Lengolo la Jakobo
2 Bana beso, ho tla jwang hore ebe le ntse le kgetholla batho ba bang le ha le se le ena le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste ya phahamisitsweng?+ 2 Ha motho ya rwetseng direng tsa kgauta, ya apereng diaparo tse ntle haholo a tla sebakeng seo le kopanetseng ho sona ebe hape ho tla mofutsana ya apereng diaparo tse ditshila, 3 na le tla re ho ya apereng diaparo tse ntle, “Dula mona setulong se setle,” ebe le re ho ya futsanehileng, “Wena o nne o eme jwalo” kapa “Dula fatshe pela maoto a ka”?+ 4 Na ha le etsa jwalo ha le kgethollane+ ebile na ha le fetohe baahlodi ba etsang diqeto tse kgopo?+
5 Mamelang bana beso bao ke ba ratang. Modimo o kgethile batho bao lefatshe le ba nkang ba futsanehile hore e be barui tumelong+ le hore e be majalefa a Mmuso wa hae oo a o tshepisitseng batho ba mo ratang.+ 6 Le tlotlolotse bafutsana. Na barui ha se bona ba le hatellang+ le ba le isang makgotleng? 7 Na ha se bona ba nyefolang lebitso le hlomphehang leo le bitswang ka lona? 8 Haeba le mamela molao o moholo wa Morena o reng, “O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata,”+ le etsa hantle. 9 Haeba le tswela pele ho kgetholla batho ba bang,+ le etsa sebe, le molao o a paka hore le molato.*+
10 Ha motho a mamela Molao wohle empa a tlola taelo e le nngwe feela, o tlotse Molao wohle.+ 11 Ya behileng molao o reng, “O se ke wa feba,”+ o ile a boela a re, “O se ke wa bolaya.”+ Le haeba o sa febe empa o bolaya, o tlola molao. 12 Le dule le bua le ho etsa dintho jwalo ka batho ba tlo ahlolwa ka molao o fang batho bolokolohi.+ 13 Motho ya se nang mohau a ke ke a hauhelwa ha a ahlolwa.+ Mohau o moholo ho feta kahlolo.
14 Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo empa a sa e bontshe ka diketso?+ Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa?+ 15 Haeba ho ena le bana ba bo lona ba se nang diaparo kapa letsatsi le leng le le leng ba se na dijo tse lekaneng 16 ebe e mong wa lona o re ho bona, “Tsamayang ka kgotso le futhumale mme le kgore,” ho thusang haeba a sa ba fe dintho tseo ba di hlokang?+ 17 Ho a tshwana le ka tumelo, ha e sa bontshwe ka diketso e shwele.+
18 Le ha ho le jwalo, motho e mong o tla re: “O na le tumelo, nna ke na le mesebetsi. Mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.” 19 O a dumela hore ho na le Modimo a le mong akere? O etsa hantle. Empa le bademona ba a dumela hore ho jwalo ebile ba a mo tshaba.+ 20 Wena motho ya se nang kelello, na ha o tsebe hore tumelo e se nang mesebetsi ha e na thuso? 21 Ntate wa rona Abrahama o ile a nkwa a lokile ka lebaka la mesebetsi ya hae, ka mora hore a behe mora wa hae Isaka aletareng.+ 22 O ile a bontsha ka diketso hore o na le tumelo, diketso tsa hae di ile tsa bontsha hore tumelo ya hae ke ya nnete.+ 23 Lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a bontsha tumelo ho Jehova* mme o ile a nkwa e le motho ya lokileng”+ yaba o bitswa “motswalle wa Jehova.”*+
24 Ka hoo, motho o nkwa a lokile ka lebaka la diketso tsa hae eseng ka lebaka la tumelo feela. 25 Rahaba wa letekatse le yena o ile a nkwa a lokile ka lebaka la diketso tsa hae ka mora hore a amohele baromuwa ha hae le ho ba thusa hore ba balehe.+ 26 Feela jwalo ka ha mmele o se nang moya* o shwele,+ le tumelo e se nang mesebetsi e shwele.+