Esaia
42 Bonang mohlanka wa ka,+ eo ke mo tshehetsang.
Mokgethwa wa ka+ ya nthabisang.+
Ke mo file moya wa ka.+
O tla tlisetsa ditjhaba toka.+
O tla tshepahala a be a tlise toka.+
4 A ke ke a nyahama kapa a kgathala ho fihlela a tlisitse toka lefatsheng,+
Baahi ba dihlekehleke ba tla nne ba letele molao* wa hae.
5 Ana ke mantswe a Modimo wa nnete, Jehova,
Mmopi wa mahodimo. Ke yena E Moholo ya a otlolotseng,+
Ya adileng lefatshe le ya bopileng dintho tsohle tse ho lona,+
Ya fang baahi ba lona moya o ba phedisang+
Le bophelo ho ba phelang ho lona:+
6 “Nna, Jehova, ke o bitsitse ka ho loka.
Ke o tshwere ka letsoho.
Ke tla o sireletsa mme ke fane ka wena hore o be selekane bakeng sa batho+
Hape o be lesedi la ditjhaba,+
7 Hore o tutubolle mahlo a foufetseng,+
O ntshe motshwaruwa teronkong e ka tlasa mohaho
Le hore ba dutseng lefifing o ba ntshe ka teronkong.+
8 Ke nna Jehova. Leo ke lona lebitso la ka.
9 Bonang, dintho tsa kgale di etsahetse,
Jwale ke bolela dintho tse ntjha.
Pele di hlaha, ke le bolella ka tsona.”+
10 Binelang Jehova pina e ntjha,+
Mo roriseng ka pina ho tloha dikgutlong tsohle tsa lefatshe,+
Lona ba sesisang dikepe lewatleng le dibopuwa tsohle tse ho lona,
Lona dihlekehleke le lona ba ahileng ho tsona.+
11 Lefeella le metse ya lona di ke di phahamise mantswe a tsona,+
Metsana eo Kedare+ e dulang ho yona.
Baahi ba dibaka tse mafika ba ke ba howe ka thabo.
Ba hweletse haholo ba le ka hodima dithaba.
13 Jehova o tla tswa jwalo ka mohale wa ntwa.+
O tla tshwana le mohlabani ya ikemiseditseng ho ya ntweng.+
O tla howa, a hlabe mokgosi wa ntwa,
O tla bontsha hore o matla ho feta dira tsa hae.+
14 “Esale ke kgutsitse ka nako e telele.
Ke thotse, ke ithibile.
Empa ke tla bobola, ke hemesele ke be ke fehelwe ka nako e le nngwe
Jwalo ka mosadi ya pepang.
15 Ke tla ripitla dithaba le maralla.
Ke etse hore dimela tsohle tsa tsona di ome.
Ke tla fetola dinoka dihlekehleke.*
Ke pshese matamo a metsi a nang le lehlaka.+
16 Ke tla tataisetsa difofu tseleng eo di sa e tsebeng.+
Ke tla etsa hore di tsamaye tseleng eo di sa e tlwaelang.+
Ke tsona dintho tseo ke tla di etsetsa difofu mme nke ke ka di tlohela.”
17 Ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng,
Ba reng ho diemahale tsa tshepe: “Le medimo ya rona”+
Ba tla kgutliswa mme ba swabe haholo.
19 Ke mang ya foufetseng haese mohlanka wa ka,
Ya sa utlweng ditsebeng jwalo ka moromuwa eo ke mo romang?
Ke mang ya foufetseng jwalo ka eo ke mo putsitseng,
Ya foufetseng jwalo ka mohlanka wa Jehova?+
20 O bona dintho tse ngata empa ha o di tsotelle.
O bula ditsebe empa ha o mamele.+
22 Empa batho bana ke ba tlatlapuweng le ba nketsweng thepa ka mahahapa,+
Kaofela ha bona ba tshwasitswe ka mekoting, ba kwaletswe teronkong.+
Ba tlatlapuwe, ha ho ya ba lopollang,+
Ba nketswe thepa ka mahahapa, ha ho ya reng: “Di kgutliseng!”
23 Ke mang hara lona ya tla utlwa taba ee?
Ke mang ya tla ela hloko, a mamele mme a ithute dintho tse tla etsahala nakong e tlang?
24 Ke mang ya nehetseng Jakobo hore e nkelwe thepa ka mahahapa
Le ya nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?
Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsweng?
Ntwa ya timetsa ntho e nngwe le e nngwe pela hae empa ha a ka a ela hloko.+
Mollo wa mo tukela empa ha ho letho leo a neng a le tebisetsa pelong.+