhl 16:9, 12, 14
Baahl. 16:22Bhl 13:5
Baahl. 16:231Sa 5:4
Baahl. 16:24Bhl 15:4, 5
Baahl. 16:24Bhl 15:7, 8, 15, 16
Baahl. 16:28Heb 11:32
Baahl. 16:28Bhl 14:5, 6, 19; 15:14
Baahl. 16:28Bhl 16:21
Baahl. 16:30Bhl 16:27
Baahl. 16:30Bhl 14:19; 15:7, 8, 15, 16
Baahl. 16:31Bhl 13:2
Baahl. 16:31Bhl 13:8
Baahl. 16:31Bhl 2:16; 15:20
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Baahlodi 16:1-31

Baahlodi

16 Ka nako e nngwe, Samsone a ya Gaza yaba o bona mosadi wa letekatse moo mme a ya ntlong ya hae. 2 Bagaza ba fumana tlaleho ya hore Samsone o teng. Ba potapota motse oo a neng a le ho wona mme ba mo lalla bosiu kaofela keiting ya motse. Ba thola bosiu kaofela mme ba ipolella ba re: “Hang ha e eba hoseng, re tla mo bolaya.”

3 Samsone a robala ho fihlela hara mpa ya bosiu yaba o a tsoha mme o ntsha mamati a keiti ya motse le dipalo tse pedi tse e tsheheditseng. A di jara mme a nyolohela hodima thaba e shebaneng le Hebrone.

4 Ka mora moo, a kgahlwa ke mosadi e mong Kgohlong* ya Soreke mme lebitso la mosadi eo e ne e le Delila.+ 5 Marena a Bafilista a tla ho yena mme a re: “Mo qhekelle*+ e le hore a o bolelle hore na o fumana matla a hae a maholo hokae le hore na re ka mo tlama jwang mme ra mo hlola. Ha o ka re etsetsa sena, e mong le e mong wa rona o tla o fa dikotwana tsa silevera* tse 1 100.”

6 Ha morao Delila a re ho Samsone: “Ke kopa o mpolelle hore na matla a hao a maholo a tswa hokae le hore na o ka tlangwa ka eng e le hore o hlolwe.” 7 Samsone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dithapo tse supileng tse ntjha tse eso omiswe, ke tla fokollwa ke matla mme ke be jwalo ka banna ba bang.” 8 Ka hoo, marena a Bafilista a tlisetsa mosadi eo dithapo* tseo tse supileng mme a tlama Samsone ka tsona. 9 Yaba ba lalla Samsone ka kamoreng e ka hare. Mosadi eo a mo hweletsa a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Yaba o kgaola dithapo tseo ha bonolo feela jwalo ka kgwele ya folakse* ha e utlwa mollo.+ Ha ho motho ya ileng a tseba hore na matla a hae a tswa hokae.

10 Ka mora moo, Delila a re ho Samsone: “O bapetse ka nna mme o mpolelletse leshano. Jwale ke kopa o mpolelle hore na o ka tlangwa ka eng.” 11 Yaba o re ho yena: “Haeba ba ntlama ka dithapo tse ntjha tse eso sebetse, ke tla fellwa ke matla ke be jwalo ka monna e mong le e mong.” 12 Delila a nka dithapo tse ntjha a mo tlama ka tsona yaba o a mo hweletsa o re: “Samsone, Bafilista ke bao!” (Ka nako eo ba ne ba ntse ba mo lalletse ka kamoreng e ka hare.) Yaba o kgaola dithapo tseo jwalo ka dikgwele matsohong a hae.+

13 Ka mora moo, Delila a re ho Samsone: “Le hona jwale o ntse o bapala ka nna mme o mpolella leshano.+ Mpolelle hore na o ka tlangwa ka eng.” Jwale Samsone a re ho yena: “Ke ha o ka loha moriri wa ka dithapo tse supileng ka kgwele e lohang.” 14 Ka hoo, a di tiisa ka phini mme a hweletsa Samsone a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Ka hoo, a tsoha mme a ntsha phini eo le kgwele e rokang.

15 Delila a re ho yena: “Ke hobaneng ha o re o a nthata+ empa o sa ntshepe?* O bapetse ka nna ka makgetlo ana a mararo mme ha o eso mpolelle hore na matla ana a hao a maholo a tswa hokae.”+ 16 Ka ha o ne a mo phehella le ho mo tshwenya letsatsi le letsatsi, o ile a fela pelo.+ 17 Qetellong Samsone a bolella Delila se ka pelong ya hae a re: “Ho hang ha ke eso kute moriri wa ka* hobane ke hlahile* ke le Monazari wa Modimo.+ Ha nka kuta, matla a ka a tla fela mme ke tla fokola ke be jwalo ka banna ba bang kaofela.”

18 Ha Delila a bona hore o mo boleletse sohle se ka pelong ya hae, ka potlako a bitsa marena a Bafilista+ a re: “Tloong hobane lekgetlong lena o mpoleletse se ka pelong ya hae.” Ka hoo, marena a Bafilista a tla ho Delila a tshwere tjhelete. 19 Delila a robatsa Samsone mangoleng a hae. Yaba o bitsa monna e mong hore a tlo mo kuta dithapo tse supileng tse hloohong. Ka mora moo, a kgona ho mo laola hobane matla a hae a ne a fedile. 20 Delila a mo hweletsa a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” A tsoha mme a re: “Ke tla tswa mme ke phonyohe jwalo ka makgetlo a mang.”+ Empa o ne a sa tsebe hore Jehova o mo tlohetse. 21 Ka hoo, Bafilista ba mo tshwara mme ba mo ntsha mahlo. Yaba ba mo theolela Gaza ba mo tlama ka diketane tse pedi tsa koporo. Ya eba yena motho ya silang koro* teronkong. 22 Empa moriri wa hae o ile wa qala ho hola hape ka mora hore a kutwe.+

23 Marena a Bafilista a bokana ha mmoho ho keteka le ho etsetsa modimo wa ona Dagone+ sehlabelo se seholo ka ha a ne a re: “Modimo wa rona o re thusitse ho hlola sera sa rona e leng Samsone.” 24 Ha batho ba mo bona, ba rorisa modimo wa bona mme ba re: “Modimo wa rona o re thusitse ho hlola sera sa rona, se hlorisitseng naha ya rona+ le ho bolaya ba bangata ba rona.”+

25 Ba ne ba thabile hoo ba ileng ba re: “Tlisang Samsone hore a tlo re qabola.” Ka hoo, ba ntsha Samsone teronkong e le hore a tlo ba thabisa yaba ba mo emisa pakeng tsa dipilara. 26 Jwale Samsone a re ho moshanyana ya neng a mo tshwere ka letsoho: “Ere ke tshware dipilara tse tsheheditseng ntlo e le hore nka itshetleha ka tsona.” 27 (Ntlo eo e ne e tletse banna le basadi. Marena ohle a Bafilista a ne a le moo mme marulelong ho ne ho ena le banna le basadi ba 3 000 ba shebeletseng ha Samsone a ntse a qabola batho.)

28 Jwale Samsone+ a hweletsa ho Jehova a re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke kopa o nkgopole mme o mmatlafatse.+ Modimo wa ka, ke kopa o nthuse lekgetlong lena feela hore ke iphetetse ho Bafilista bonyane bakeng sa leihlo le le leng ho a mabedi ao ba a ntshitseng.”+

29 Yaba Samsone o itshwarella ka dipilara tse pedi tse mahareng tse neng di tsheheditse ntlo, jwale a itshetleha ka tsona a tshwere e nngwe ka letsoho le letona mme e nngwe ka letsoho le letshehadi. 30 Samsone a hweletsa a re: “Ere ke shwe le Bafilista!” Yaba o sutumetsa dipilara tseo ka matla a hae kaofela mme ntlo ya wela hodima marena le batho bohle ba neng ba le ka hara yona.+ Ka hoo, o ile a bolaya batho ba bangata ho feta bao a ba bolaileng ha a ntse a phela.+

31 Ha morao lelapa lohle la ntate wa hae le bana babo, ba lata setopo sa hae. Ba mo tlisa mme ba mo patela pakeng tsa Zora+ le Eshtaole, ka lebitleng la ntate wa hae Manowa.+ Samsone e bile moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse 20.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share