Kosepele ya Luka
18 Jesu o ne a batla ho ba ruta hore ba dule ba rapela+ le hore ba se ke ba nyahama yaba o ba etsetsa papiso o re: 2 “Motseng o mong ho ne ho ena le moahlodi ya sa hlompheng Modimo a bile a sa tshabe batho. 3 Ho ne ho boetse ho ena le mohlolohadi motseng oo. O ne a dula a ya ho moahlodi eo ebe o re ho yena: ‘Etsa bonnete ba hore nyewe ya ka e sebetswa ka toka.’ 4 Ho ile ha feta nako e telele a sa thuse mosadi eo empa ha morao a inahana a re: ‘Ke nnete ha ke hlomphe Modimo ebile ha ke tshabe batho 5 empa ka ha mohlolohadi enwa o dula a nkgathatsa, ke tla etsa bonnete ba hore nyewe ya hae e sebetswa ka toka e le hore a tlohele ho ntena.’”*+ 6 Jwale Jesu a re: “Na le a utlwa hore na moahlodi eo o itseng le hoja a sa loka? 7 Na Modimo le yena a ke ke a etsa bonnete ba hore toka e a phethwa bakeng sa bahlanka ba hae ba mo llelang bosiu le motshehare?+ O tla fela a etse jwalo le hoja a ena le mamello.+ 8 Ke a le tshepisa hore o tla etsa bonnete ba hore toka e phethwa ka potlako. Empa na ha Mora motho a tla o tla fumana batho ba nang le tumelo* lefatsheng?”
9 A boela a bua le batho ba bang ba neng ba itshepa, ba nka hore ba lokile ba bile ba dumela hore ba phahametse batho ba bang kaofela, a ba etsetsa papiso a re: 10 “Banna ba babedi ba ile ba nyolohela tempeleng ho ya rapela. E mong e ne e le Mofarisi, e mong e le mmokelli wa lekgetho. 11 Mofarisi a ema yaba o rapella ka pelong o re: ‘Modimo, ke a o leboha hore ebe ha ke tshwane le batho ba bang kaofela, ba kang mashodu, balotsana, ba febang kapa esita le mmokelli enwa wa lekgetho. 12 Ke itima dijo habedi ka beke ebile ke fana ka karolo ya leshome ya dintho tsohle tseo ke nang le tsona.’+ 13 Empa mokelli wa lekgetho o ne a emeletse hojana a bile a sa batle le ho sheba lehodimong. O ile a bontsha hore o swabile* a re: ‘Modimo, nkgauhele nna moetsadibe.’+ 14 Ke a le bolella, ho Modimo monna eo o ile hae e le motho ya lokileng ho feta Mofarisi yane.+ Hobane mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa empa mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”+
15 Batho ba tlisa bana ba bona ba banyenyane ho yena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuwa ba ba kgalemela+ ha ba bona ba etsa jwalo. 16 Empa Jesu a bitsetsa bana ba banyenyane ho yena a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho nna. Le se ke la leka ho ba thiba hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba tshwanang le bona.+ 17 Ka nnete ke re ho lona, mang kapa mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwalo ka ngwana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho ona.”+
18 Yaba mmusi e mong o re ho yena: “Mosuwe ya molemo, ke etseng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 19 Jesu a re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpitsa ya molemo? Ha ho na motho ya molemo haese Modimo feela.+ 20 O tseba ditaelo tsena: ‘O se ke wa bolaya,+ o se ke wa feba,+ o se ke wa utswa+ kapa wa fana ka bopaki ba bohata.+ O hlomphe ntate wa hao le mme wa hao.’”+ 21 Monna eo a re: “Haesale ke phetha ditaelo tsena ho tloha botjheng ba ka.” 22 Ha Jesu a utlwa a tjho jwalo a re ho yena: “Ho haella ntho e le nngwe ho wena: Tsamaya o rekise dintho tsa hao ebe o fa bafutsana tjhelete eo, jwale o tla ba le letlotlo lehodimong. Ka mora moo o tle o be molatedi wa ka.”+ 23 Ha a utlwa mantswe ao, a sarelwa ha bohloko hobane o ne a ruile haholo.+
24 Jesu a mo sheba yaba o re: “E tla ba ntho e thata hore barui ba kene Mmusong wa Modimo.+ 25 Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”+ 26 Batho ba neng ba mametse ba re: “Ebe ke mang ya ka pholohang?”+ 27 Jesu a re: “Dintho tse ke keng tsa kgoneha ho batho di a kgoneha ho Modimo.”+ 28 Empa Petrose a re: “Bona, re siile dintho tsa rona mme ra o latela.”+ 29 Jesu a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona, e mong le e mong ya siileng ntlo, mosadi, bana babo, batswadi kapa bana ka lebaka la Mmuso wa Modimo,+ 30 o tla fumana ho hongata le ho feta hona jwale ebe lefatsheng le letjha le tlang* o fumana bophelo bo sa feleng.”+
31 A nkela baapostola lekunutung yaba o re ho bona: “Re nyolohela Jerusalema mme dintho tsohle tseo baprofeta ba di ngotseng ka Mora motho di tla phethahala.+ 32 Mohlala, ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba,+ a songwe,+ a tshwelwe ka mathe le ho tshwarwa hampe.+ 33 Ba tla mo shapa ba be ba mo bolaye+ empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.”+ 34 Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa utlwisise dintho tsena hobane ba ne ba patetswe moelelo wa tsona.
35 Ha Jesu a atamela Jeriko, ho ne ho ena le monna e mong ya sa boneng ya dutseng pela tsela a ntse a kopa.+ 36 Ka ha o ile a utlwa letshwele le feta, a botsa hore na ho etsahalang. 37 Ba re ho yena: “Jesu wa Monazaretha o a feta.” 38 Yaba o a hweletsa o re: “Jesu Mora wa Davida, nkgauhele!” 39 Ba neng ba tsamaya ka pelepele letshweleng ba mo kgalemela ba re a thole empa a hweletsa le ho feta a re: “Mora wa Davida, nkgauhele!” 40 Jesu a ema a re monna eo a tliswe ho yena. Ha a se a atametse, Jesu a re ho yena: 41 “O batla ke o etsetseng?” Monna eo a re ho yena: “Morena, e re ke boele ke bone.” 42 Ka hoo, Jesu a re ho yena: “Mahlo a hao a ke a boele a bone, tumelo ya hao e o fodisitse.”+ 43 Hanghang a boela a bona mme a qala ho mo latela+ a rorisa Modimo. Ha batho bohle ba bona mohlolo oo, le bona ba rorisa Modimo.+