Ho Baefese
6 Bana, le mamele batswadi ba lona+ feela jwalo ka ha Morena a batla hobane ho etsa jwalo ho nepahetse. 2 Taelo ya pele e tsamayang le tshepiso ke ena: “Hlompha ntate wa hao le mme wa hao+ 3 e le hore dintho di o tsamaele hantle* le hore o phele nako e telele lefatsheng.” 4 Bontate, le se ke la halefisa bana ba lona+ empa le tswele pele ho ba hodisa ka ho ba kgalemela le ho ba tataisa+ ka tsela eo Jehova* a e batlang.*+
5 Basebeletsi, le hlomphe benghadi ba lona haholo+ mme le ba mamele ka dipelo tsohle jwalo ka ha le mamela Kreste. 6 Le se ke la etsa jwalo feela ha le shebilwe hobane le batla ho thabisa batho+ empa le etse jwalo hobane le le basebeletsi ba Kreste ba etsang thato ya Modimo ka moya* wohle.+ 7 Le ba sebeletse ka pelo yohle jwalo ka ha eka le sebeletsa Jehova*+ eseng batho. 8 Le a tseba hore Jehova* o tla fa e mong le e mong moputso bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo a e etsang,+ ho sa tsotellehe hore na ke lekgoba kapa ha se lona. 9 Lona benghadi, le tshware basebeletsi ba lona ka tsela e tshwanang, le se ke la ba tshosa hobane le a tseba hore Monga lona le Monga basebeletsi ba lona o lehodimong+ mme ha a leeme.*
10 Ke qetella ka ho re ho lona, le nne le matlafatswe ke Morena ka matla a hae a maholo.+ 11 Aparang dihlomo tsohle tsa ntwa+ tse tswang ho Modimo e le hore le kgone ho ema le tiile maqiting a Diabolose. 12 Ha re lwane+ le batho ba nama le madi empa re lwana le bademona ba lehodimong, mebuso le balaodi ba laolang lefatshe lena le lefifing.+ 13 Ka lebaka lena, nkang dihlomo tsohle tsa ntwa tse tswang ho Modimo+ e le hore le ka kgona ho itshireletsa ha sera sa lona se le hlasela* le hore le eme le tiile ha le se le lokisitse dintho tsohle.
14 Le eme le tiile, le itlamme matheka ka lebanta la nnete,+ le apare tshireletso ya sefuba e leng boitshwaro bo botle.+ 15 Le rwale dieta, e leng ditaba tse monate tsa kgotso+ tseo le itokiseditseng ho di phatlalatsa. 16 Ntle le moo, le nke thebe e kgolo ya tumelo+ eo ka yona le tla kgona ho tima metsu yohle e tukang ya ya kgopo.+ 17 Hape le rwale helmete ya poloko,+ le nke le sabole ya moya e leng lentswe la Modimo.+ 18 Le dule le rapela ka dinako tsohle le susumetswa ke moya wa Modimo,+ le etse dithapelo tsa mefuta yohle+ le dithapelo tse matla. E le hore le kgone ho etsa jwalo, le dule le fadimehile mme le etsetse badumedi* kaofela dithapelo tse matla hangata. 19 Hape le nthapelle hore ha ke bula molomo ke bue mantswe a nepahetseng e le hore ke kgone ho bua ka sebete ka lekunutu le halalelang la ditaba tse monate.+ 20 Ke moromuwa+ wa Modimo ya kentsweng teronkong ya bolelang ditaba tsena tse monate. Ke kopa hore le nthapelle hore ke di bolele ka sebete jwalo ka ha ke tlamehile.
21 Tikikase+ ngwanabo rona eo re mo ratang le ya sebeletsang Morena ka botshepehi o tla le bolella ntho e nngwe le e nngwe e le hore le tsebe hore na ho etsahalang ka nna le hore na ke ntse ke ya jwang.+ 22 Ke mo roma ho lona ka morero wa hore a le bolelle hore na re ntse re ya jwang le hore a le tshedise.
23 E se eka bana ba bo rona ba ka ba le kgotso, lerato le tumelo e tswang ho Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste. 24 E se eka Modimo a ka ba mosa* ho bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng.