Genese
11 Batho bohle ba lefatsheng ba ne ba bua puo e le nngwe ebile ba ena le pokello e le nngwe ya mantswe. 2 Ha ba ntse ba ya botjhabela, ba ile ba fihla thoteng ya naha ya Shinare+ yaba ba dula teng. 3 Ba buisana ba re: “Tloong, re etseng ditene re di bese ka mollo.” Ba sebedisa ditene ho ena le ho sebedisa majwe mme ba sebedisa sekontiri e le seretse. 4 Ba re: “A re ikaheleng motse le tora e fihlang mahodimong hore re tume e le hore re se ke ra hasanngwa lefatsheng lohle.”+
5 Jehova a theoha ho ya bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng. 6 Jehova a re: “Batho bana ke setjhaba se le seng ebile ba bua puo e le nngwe.+ Bona hore na ba etsang! Ba ke ke ba hloleha ho etsa letho leo ba batlang ho le etsa. 7 A re+ theohe mme re ferekanye puo ya bona e le hore ba se ke ba utlwana ha ba bua.” 8 Jehova a ba hasanya lefatsheng lohle+ mme butlebutle ba tlohela ho haha motse. 9 Ke ka lebaka leo motse oo o ileng wa bitswa Babele*+ hobane ke moo Jehova a ileng a ferekanya puo ya batho bohle* mme Jehova a hasanya batho lefatsheng lohle.
Sema o ne a le dilemo di 100 ha a eba le mora ya bitswang Arpakshade.+ E ne e le dilemo tse pedi ka mora Morwallo. 11 Ka mora hore Arpakshade a hlahe, Sema a phela dilemo tse 500 mme a ba le bara le baradi.+
12 Ha Arpakshade a le dilemo di 35, a ba le mora ya bitswang Shela.+ 13 Ka mora hore Shela a hlahe, Arpakshade a phela dilemo tse 403 mme a ba le bara le baradi.
14 Ha Shela a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Ebere.+ 15 Ka mora hore Ebere a hlahe, Shela a phela dilemo tse 403 mme a ba le bara le baradi.
16 Ha Ebere a le dilemo di 34, a ba le mora ya bitswang Pelege.+ 17 Ka mora hore Pelege a hlahe, Ebere a phela dilemo tse 430 mme a ba le bara le baradi.
18 Ha Pelege a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Reu.+ 19 Ka mora hore Reu a hlahe, Pelege a phela dilemo tse 209 mme a ba le bara le baradi.
20 Ha Reu a le dilemo di 32, a ba le mora ya bitswang Seruge. 21 Ka mora hore Seruge a hlahe, Reu a phela dilemo tse 207 mme a ba le bara le baradi.
22 Ha Seruge a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Nakore. 23 Ka mora hore Nakore a hlahe, Seruge a phela dilemo tse 200 mme a ba le bara le baradi.
24 Ha Nakore a le dilemo di 29, a ba le mora ya bitswang Tera.+ 25 Ka mora hore Tera a hlahe, Nakore a phela dilemo tse 119 mme a ba le bara le baradi.
26 Ka mora hore Tera a phele dilemo tse 70, o ile a ba le bara. Mabitso a bona e ne e le Abrame,+ Nakore+ le Harane.
27 Ena ke histori ya Tera.
Tera o ile a ba le bara ba bitswang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ya bitswang Lota.+ 28 Harane a shwella naheng ya Ure+ ya Bakalde+ moo a hlahetseng teng mme ntate wa hae Tera o ne a ntse a phela. 29 Abrame le Nakore ba ile ba nyala. Lebitso la mosadi wa Abrame e ne e le Sarai+ mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka,+ moradi wa Harane. Harane e ne e le ntate wa Milka le Iska. 30 Sarai o ne a sa kgone ho ba le bana.+
31 Tera a nka mora wa hae Abrame, ngwetsi ya hae Sarai mosadi wa Abrame le Lota setloholo sa hae,+ mora wa Harane. Ba tloha le yena Ure ya Bakalde ba ya naheng ya Kanana.+ Ka mora nako ba fihla Harane+ yaba ba dula teng. 32 Tera o ile a phela dilemo tse 205 yaba o shwella Harane.