Jobo
Ke tshehwa ke banna ba banyenyane ho nna,
Bao ke neng nke ke ka dumela le hore bontate ba bona
Ba sale le dintja tse lebetseng mohlape wa ka.
2 Matla a bona a nthusitse kang?
Hona jwale a fedile.
3 Ha ba na matla ka lebaka la tlala
Le ho se fumane dintho tseo ba di hlokang.
Ba hlafuna ntho le ha e le efe eo ba e fumanang sebakeng se omeletseng le se senyehileng.
4 Ba kga semela sa letswai dihlahleng.
Dijo tsa bona ke metso ya difate tsa lefielo.
Batho ba ba leleka jwalo ka ha eka ke mashodu.
7 Ba lla ba le dihlahleng,
Ba bokana nqa e le nngwe hara dihlabahlabane.
9 Empa hona jwale ba ntshoma le dipineng tsa bona.+
Ke fetohile ditsheho* ho bona.+
10 Ba a nnyonya ebile ha ba batle ho kopana le nna.+
Ha ba tswafe le ho ntshwela ka mathe sefahlehong.+
11 Ka ha Modimo o entse hore ke se ke ka kgona ho itshireletsa* a ba a nkokobetsa,
Ba ntlhasela ka moo ba batlang ka teng.
12 Ba ntlhasela ba hlaha ka lehlakoreng le letona e le sehlopha.
Ba a ntelekisa
Ebile ba kwetse tsela ya ka e le hore ke hlahelwe ke tlokotsi.
14 Ba tla jwalo ka ha eka ba kena leboteng le bulehileng.
Ha ba nkgauhele le ha ke le mathateng.
15 Ke dula ke tshohile.
Seriti sa ka se fefohile jwalo ka moya
Le tshepo ya hore ke tla fumana thuso e nyametse jwalo ka maru.
18 Seaparo sa ka se sentswe hampe.*
Se nkgama jwalo ka kholloro ya seaparo sa ka.
19 Modimo o ntahletse seretseng.
O ntheoletse leroleng le moloreng.
20 Ke ntse ke kopa thuso ho wena empa ha o nthuse.+
Le ha ke tla ka pela hao o ntjheba feela.
22 O a mphahamisa ebe o etsa hore ke fefolwe ke moya.
O etsa hore ke bidike ka hara sefefo.*
23 Ke a tseba hore o tla mpolaya,
Ke ye sebakeng seo batho bohle ba tlo ya ho sona.
26 Le hoja ke ne ke lebelletse hore ho tla etsahala dintho tse ntle, ho etsahetse tse mpe.
Ke ne ke lebelletse kganya empa ho ile ha tla lefifi.
28 Ke tsamaya ke nyahame+ mme ha ke bone kganya ya letsatsi.
Ke ema ka pela setjhaba mme ke kopa thuso.
30 Letlalo la ka le letsho ebile le ebohile.+
Masapo a ka a a tjha.*