Jobo
33 Jobo ke kopa o mmamele,
O mamele dintho tsohle tseo ke tla di bua.
2 Ke kopa o mmamele,
Ho na le ntho eo ke lokelang ho o bolella yona.
5 O ka nkaraba haeba o kgona,
O ipuelle.
7 Ka hoo, ha o a lokela ho ntshaba,
Nke ke ka bua dintho tse tla o utlwisa bohloko.
8 Empa ke utlwile dintho tseo o neng o di bua
Ha o re,
O sheba ntho e nngwe le e nngwe eo ke e etsang.’+
12 Empa o fositse. Ka hoo, ke tla o araba:
Modimo o moholo haholo ho feta motho.+
13 Ke hobaneng ha o tletleba ka yena?+
Na ke hobane a sa o araba?+
14 Modimo o bua hangata
Empa batho ha ba mamele.
Ebe o etsa hore ba utlwe* ditaelo tsa hae
17 E le hore motho a tlohele ho etsa dintho tse mpe+
Le hore a se ke a ikgohomosa.+
18 Modimo o a mo sireletsa hore a se ke a wela sekoting,*+
O a mo pholosa e le hore a se ke a bolawa ka sabole.*
19 Ho na le ntho eo motho a ka ithutang yona ha a le betheng a kula
Ebile a opelwa ke masapo.
21 O ntse a ota
Le masapo a hae a a bonahala.
22 O haufi le ho ya sekoting,
O haufi le batho ba batlang ho mmolaya.
23 Haeba ho ena le moromuwa* a le mong,
Mmuelli a le mong ho ba sekete ya ka mo buellang
Mme a mo bolelle hore na ke eng e lokileng
24 Ebe Modimo o mo utlwela bohloko mme o re,
‘Mo pholoseng hore a se ke a wela sekoting.+
Ke fumane tsela ya ho mo lopolla.+
25 A ke a ntjhafale* ho feta ha a ne a le motjha.+
A boele a be matla jwalo ka botjheng ba hae.’+
26 O tla rapela Modimo+ mme o tla mo hauhela,
O tla thaba haholo ha a bona sefahleho sa Modimo
Mme Modimo o tla boela a mo nke e le motho ya lokileng.
27 Motho eo o tla re ho batho ba bang,*
‘Ke sentse se nepahetseng mme ke entse sebe+
Empa ha ke a fumana kahlolo e ntoketseng.*
29 Ka nnete Modimo o etsetsa motho dintho tsena
Ka makgetlo a mangata,
30 O etsa hore a se ke a wela sekoting
E le hore a nne a thabele ho phela.+
31 Mmamele Jobo, o mmamele ka hloko.
O thole mme ke tla nne ke bue.
32 Haeba ho ena le ntho eo o batlang ho e bua, e bue.
Bua hobane ke batla ho bontsha hore ha o na molato.
33 Haeba ho se na ntho eo o ka e buang o mmamele.
O thole mme ke tla o hlalefisa.”