Exoda
40 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele o hlome tabernakele, e leng tente ya pokano.+ 3 O behe areka ya Bopaki ka hara yona+ mme o hake kgaretene+ ya sehalalelo hore e pate Areka. 4 O kenye tafole+ ka tabernakeleng mme o hlophise dintho tse dulang hodima tafole. O kenye le sedulwana sa lebone+ ebe o kgantsha mabone+ a sona. 5 Ka mora moo, o behe aletare ya kgauta ya dibano+ ka pela areka ya Bopaki mme o hake kgaretene ya monyako wa tabernakele.+
6 O behe aletare ya nyehelo ya setjheso+ ka pela monyako wa tabernakele, e leng tente ya pokano 7 mme o behe beisine pakeng tsa tente ya pokano le aletare, ebe o tshela metsi ka hara yona.+ 8 Jwale o etse lebala+ ho e potoloha mme o hake kgaretene+ ya keiti ya lebala. 9 Ka mora moo, o nke oli+ e halalelang* mme o tlotse tabernakele le dintho tsohle tse ka hara yona.+ O e halaletse ha mmoho le disebediswa tsohle tsa yona e le hore e be ntho e halalelang. 10 O tlotse aletare ya nyehelo ya setjheso le disebediswa tsohle tsa yona mme o halaletse aletare e le hore e be aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ 11 O tlotse beisine le sedulwana sa yona mme o e halaletse.
12 O tlise Arone le bara ba hae haufi le monyako wa tente ya pokano mme o ba hlatswe ka metsi.+ 13 O apese Arone diaparo+ tse halalelang, o mo tlotse+ o be o mo halaletse mme o tla sebeletsa e le moprista wa ka. 14 Ka mora moo, o tlise bara ba hae mme o ba apese diaparo tse telele.+ 15 O ba tlotse feela jwalo ka ha o tlotsitse ntate wa bona+ e le hore ba sebeletse e le baprista ba ka mme ho ba tlotsa ho bolela hore boprista e tla dula e le ba bona melokong yohle ya bona.”+
16 Moshe a etsa sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona.+ A fela a etsa jwalo.
17 Tabernakele e ile ya hlongwa+ ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi. 18 Ha Moshe a hloma tabernakele, o ile a beha ditshehetso+ tsa yona tse sekoti fatshe, a kenya diforeimi,+ a kenya dipalo+ tsa yona mme a emisa dipilara tsa yona. 19 A ala masela a tente+ ka hodima tabernakele mme a a kwahela ka masela a mang a kwahelang+ ka hodimo feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
20 Ka mora moo, a nka Bopaki+ mme a bo kenya ka Arekeng+ yaba o kenya dipalo+ masobeng a direng* tsa Areka mme a beha sekwahelo+ hodima Areka.+ 21 A kenya Areka ka hara tabernakele mme a haka kgaretene+ ya sehalalelo ho pata areka ya Bopaki+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
22 Hape a beha tafole+ ka ntle ho kgaretene ya sehalalelo ka lehlakoreng le ka leboya la tabernakele, e leng ka tenteng ya pokano. 23 A beha bohobe+ hodima tafole ka tsela eo bo lokelang ho dula ka yona ka pela Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
24 A beha sedulwana sa lebone+ ka pela tafole ka lehlakoreng le ka borwa la tabernakele, e leng ka tenteng ya pokano. 25 A kgantsha mabone+ ka pela Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
26 Ka mora moo, a beha aletare+ ya kgauta ka tenteng ya pokano ka pela kgaretene ya sehalalelo 27 e le hore a etse hore dibano+ tse nkgang ha monate di kubelle hodima yona+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
28 A haka kgaretene+ ya monyako wa tabernakele.
29 A beha aletare ya nyehelo ya setjheso+ monyakong wa tabernakele e leng tente ya pokano e le hore a ka etsa nyehelo ya setjheso+ le nyehelo ya dijo* ho yona feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
30 A beha beisine pakeng tsa tente ya pokano le aletare mme a tshela metsi ka hara yona bakeng sa ho itlhatswa maoto le matsoho.+ 31 Moshe le Arone le bara ba hae ba ne ba itlhatswa maoto le matsoho ho yona. 32 Neng kapa neng ha ba kena ka tenteng ya pokano kapa ba atamela aletare, ba ne ba itlhatswa+ maoto le matsoho, feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
33 Qetellong a kampela lebala+ ka masela ho potoloha tabernakele le aletare mme a haka kgaretene ya keiti ya lebala.+
Moshe a qeta mosebetsi. 34 Leru la kwahela tente ya pokano mme kganya ya Jehova ya tlala tabernakele.+ 35 Moshe o ne a sa kgone ho kena ka tenteng ya pokano hobane leru le ne le dutse hodima yona mme kganya ya Jehova e ne e tletse ka tabernakeleng.+
36 Ha leru le phahama hodima tabernakele, Baiseraele ba ne ba hlomolla ditente tsa bona, ba tloha moo ba leng teng mme ba ya sebakeng se seng.+ 37 Empa haeba leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa hlomolle ditente tsa bona ho fihlela letsatsing leo le phahamang ka lona.+ 38 Motshehare leru la Jehova le ne le eba hodima tabernakele mme bosiu mollo o ne o eba hodima yona. Baiseraele bohle ba ne ba bona leru le mollo ona maetong ohle a bona.+