Esaia
“O se ke wa tshoha hobane ke o lopolotse.+
Ke o bitsitse ka lebitso.
O wa ka.
Ha o tsamaya mollong, o ke ke wa tlaboha
Kapa hona hore lelakabe le o tlabole
3 Hobane ke nna Jehova Modimo wa hao,
Mohalaledi wa Iseraele, Mopholosi wa hao.
Ke fane ka Egepeta e le topollo bakeng sa hao
Le ka Ethiopia le Seba hore ke o fumane
Ka hoo, ke tla fana ka batho bakeng sa hao,
Le ditjhaba hore ke lopolle bophelo ba hao.
5 O se ke wa tshoha hobane ke na le wena.+
6 Ke tla re ho leboya, ‘Fana ka bona!’+
Le ho borwa, ‘O se ke wa hana ka bona.
Tlisa bara ba ka ho tswa hole le baradi ba ka ho tswa dikgutlong tsohle tsa lefatshe,+
7 Tlisa e mong le e mong ya bitswang ka lebitso la ka+
Le eo ke mo bopileng bakeng sa thoriso ya ka,
Eo ke mo bopileng le eo ke mo entseng.’+
8 Tlisang batho ba foufetseng le hoja ba ena le mahlo
Le ba sa utlweng ditsebeng le hoja ba ena le ditsebe.+
Ke mang hara tsona* ya ka bolelang dintho tsee?
Kapa na di ka etsa hore re utlwe dintho tsa pele?*+
Di ke di hlahise dipaki tsa tsona e le hore di ipake di nepile
Kapa di utlwe mme di re, ‘Ke nnete!’”+
10 Jehova o re: “Le dipaki tsa ka.+
E, wena o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng+
E le hore le tle le tsebe mme le be le tumelo ho nna*
Le hore le utlwisise hore ke nna ya tshwanang.+
Pele ho nna ha ho na Modimo ya ileng a etswa
Le ka mora ka ha ho eso be le e mong.+
11 Nna, ke nna Jehova+ mme ha ho na mopholosi ntle ho nna.+
12 Ke nna ya senotseng, ya pholositseng le ya phatlaladitseng
Ha ho ne ho se na modimo osele hara lona.+
Ka hoo, le dipaki tsa ka,” ke Jehova ya tjhong “mme ke nna Modimo.+
Ha ke nka kgato, ke mang ya ka nthibang?”+
14 Jehova, Molopolli wa lona,+ Mohalaledi wa Iseraele+ o re:
“Ke tla romela lebotho Babilona, ke dihe mekwallo yohle ya dikeiti molemong wa lona,+
Bakalde ba tla bokolla ke mahlomola+ ba le dikepeng tsa bona.
15 Ke nna Jehova Mohalaledi wa lona,+ Mmopi wa Iseraele,+ Morena wa lona.”+
16 Ana ke mantswe a Jehova,
Ya etsang tsela hara lewatle
Le tsela hara metsi a lwebehlanang,+
17 Ya tlisang kariki ya ntwa le pere,+
Lebotho ha mmoho le masole a matla:
“Ba tla robala mme ba ke ke ba tsoha.+
Ba tla fediswa, ba tingwe jwalo ka lebone la kgwele.
18 Le se ke la hopola dintho tsa kgale
Mme le se ke la nahana ka dintho tse fetileng.
Le hona jwale e a hlaha.
Na ha le e bone?
20 Sebata sa naha se tla ntlhompha,
Diphokojwe le dimpshe
Hobane ke fana ka metsi lefeelleng
Hape ke fana ka dinoka lehwatateng+
E le hore setjhaba sa ka, mokgethwa wa ka+ a nwe.
23 Ha o a ntlisetsa dinku tseo o tlo nketsetsa dinyehelo tse feletseng tsa setjheso ka tsona
Kapa hona ho ntlotlisa ka mahlabelo a hao.
Ha ke a o qobella hore o ntlisetse mpho
Kapa ka o kgathatsa ka ho o batla dibano tse tshweu.+
24 Ha o a nthekela lehlaka le nkgang ha monate ka tjhelete ya hao
Ebile ha o a nkgotsofatsa ka mafura a mahlabelo a hao.+
Ho ena le hoo, o nkimeditse ka dibe tsa hao,
Wa nkgathatsa ka diphoso tsa hao.+
25 Nna, ke nna ya lebalang diphoso tsa hao*+ molemong wa ka.+
Nke ke ka hopola dibe tsa hao.+
26 Nkgopotse, a re qosane.
Bolela lehlakore la hao e le hore o pake hore o nepile.